Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hōlisa Bana ho Tloha Boseeng ho Fihlela e E-ba Bacha

Ho Hōlisa Bana ho Tloha Boseeng ho Fihlela e E-ba Bacha

Ho Hōlisa Bana ho Tloha Boseeng ho Fihlela e E-ba Bacha

“Ha bana ba hao ba e-s’o fete lilemo tse hlano, ba ikutloa ba sireletsehile lapeng ’me ho bonolo hore u ba rute mekhoa e metle. Empa hang feela ha ba qala ho ea sekolong, ba pepesehela mekhoa e mecha ea ho etsa lintho le ea ho bua.”—Valter oa Italy.

HA BANA ba ntse ba hōla, ba batla ho ithuta ka lintho tse ba potolohileng. Ba qeta nako le batho ba bangata—bana bao ba bapalang le bona, ba kenang sekolo le bona le litho tse ling tsa lelapa. Joalokaha Valter ea qotsitsoeng ka holimo a bolela, ha e sa le uena feela ea nang le tšusumetso bophelong ba ngoana oa hao joalokaha e ne e sa le lesea. Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa hore u sebelise lilemo tsena ho mo ruta bohlokoa ba ho mamela le ho ba le mekhoa e metle. Ho boetse ho bohlokoa hore u mo rute phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.

Ho nka nako ho ba le tsebo e joalo ebile ha ho itlele feela ka mohlolo. Mohlomong ho tla hlokahala hore “u khalemele, u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta.” (2 Timothea 4:2) Batsoali ba BaIseraele ba ne ba laetsoe tjena mabapi le melao ea Molimo: ‘U e rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka eona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.’ (Deuteronoma 6:6, 7) Joalokaha lengolo lena le bontša, ho bohlokoa hore u tsoele pele ho laea bana.

Boikarabelo ba ho hōlisa bana bo akarelletsa mathata a mangata. A re hlahlobeng a seng makae a ’ona.

Nako ea ho Mamela

Bibele e re feela joalokaha ho e-na le “nako ea ho bua,” ho boetse ho na le nako ea ho mamela. (Moeklesia 3:7) U ka ruta bana ba hao joang hore ba mamele ka hloko ha batho ba bang ba bua, ho akarelletsa uena? Tsela e ’ngoe ke ka hore u ba behele mohlala. Na u mamela batho ba bang ka hloko, ho akarelletsa bana ba hao?

Bana ba sitoa ho tsepamisa mohopolo nthong e le ’ngoe, ’me ha ho pelaelo hore u tla lokela ho bontša mamello ha u ntse u leka ho buisana le bona. Bana ha ba tšoane, e-ba seli ’me u batle mekhoa e tla atleha ha u buisana le ngoana oa hao. Ka mohlala, David, e leng ntate ea lulang Brithani o re: “Ke bolella morali oa ka ntho e itseng ebe ke re a phete seo ke mo boleletseng sona ka mantsoe a hae. Kahoo, o mamela ka ho eketsehileng ha a ntse a hōla.”

Ha Jesu a laea barutuoa ba hae, o ile a re ho bona: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” (Luka 8:18) Haeba ho hlokahala hore batho ba baholo ba mamele, ke habohlokoa le ho feta hore bana ba ithute ho mamela!

‘Tšoarelanang ka Bolokolohi’

Bibele e re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakolose 3:13) Bana ba ka rutoa hore e be ba tšoarelang. Joang?

Joalokaha ho boletsoe ka holimo mabapi le bokhoni ba ho mamela, u lokela ho beha mohlala. Etsa hore bana ba hao ba bone hore u khona ho tšoarela batho ba bang. Marina, e leng ’mè ea lulang Russia, o leka ho etsa joalo. O re: “Re leka ho behela bana ba rōna mohlala ka hore re tšoarele ba bang, re bontše ho nahanela le ho qoba ho khopiseha habonolo,” ’me o phaella ka ho re: “Ha ke khopisitse bana ba ka, ke kōpa tšoarelo. Ke batla hore ba ithute ho etsa se tšoanang ha ba sebelisana le batho ba bang.”

Ho ba le bokhoni ba ho rarolla liqabang le ho tšoarela ho tla ba tsoela molemo ha e se e le batho ba baholo. Koetlisa bana ba hao hore e be ba nahanelang ba bang ’me ba nke boikarabelo ha ba entse liphoso. Ha u etsa joalo, u tla ba fa mpho ea bohlokoa e tla ba tsoela molemo ha ba ntse ba hōla.

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ batho ba bangata ke “baithati.” (2 Timothea 3:1, 2) Hona joale, ha bana ba hao ba ntse ba le banyenyane, ke nako ea hore u ba rute ho leboha. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le iponahatse le le ba lebohang.”—Bakolose 3:15.

Esita leha ba le banyenyane, bana ba ka ithuta ho bontša mekhoa e metle le ho nahanela batho ba bang. Joang? Ha Dr. Kyle Pruett a bua le ba makasine ea Parents o ile a re: “Ntho e molemo eo u ka e etsang e le hore u rute ngoana oa hao ho leboha, ke hore uena u tsoele pele ho leboha litho tse ling tsa lelapa.” O phaella ka ho re: “Sena se bolela hore u lokela ho lula u bolela kamoo u ananelang kateng thuso kapa lintho tse bontšang ho nahanela tseo ba bang ba li etsang . . . Ke ntho e hlokang hore motho a lule a e etsa.”

Richard, e leng ntate ea lulang Brithani, o leka ho etsa seo, o re: “’Na le mosali oa ka re bontša kamoo re lebohang batho ba ’nileng ba re bontša mosa, ba kang matichere kapa batsoali ba rōna. Neng le neng ha lelapa le itseng le re memetse lijong, re le ngolla karete ea ho leboha, ’me bana baa e saena kapa ba e toroea litšoantšo.” Ha ngoana oa hao a le mosa ebile e le ea lebohang o tla ba le likamano tse ntle le tse tšoarellang le batho ba bang hamorao bophelong.

‘U se ke ua ba Tima Taeo’

Ha bana ba hao ba ntse ba hōla, ke habohlokoa hore ba ithute hore liketso tse ling le tse ling li na le liphello. Esita le bana ba banyenyane ba lokela ho ikarabella ho motho ea itseng, eseng ha ba le lapeng feela empa le ha ba le sekolong kapa tikolohong eo ba lulang ho eona. U ka thusa bana ba hao ho utloisisa ’nete ea hore motho o kotula seo a se jalang. (Bagalata 6:7) Joang?

Bibele e re: “U se ke ua tima moshanyana taeo.” (Liproverbia 23:13) Haeba u boletse ka ho hlaka hore ketso e itseng e fosahetseng e tla ba le liphello tse bosula, u se ke ua tšaba ho phethisa mantsoe a hao. Norma, e leng ’mè e mong ea lulang Argentina, o re: “Ke habohlokoa hore u eme lentsoeng la hao. Ha u sa etse joalo, ngoana o tla nka monyetla ka seo ’me a etse lintho ho ea kamoo a batlang.”

Batsoali ba ka phetha karolo e khōlō ka ho tiisa hore bana ba utloisisa esale pele liphello tse tlisoang ke ho se mamele, e le hore ba qobe ho ngangisana le bona ha ba se ba entse ntho e itseng e fosahetseng. Bana ba ka ’na ba se ke ba hana ho mamela melao haeba ba tseba se tla ba etsahalla ha ba e tlōla le ha ba tseba hore liphello li ke ke tsa fetoloa.

E le hore taeo e be e sebetsang, ho hlakile hore ha ea lokela ho etsoa ka bohale. Bibele e re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Ha ua lokela ho khalemela ngoana ka ho mo fa kotlo e sehlōhō le ho mo hlekefetsa—ebang ke ’meleng kapa maikutlong.

Empa u ka khona ho laola khalefo joang haeba ngoana a u halefisitse? Peter e leng ntate ea lulang New Zealand o re: “Hase kamehla ho leng bonolo, empa bana ba lokela ho ithuta hore ba khalemelloa liketso tsa bona eseng hobane batsoali ba le bohale.”

Peter le mosali oa hae ba leka ho thusa bana ba bona hore ba elelloe melemo ea nako e telele e tlisoang ke khalemelo. O re: “Esita leha bana ba entse ntho e ’ngoe e tsoileng tseleng, re bua le bona ka hore na e lokela ho ba batho ba mofuta ofe ho e-na le hore e be batho ba etsang lintho tse tsoileng tseleng.”

“Ho ba le Kahlolo e Molemo ha Lōna ho ke ho Tsejoe”

Mabapi le kotlo eo a neng a tl’o e fa batho ba hae, Molimo o ile a re: “Ke tla lokela ho [le] shapa ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 46:28) U tla atleha haholo haeba u khalemela ngoana ka tsela e mo loketseng le ho latela phoso ea hae. Pauluse o ile a ngolla Bakreste a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.”—Bafilipi 4:5.

Ho ba le kahlolo e molemo ho akarelletsa ho khalemela bana ka tsela e tla ba siela seriti. Santi, e leng ntate ea lulang Italy, o re: “Ha ho mohla ke nyenyefatsang mora kapa morali oa ka. Ho e-na le hoo, ke leka ho fumana motso oa bothata ’me ke ba thuse ho bo rarolla. Ha ke khalemele bana ba ka ka pel’a batho ba bang, ’me ha ho khoneha ke khalemela ngoana moo re leng babeli. Hape ha ke etse mesoaso ka mefokolo ea bona, ebang ke phatlalatsa kapa sephiring.”

Richard, eo ho builoeng ka eena qalong, le eena o lemoha bohlale ba ho ba le kahlolo e molemo. O re: “Kotlo ha ea lokela ho phaellana, ka hore nako le nako ha ngoana a etsa phoso ho balelloe le tse fetileng. Ha u qeta ho khalemela ngoana, ke habohlokoa hore u se ke ua lula u bua ka phoso ea hae le ho mo hopotsa tse ling tse fetileng.”

Ho hōlisa bana ke mosebetsi o boima o hlokang boitelo empa ho boetse hoa putsa. Sena ke seo Yelena, e leng ’mè ea lulang Russia, a se hlokometseng. O re: “Ke khethile mosebetsi oa nakoana e le hore nka qeta nako e eketsehileng le mora oa ka. Ho hlokahala boiteko ’me ho fella ka hore motho a lahleheloe licheleteng, empa ha ke ikoahlaee hobane kea bona hore mora oa ka o thabile, ’me re na le kamano e haufi.”

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Bana ba ka ithuta ho nahanela batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Khalemela bana ka tsela e tla ba siela seriti