Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | MASSIMO TISTARELLI

Setsebi sa Liroboto se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Liroboto se Hlalosa Tumelo ea Sona

Moprofesa Massimo Tistarelli, ke rasaense Univesithing ea Sassari, Italy. Ke e mong oa bahlophisi ba limakasine tse tharo tsa machaba tsa saense, ’me o ngotse likoranta tsa saense tse fetang lekholo ka kopanelo le bo-rasaense ba bang. O etsa phuputso ea hore na batho ba khona joang ho hopola chebahalo ea lifahleho tsa ba bang le ho etsa lintho tse bonahalang li tloaelehile tse kang ho kapa bolo. Ebe joale o etsa liroboto tse nang le bokhoni ba ho bona—ka tsela e tšoanang le ea batho. Tsoha! e ile ea mo botsa ka tumelo ea hae le ka mosebetsi oa hae joaloka rasaense.

Na u hōtse u le molumeli?

Batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike, empa ho se mohla ba eang kerekeng. Joaloka mocha, ke ile ka sekamela thutong ea hore Molimo ha a eo. Ke ne ke rutiloe hore lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho, ’me ke ne ke nka hore seo ke ’nete. Le hoja ke ne ke sa lumele hore ho na le ’Mōpi, ke ne ke nahana hore ho na le ntho e ’ngoe e re phahametseng. E le hore ke fumane hore na ntho ena ke eng, ke ile ka ea bolumeling ba Bobuddha, Bohindu le Botao, empa lithuto tsa bona li ne li sa nkhotsofatse.

Ke eng se ileng sa etsa hore u rate saense?

Ho tloha bongoaneng, ke ne ke rata mechine haholo. Ke ne ke boetse ke tloaetse ho qhaqha lintho tsa ka tsa ho bapala tse sebetsang ka motlakase ebe kea li kopanya hape. Kaha Ntate e ne e le moenjiniere oa mekhoa ea puisano, ke ne ke mo hloma lipotso ka hore na li-ea-le-moea le lithelefono li sebetsa joang.

Mosebetsi oa hao o ne o akarelletsa’ng joaloka rasaense?

Ke ithutile boenjiniere ba lisebelisoa tsa elektronike Univesithing ea Genoa, eaba ke etsa lipatlisiso ka ho ntlafatsa tsela eo liroboto li sebetsang ka eona. Ntho eo ke neng ke ithutetse eona ka ho khetheha ke ho hlahloba tsela eo leihlo la motho le sebetsang ka eona le ho etsisa mokhoa oo ha re etsa liroboto.

Ke hobane’ng ha u ile ua thahasella tsela eo mahlo a rōna a sebetsang ka eona?

Tsela eo mahlo a rōna a sebetsang ka eona e rarahane haholo  hobane hase taba ea ho bona feela—empa e akarelletsa le ho hlalosa seo re se bonang. Ka mohlala, nahana ka se etsahalang ha u kapa bolo. Ha u mathela bolo eo hore u khone ho e kapa, lense ea leihlo la hao e fetisetsa setšoantšo seo karolong ea leihlo e bitsoang retina. Tsela eo setšoantšo seo se tla feta ka eona ho retina, e itšetlehile ka lebelo la bolo le tsela eo leihlo la hao le tsamaeang ka eona. Ke ’nete hore, ka tloaelo u tsepamisa leihlo la hao bolong. Joale setšoantšo sa eona sea ema ka har’a retina ea hao ebe sebaka seo bolo e leng ho sona sea “tsamaea.”

Ka nako e tšoanang, mahlo a hao a khona ho bona hore na bolo e tsamaea ka lebelo le lekae le hore na e lebile hokae. Ntho e hlollang ke hore ho lekanya hoo ho qala ka har’a retina, ha mahlo a hao a lekanya lebelo leo bolo e tsamaeang ka lona ho latela sebaka seo e leng ho sona. Mothapo oa hao oa kutlo o fetisetsa melaetsa e tsoang ho retina bokong ba hao, ’me boko bo bala boitsebiso boo le ho u lebisa bolong. Ketsahalo ena eohle e rarahane ka tsela e hlollang.

Ke’ng e ileng ea u susumeletsa ho lumela ho ’Mōpi?

Ka 1990, ke ile ka lula likhoeli tse ’maloa Dublin, Ireland, ke etsa liphuputso k’holejeng ea Trinity. Ha ’na le mosali oa ka Barbara re khutlela lapeng, re ile ra nahana ka bokamoso ba bana ba rōna. Re ile ra boela ra etsa qeto ea ho etela ausi oa ka eo e leng Paki ea Jehova. O ile a mpha buka e hatisitsoeng ke Lipaki, e reng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ke ile ka khahloa ke kamoo ho entsoeng lipatlisiso ka hloko kateng bukeng ena. Kapele feela, ke ile ka elelloa hore ke amohetse thuto ea ho iphetola ha lintho ke sa ka ka batla bopaki bo e tšehetsang. Ka mohlala, ke ne ke nahana hore thuto ea ho iphetola ha lintho e tšehetsoa ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale. Empa ha ho joalo. Ha e le hantle, ha ke ntse ke hlahloba thuto ena, ke ile ka kholiseha le ho feta hore hase thuto e thehiloeng linneteng empa ke thuto ea batho feela ba sebelisang puo e bohlale.

Ke ile ka nahana ka mosebetsi oa ka oa ho etsa liroboto. Ke ile ka ipotsa hore na ke etsisa mosebetsi oa mang?

Joale ke ile ka nahana ka mosebetsi oa ka oa ho etsa liroboto. Ke ile ka ipotsa hore na ke etsisa mosebetsi oa mang? Ke ne nke ke ka etsa roboto e khonang ho kapa bolo joaloka rōna. Roboto e ka etsoa hore e khone ho kapa bolo, empa e ka khona ho etsa joalo hafeela e laoloa ka tsela e loketseng. E ke ke ea etsa lintho tseo e sa kenngoang litaelo tsa hore e li etse. Bokhoni ba rōna ba ho ithuta bo phahametse hōle ba mechine e entsoeng ke batho! Ntlha ena ke e ’ngoe ea lintlha tse ngata tse ileng tsa etsa hore ke etse qeto ea hore e tlameha ebe ho na le motho ea re bōpileng.

Ke hobane’ng ha u ile ua ba Paki ea Jehova?

Le leng la mabaka ke hore ’na le Barbara re ile ra rata mokhoa o tsoileng matsoho oo Lipaki li ithutang ka oona. Ke ile ka khahloa haholo ke lipatlisiso tse etsoang likhatisong tsa bona. Lipatlisiso tse nang le motheo li khahla haholo batho ba tšoanang le ’na ba ratang ho hlahlobisisa makolopetso a taba hantle. Ka mohlala, ke ile ka rata haholo boprofeta bo bongata ba Bibele kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Ho ithuta ka boprofeta boo ho ile ha nkholisa hore ruri Bibele e tsoa ho Molimo. Ka 1992, ’na le Barbara re ile ra kolobetsoa ’me ra ba Lipaki Tsa Jehova.

Na ho ithuta saense ho fokolisitse tumelo ea hao?

Le hanyenyane, ho e-na le hoo ho matlafalitse tumelo ea ka. Ka mohlala, nahana kamoo re khonang ho lemoha lifahleho tsa batho kateng. Lesea le ka khona ho etsa sena ka mor’a lihora tse ’maloa fela le hlahile. ’Na le uena re ka lemoha ka potlako motho eo re mo tsebang esita leha a le har’a batho ba bangata. Re ka ba ra khona ho lemoha le tsela eo a ikutloang ka eona. Empa e ka ’na eaba ha re hlokomele ho hang hore bokhoni bona ba ho lemoha motho bo akarelletsa ho fetisoa ha boitsebiso bo bongata haholo ka lebelo le hlollang.

Ka sebele, ke kholisehile hore bokhoni ba rōna ba ho bona ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova Molimo. Limpho tsa hae tse akarelletsang Bibele, li ntšusumeletsa ho mo leboha le ho bolella ba bang ka eena. Ha e le hantle, ke nahana hore ke ntho e loketseng hore re tlotlise Molimo ka lebaka la mesebetsi ea hae.