Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA LI ENTSOE?

Lisele Tsa Kutlo Tse Lethoethoe Tsa Tsie

Lisele Tsa Kutlo Tse Lethoethoe Tsa Tsie

LITSIE li fofa ka sehlopha se seholo hoo li ka koahelang sebaka sa “lisekoere k’hilomithara tse limilione tse 80.” Leha ho le joalo, ha li thulane. Li thusoa ke’ng?

Ak’u nahane: Ka mor’a leihlo ka leng la tsie ho na le lisele tsa kutlo tse lethoethoe tse bitsoang lobula giant movement detector (LGMD). Ha ho bonahala eka li tla thulana, lisele tsena li isa molaetsa mapheong le maotong a litsie ’me seo se etsa hore ka potlako litsie li qobe ho thulana. Ha e le hantle, li etsa sena ka lebelo le fetang la ho panya ha leihlo ka makhetlo a mahlano.

Ba khahliloe ke leihlo la tsie le lisele tsa eona tsa kutlo, bo-rasaense ba se ba entse liroboto tse itsamaisang tse laoloang ke k’homphieutha, tse sa hlokeng mechine e nang le mahlaseli a sa bonahaleng le mechine e bontšang hore na liroboto tseo li hokae ’me liroboto tseo li khona ho qoba ho thula lintho. Bafuputsi ba sebelisa theknoloji eo likoloing ’me likoloi li na le ntho e li lemosang esale pele e le hore li khone ho qoba ho thula. Moprofesa Shigang Yue oa Univesithi ea Lincoln e United Kingdom, o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona likokoanyaneng tse sa reng letho tse kang litsie.”

U nahana’ng ka see? Na lisele tsa kutlo tse lethoethoe tsa tsie li bile teng ka ho iphethola ha lintho? Kapa na li entsoe?