Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 TSA MONA LE MANE

Tsa Mona le Mane

Iseraele

Tlaleho ea Haaretz.com e re, bana “ba hlahileng ba e-na le kholofalo eo lingaka li ka beng li e bone pele ba tsoaloa” ha ba sa tla khona ho qosa ba boholong lefapheng la tsa bongaka ka “hore ebe ba tlohetsoe hore ba phele.” Leha ho le joalo, batsoali ba ka qosa lingaka ka hore ebe li “lumeletse bana bao ho tsoaloa” e le hore ba buseletsoe “litšenyehelo tse eketsehileng tsa ho hōlisa ngoana ea nang le bokooa le ho mo hlokomela ka lintho tseo a li hlokang bophelo bohle ba hae.”

Australia

Australia, baratani ba robeli ho ba leshome ba lula hammoho ba sa nyalana.

Greece

Lipalo-palo tse entsoeng ke Lefapha la Bophelo la Greece, li bontša hore likhoeling tse hlano tse qalang ka 2011, palo ea batho ba ipolaeang ­Greece e ile ea phahama ka liphesente tse 40 ha e bapisoa le ea likhoeli tse tšoanang ka 2010. Palo eo e ile ea phahama ha moruo o ne o putlama ka 2011.

United States

Ho ea ka Natural Resources Defense Council, lijo tse ka etsang karolo ea 40 lekholong lia senngoa United States. Ka mohlala, ho hakanngoa hore lijo tse etsang karolo ea 7 lekholong ha li kotuloe, karolo ea 17 lekholong ea lijo tse phehoang lireschorenteng ha li jeoe le hore malapa a lahla hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea lijo tseo ba li rekang.

Madagascar

Morao tjena Madagascar, ho sa tsoa fumanoa lempetje le lenyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. Mampetje a mang a ka ba boholo ba limilimithara tse 29, ’me a ka khona ho lula lenaleng la motho. Kaha libaka tseo a lulang ho tsona li kotsing ea ho felisoa, liphoofolo tsena li kotsing ea ho fela.