Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Itšireletse Tlōlong ea Molao!

Itšireletse Tlōlong ea Molao!

“Metsoalle ea ka e ne e tloaetse ho mphelehetsa ho ea hae ha ho se ho fifetse. Empa mantsiboeeng a mang ke ne ke khathetse haholo hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho tsamaea ka tekesi.

“Mokhanni ha aa ka a nkisa hae. Ho e-na le hoo, o ile a nkisa tšimong e ’ngoe e seng e sa lengoe, e leng moo a ileng a leka ho mpeta. Ke ile ka hoeletsa haholo, eaba oa ntlohela. Eitse ha a leka ho atamela hape, ka hoeletsa ’me ka baleha.

“Nakong e fetileng ke ne ke ee ke ipotse, ‘Na ho hoeletsa hoa thusa?’ Empa ke ithutile hore hoa thusa!”—KARIN. *

LINAHENG tse ngata, tlōlo ea molao e jele setsi. Ka mohlala, naheng e ’ngoe moahloli o ile a re: “Ntho e bohloko ke hore e mong le e mong oa rōna o tla angoa ke tlōlo ea molao ka letsatsi le leng.” Libakeng tse ling tlōlo ea molao e ka ’na ea se ke ea e-ba ngata. Leha ho le joalo, e ke ke ea e-ba bohlale ho nka lintho habobebe, etsoe ho nka lintho habobebe ho ka etsa hore re hlaselehe habonolo.

U ka itšireletsa joang le batho bao u ba ratang, ho sa tsotellehe hore na u lula sebakeng seo tlōlo ea molao e jeleng setsi kapa che? Ntho e molemo eo u ka e etsang ke hore u ele hloko molao-motheo ona o fumanoang ka Bibeleng: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a e qoba, empa lithoto li fetetse pele ’me li kena mathateng.” (Liproverbia 22:3, New Century Version) Ke ’nete hore mapolesa a re khothalletsa ho nka mehato e itseng esale pele e le hore re itšireletse—re qobe ho ba liphofu tsa tlōlo ea molao.

Ho lematsoa le ho nkeloa thepa, hase tsona feela liphello tsa ho ba lehlatsipa la tlōlo ea molao. Mahlatsipa a mangata a ameha hampe kelellong le maikutlong ka nako e telele. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse sohle seo re ka se khonang ho itšireletsa! Empa, nahana ka mehato eo u ka e nkang e le hore u itšireletse mefuteng e mene ea tlōlo ea molao—bosholu ba likhoka, ho hlekefetsoa ka thobalano, bosholu bo etsoang ka lik’homphieutha le ho utsoetsoa boitsebiso ba lekunutu.

 BOSHOLU BA LIKHOKA

Bosholu ba likhoka ke eng? Ke bosholu boo motho a nkeloang thepa ea hae ka mahahapa.

Bo ama batho joang? Ka mor’a letoto la litlhaselo tsa bosholu ba likhoka Brithani, moahloli e mong o ile a hlokomela hore le hoja mahlatsipa a ne a sa ntšoa likotsi, kaofela ha ’ona a ne a amehile hampe kelellong. O ile a re: “Ba ’maloa ba bona ba bolela hore ba lula ba tšoenyehile ebile ba sitoa le ho robala hantle, ’me bongata bo bolela hore bophelo ba bona bo anngoe haholo ke se ba hlahetseng.”

Ke eng seo u ka se etsang?

  • Masholu ke bo-ramenyetla; e-ba hlokolosi ka sebaka seo u leng ho sona

    E-ba hlokolosi. Masholu ke bo-ramenyetla. A rata ho tsometsa batho. Ka hona, ela hloko batho ba u shebileng, hlokomela se etsahalang haufi le uena ’me u se ke ua thethefatsa kelello ka ho noa haholo kapa ka ho sebelisa lithethefatsi hampe kaha seo se ka u sitisa ho ba hlokolosi. Encyclopedia e ’ngoe ea litaba tsa bophelo e re: “Ha motho a noa joala kapa a sebelisa lithethefatsi,” o thatafalloa ke “ho nahana hantle ’me sena se etsa hore a se ke a hlokomela kotsi e ka ’nang ea mo hlahela.”

  • Sireletsa thepa ea hao. Etsa bonnete ba hore koloi ea hao, lifensetere le mamati a ntlo li sireletsehile. U se ke ua lumella batho bao u sa ba tsebeng hore ba kene ka tlung. Tlosa lintho tsa bohlokoa moo batho ba ka li bonang; u se ke ua ba pepesetsa tsona. Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Masholu—le bana ba hlokang—ba atisa ho utsoetsa batho ba pepesang mabenyane a bona le thepa ea elektronike.

  • Kōpa keletso. “Tsela ea leoatla e nepahetse mahlong a lona, empa ea mamelang keletso o bohlale.” (Liproverbia 12:15) Haeba u le leetong, mamela keletso ea batho ba tsebang sebaka seo hantle, ho akarelletsa le ba boholong. Ba ka u bolella libaka tseo u lokelang ho li qoba le ho u bontša tsela eo u ka itšireletsang ka eona hammoho le thepa ea hao.

HO HLEKEFETSA KA THOBALANO

Ho hlekefetsa ka thobalano ke eng? Tlhekefetso hase feela ho beta motho, empa e akarelletsa mekhoa e meng ea ho mo tšoara-tšoara ka ho mo qobella le ho mo etsetsa litšoso.

Tlhekefetso ka thobalano e ama batho joang? Lehlatsipa le leng la peto le ile la re: “Ntho e bohloko ka ho fetisisa ke hore ha e u ame nakong ea ha e etsahala feela. Ke ntho e sa tloheng mohopolong oa hao, e lula e ntse e u tšoenya ’me e etsa hore u talime bophelo ka tsela e fapaneng. E boetse e fetola bophelo ba batho bao u ba ratang.” Ke ’nete hore motho ea betiloeng a ke ke a behoa molato ka se mo hlahetseng. Empa molato o tla behoa ho ea mo betileng.

Ke eng seo u ka se etsang?

  • U se ke ua iphapanyetsa tsela eo u ikutloang ka eona. Lefapha la sepolesa la North Carolina, U.S.A., le fana ka temoso e reng: “Haeba sebaka kapa motho ea itseng a etsa hore u ikutloe u sa phutholoha kapa u sa lokoloha—tloha. U se ke ua lumela ha motho e mong a u khothalletsa hore u lule haeba letsoalo la hao le sa u lumelle.”

  • E-ba sebete ’me u be seli. Batho ba hlekefetsang ba tsoma batho ba seng seli le bao ba ka ba hlekefetsang habonolo. Ka hoo, tsamaea ka tsela e bontšang sebete ’me u be seli.

  •   Nka bohato kapele. Hoelehetsa. (Deuteronoma 22:25-27) Baleha kapa u itoanele ka ho tsometsa. Ha ho khoneha, balehela sebakeng se sireletsehileng me u letsetse mapolesa. *

BOSHOLU BO ETSOANG KA LIK’HOMPHIEUTHA

Ke bosholu ba mofuta ofe? Ke bosholu bo etsoang ka lik’homphieutha. Bo akarelletsa ho se lefe lekhetho, ho fumana chelete ka mokunyata, ho sebelisa likarete tsa batho ba bang tsa mokitlane le ho se romele thepa e lefeletsoeng. Bo boetse bo akarelletsa maano a qhekellang le lifantisi tse etsoang Inthaneteng.

Bo ama batho joang? Bosholu bo etsoang ka lik’homphieutha bo etsa hore batho ba utsoetsoang le sechaba ka kakaretso, ba lahleheloe ke libilione tsa liranta. Nahana ka mohlala o latelang. Sandra o ile a fumana e-mail eo a neng a nahana hore e tsoa bankeng eo a e sebelisang, e mo kōpa hore a nchafatsa boitsebiso ba hae ba banka Inthaneteng. Metsotso e se mekae ka mor’a hore a romele boitsebiso ba hae, o ile a haroha letsoalo ha a hlokomela hore ho ntšitsoe liranta tse 32 000 ak’haonteng ea hae ’me li romeletsoe bankeng ea naha esele. Ka eona nako eo, Sandra o ile a lemoha hore o qhekeletsoe.

U lokela ho etsa’ng?

  • Falimeha! U se ke ua ea le khongoana holimo ha u bona Liwebsaete tse bonahalang eka ke tsa ’nete, hopola hore litsi tsa lichelete tse molaong li ke ke tsa u kōpa hore u romele boitsebiso ba hao ba lekunutu ka e-mail. Pele u reka kapa u etsa letsete ka Inthanete, batlisisa botumo ba k’hamphani eo. Liproverbia 14:15 e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” E-ba seli ha u hoebisana le lik’hamphani tse linaheng lisele. Haeba ho hlaha mathata ho ka ba boima ho a rarolla.

  • Hlahlobisisa k’hamphani le maano a eona. Ipotse: ‘K’hamphani ee e sebeletsa hokae? Na nomoro ea eona ea mohala e nepahetse? Na ho na le litjeho tse itseng tse sa hlalosoang thekisetsanong ea thepa? Thepa ea ka e tla tlisoa neng? Na nka e busetsa kapa ka buseletsoa chelete ea ka ha ke sa e khotsofalla?’

  • E-ba le pelaelo haeba ntho e se e nyehlisitsoe ka tsela e sa tloaelehang. Batho ba meharo le ba ratang lintho tsa mahala ke bona liphofu tse ka sehloohong tsa masholu a Inthaneteng. Batho ba ka ’na ba hoheloa ka ho tšepisoa moputso o mongata bakeng sa mosebetsi o sa reng letho le ho alingoa chelete kapa ho fuoa karete ea mokitlane le hoja ba sa tšoanelehe, kapa tsoala e tōma le hoja ba tsetetse chelete e nyenyane. U.S. Federal Trade Commission (FTC) e re: “Iphe nako e lekaneng ea ho hlahloba hore na letsete le buelloang le molaong. Moo ho tšepisoang tsoala e ngata, menyetla ea ho jeoa e mengata. U se ke ua lumella motho ea buellang letsete ho u hatella hore u itlame pele u kholiseha hore letsete leo le molaong.”

HO UTSOA BOITSEBISO BA LEKUNUTU

Ke bosholu ba mofuta ofe? Bosholu ba boitsebiso ba lekunutu bo akarelletsa ho fumana le ho sebelisa boitsebiso ba motho e mong ho etsa bomenemene kapa tlōlo ea molao.

Bo ama batho joang? Masholu a ka sebelisa boitsebiso ba hao ho fumana likarete tsa mokitlane kapa ho etsa kōpo ea sekoloto le ho bula liak’haonte tse ncha. Ka hona a etsa mekitlane e mengata ka lebitso la hao! Le haeba mekitlane eo e ka hlakoloa, lebitso la hao le ka lula le senyehile ka nako e telele. Phofu e ’ngoe e re: “Ho ba le tlaleho e mpe ea mekitlane ho ama ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ke ntho e bohloko le ho feta ho lahleheloa ke chelete.”

U lokela ho etsa’ng?

  • Sireletsa boitsebiso ba bohlokoa. Haeba u reka kapa u banka ka Inthanete, fetola nomoro  ea hao ea lekunutu khafetsa, haholo haeba u ile ua sebelisa k’homphieutha ea sechaba. Joalokaha ho boletsoe pejana, e-ba hlokolosi haholo ka li e-mail tse u batlang boitsebiso ba bohlokoa ba lekunutu.

    Masholu a utsoang boitsebiso ha a sebelise lik’homphieutha feela. A leka mokhoa leha e le ofe ho fumana litokomane tsa bohlokoa tse kang, seteitemente sa banka, libuka tsa cheke, likarete tsa mokitlane le linomoro tse ling tsa bohlokoa. Ka hona, boloka lintho tsena hantle ’me u tabole litokomane tsohle tsa bohlokoa pele u li lahla. Ha u belaella hore tokomane e itseng ea bohlokoa e lahlehile kapa e utsoitsoe e tlalehe hang-hang.

  • Hlahloba liak’haonte tsa hao khafetsa. FTC e re, “Ho ba hlokolosi ke sebetsa se sebetsang khahlanong le bosholu ba . . . boitsebiso ba lekunutu.” E phaella ka ho re: “Ho hlokomela kapele hore e ka ’na eaba u utsoelitsoe boitsebiso ho ka u tsoela molemo haholo.” Kahoo hlahloba liak’haonte tsa hao khafetsa, ’me u shebe ho tsoa le ho kena ha chelete ho sa tloaelehang. Haeba ho khoneha, kōpa kopi ea tlaleho ea hao ea mokitlane mokhatlong oa mekitlane o tsebahalang, ’me u hlahlobe liak’haonte le likarete tsa mokitlane tse amahanngoang le lebitso la hao.

’Nete ke hore lefatšeng leo re phelang ho lona re ke ke ra tiiseha ka letho. Esita le batho ba seli ka ho fetisisa e ’nile ea e-ba liphofu tsa tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, re rua molemo ka ho khomarela bohlale le kutloisiso tse fumanoang ka Bibeleng. “U se ke ua bo tlohela, ’me bo tla u boloka. Bo rate, ’me bo tla u sireletsa.” (Liproverbia 4:6) Habohlokoa le ho feta, Bibele e tšepisa hore tlōlo ea molao e tla fela.

Tlōlo ea Molao e Tla Fela Haufinyane

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa tlōlo ea molao? Nahana ka lintho tse latelang:

  • Molimo o batla ho felisa tlōlo ea molao. “’Na, Jehova, ke rata toka, ke hloile tlatlapo hammoho le ho se loke.”—Esaia 61:8.

  • O na le matla a ho felisa tlōlo ea molao. “O phahame ka matla. O lokile, ha a leeme ebile O molemo.”—Jobo 37:23, New Life Version.

  • O tšepisitse ho timetsa ba khopo ’me a boloke ba lokileng. “Baetsi ba bobe ba tla felisoa.” “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9, 29.

  • O tšepisitse ba tšepahalang ba hae lefatše le lecha la khotso. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

Na mantsoe ao a u ama pelo? Haeba ho joalo, ka kōpo iphe nako ea ho hlahlobisisa Bibele, e le hore u ithute haholoanyane ka seo Molimo a se reretseng batho. Ha ho na buka e ’ngoe e fupereng bohlale bo sebetsang joaloka Bibele. Ebile ha ho na buka e ’ngoe e re fang tšepo e khanyang ka bokamoso bo se nang tlōlo ea molao joalo ka eona. *

Molimo o tšepisa lefatše le lecha la khotso, moo tlōlo ea molao e ke keng ea e-ba teng

^ ser. 5 Mabitso a fetotsoe

^ ser. 22 Batho ba bangata ba hlekefelitsoeng ka thobalano ba tseba batho ba ba hlekefelitseng. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1 leqepheng la 228. Buka ena e ea fumaneha Inthaneteng ho www.jw.org/st.

^ ser. 44 U ka fumana boitsebiso bo eketsehileng ka lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Iphumanele kopi mahala ho Lipaki Tsa Jehova, kapa u ipalle eona Inthaneteng ho www.jw.org/st.