Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Chelete

Chelete

Na chelete ke motso oa libe tsohle?

“Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”—1 Timothea 6:10.

SEO BA BANG BA SE BUANG

Chelete ke motso oa libe tsohle.

SEO BIBELE E SE BUANG

Lerato la chelete”—eseng chelete ka boeona—le baka “lintho tse mpe.” Ka Bibeleng, Morena Solomone ea ruileng o ile a bolela lintho tse tharo tse mpe tse atisang ho etsahalla batho ba ratang chelete. Ho khathatseha: “Lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.” (Moeklesia 5:12) Ho se khotsofale: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.” (Moeklesia 5:10) Ho lekeha ho etsa tlōlo ea molao: “Ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.”—Liproverbia 28:20.

 Molemo oa chelete ke ofe?

‘Chelete ke tšireletso.’—Moeklesia 7:12.

SEO BA BANG BA SE BUANG

Chelete e etsa hore u ikutloe u sireletsehile ebile u thabile.

SEO BIBELE E SE BUANG

Taba ea hore chelete e u rekela thabo le tšireletseho ke karolo e ’ngoe ea “matla a thetsang a maruo.” (Mareka 4:19) Ho sa tsotellehe seo, “chelete e fana ka karabelo linthong tsohle.” (Moeklesia 10:19) Ka mohlala, chelete e ka reka lintho tseo u li hlokang hore u phele—tse kang lijo le meriana.—2 Bathesalonika 3:12.

Chelete e boetse e u thusa hore u hlokomele ba lelapa la hao. Ha e le hantle Bibele e re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo.”—1 Timothea 5:8.

Kamoo u ka sebelisang chelete ka bohlale

‘Lula fatše pele ’me u bale litšenyehelo.’—Luka 14:28.

SEO BIBELE E SE BUANG

Sebelisa chelete ka tsela eo Molimo a e amohelang. (Luka 16:9) Ke bohlale ho sebelisa chelete hantle le ho tšepahala ha ho tluoa litabeng tse amanang le eona. (Baheberu 13:18) E le hore u qobe ho phela bophelo bo ka holimo ho bokhoni ba hao, etsa hore ‘mokhoa oa hao oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete.’—Baheberu 13:5.

Le hoja Bibele e sa thibele batho ho ba le likoloto, empa e ea eletsa: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Qoba ho reka lintho hobane feela u li bona, hobane “e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Ho e-na le hoo, ‘behella ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang u atleha kateng’ ’me u boloke chelete bakeng sa lintho tseo u nahanang hore ke tsa bohlokoa.—1 Bakorinthe 16:2.

Bibele e re khothalletsa hore re ‘itloaetse ho fana.’ (Luka 6:38) Batho ba batlang ho khahlisa Molimo ba na le lebaka le utloahalang la ho fana hobane “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Kahoo, “le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheberu 13:16.