Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bocha—Nako ea ho Itokisetsa ho ba Motho e Moholo

Bocha—Nako ea ho Itokisetsa ho ba Motho e Moholo

Bocha—Nako ea ho Itokisetsa ho ba Motho e Moholo

AK’U nahane u tloha sehlekehlekeng se chesang le se mongobo ’me u ea sebakeng se batang sa Arctic Circle. Hang feela ha u fihla moo, u hlokomela hore u se u le sebakeng se batang haholo. Na u ka khona ho tloaela boemo boo? E u ka khona, empa ho tla hlokahala hore u etse liphetoho tse ’maloa.

U tobana le boemo bo tšoanang ha ngoana oa hao a kena lilemong tsa bocha. Kapele feela, ho bonahala boemo bo fetohile. Moshanyana eo pele a neng a batla ho lula a le haufi le uena, u se a khetha ho qeta nako le lithaka tsa hae. Ngoanana eo pele a neng a labalabela ho u bolella hore na letsatsi la hae le bile joang, hona joale o se a u araba ka bokhutšoanyane feela ha u mo botsa lipotso.

U re: “Ho ne ho le joang sekolong?”

O re: “Ho ne ho le monate.”

Hoa khutsa.

U re: “U ntse u nahana ka’ng?”

O re: “Letho.”

Ho boetse hoa khutsa.

Ho etsahetse’ng? Buka ea Breaking the Code e re: “Nakong e sa tsoa feta, karolo eo u neng u e phetha bophelong ba ngoana oa hao e ne e tšoana le ea motho ea nang le tokelo ea ho kena ka mor’a sethala ho thusa batšoantšisi, empa hona joale u se u le moshebelli feela. U se u ka tšepa feela hore u tla lula moo u tla bona hantle.”

Na joale u lokela ho ipolella hore u ke ke ua khona ho atamelana le bana ba hao nakong ea bocha? Le hanyenyane! U ka atamelana le bana ba hao ha ba ntse ba le lilemong tsa bocha. Leha ho le joalo, u lokela ho qala ka hore u utloisise se etsahalang nakong ena e thahasellisang empa ka linako tse ling e ferekanya ea ho hōla.

Ha ba Tloha Bongoaneng ’me e E-ba Batho ba Baholo

Bafuputsi ba kile ba nahana hore ha ngoana a le lilemo li hlano, boko ba hae bo batla bo hōtse ka ho feletseng. Hona joale ba nahana hore boko bo ba boholoanyane leha e se hakaalo ka mor’a lilemo tseo, empa ho etsahala se fapaneng ka tšebetso ea bona. Ha bacha ba kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, ho qala ho ba le liphetoho lihomoneng tsa bona, e leng se fetolang tsela eo ba nahanang ka eona. Ka mohlala, le hoja bana ba amohela lintho tsohle ka tsela eo ba li bonang ka eona, bacha ba nahana ka tsela e batsi, ba hlahloba lintlha tsohle tse amehang tabeng. (1 Bakorinthe 13:11) Ba qala ho ba le maikutlo a bona, ’me ha ba lihlong ho a bolella batho ba bang.

Ke seo Paolo ea lulang Italy, a se hlokometseng ka ngoana oa hae e mocha lilemong. O re: “Ha ke talima mora oa ka ke mo bona e se e le mohlankana, ha e sa le moshanyana joaloka pele. Hase ’mele oa hae feela o fetohileng. Ke hlolloa haholo ke tsela eo a nahanang ka eona. Ha a tšabe ho ntša maikutlo le ho a emela!”

Na u hlokometse se tšoanang ka ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha? Mohlomong ha e sa le ngoana, o ne a mamela litaelo tsa hao. O ne a khotsofatsoa feela ke ha u mo arabile ka hore “Etsa seo ke u laelang sona.” Hona joale, kaha e se e le mocha, o batla hore u mo fe mabaka ’me mohlomong o se a bile a belaella melao eo lelapa le phelang ka eona. Ka linako tse ling, tsela eo a ntšang maikutlo ka eona, e etsa hore a bonahale eka ke lerabele.

Empa u se ke ua etsa qeto ea hore ngoana oa hao o ikemiselitse ho fetola melao ea hao. E ka ’na eaba o na le maikutlo a loantšanang, ’me o leka ho bona hore na a ka sebelisa melao eo u mo rutileng eona bophelong ba hae kapa che. Ka mohlala, ak’u nahane u fallela ntlong e ’ngoe ’me u nkile thepa eohle ea hao. Na ho tla ba bonolo hore u fumanele thepa eohle moo e tla lula teng ntlong e ncha? Ho ka ’na ha se ke ha e-ba joalo. Empa ’nete ke hore, u ke ke ua lahla ntho leha e le efe eo u e nkang e le ea bohlokoa.

Ngoana oa hao o boemong bo tšoanang ha a ntse a itokisetsa nako eo a tla “siea ntat’ae le ’m’ae.” (Genese 2:24) Ke ’nete hore letsatsi leo le ka ’na la bonahala le le hōle, kaha ngoana oa hao ha e e-s’o be motho e moholo. Empa ka tsela e itseng, o se a ntse a paka thoto. Ha e ntse e le mocha, o hlahloba melao-motheo eo a hōlisitsoeng ka eona ’me o etsa qeto ea hore na ke efe eo a tla e sebelisa ha e se e le motho e moholo. *

U ka ’na ua tšoha ha u nahana hore ngoana oa hao o lokela ho etsa liqeto tse joalo. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha e se e le motho e moholo, o tla boloka feela melao-motheo eo a nkang hore ke ea bohlokoa. Kahoo, hona joale—ha ngoana oa hao a ntse a lula lapeng—ke nako ea hore a hlahlobisise melao-motheo eo a tla phela ka eona.—Liketso 17:11.

Ka sebele, ke habohlokoa hore a etse joalo. Etsoe haeba a lumela melao ea boitšoaro eo u mo fang eona a sa botse letho, ho ka etsahala hore hamorao a amohele habonolo feela ea batho ba bang. (Exoda 23:2) Bibele e hlalosa mocha ea joalo e le ea khelosoang habonolo feela kaha ‘pelo ea hae ea haelloa’—e leng se bolelang hore temoho ke e ’ngoe ea litšobotsi tse mo haellang. (Liproverbia 7:7) Mocha ea se nang lintho tseo a li lumelang a ka ‘akhotsoa joalokaha eka o akhotsoa ke maqhubu ’me a isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho.’—Baefese 4:14.

U ka etsa’ng ho thibela ngoana oa hao ho etsahalloa ke seo? Tiisa hore o na le lintho tse latelang tse tharo tsa bohlokoa:

1 MATLA A HO LEMOHA

Moapostola Pauluse o ile a ngola a re, ‘batho ba hōlileng ka ho feletseng . . . matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:14) U ka ’na ua re: ‘Empa ke khale ke rutile ngoana oa ka phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.’ Ha ho pelaelo hore koetliso eo e mo ruisitse molemo eaba ea mo lokisetsa mohato ona o latelang oa ha a ntse a hōla. (2 Timothea 3:14) Leha ho le joalo, Pauluse o itse batho ba lokela ho koetlisa matla a bona a ho lemoha. Le hoja bana ba banyenyane ba ka ba le tsebo ea se nepahetseng le se fosahetseng, bacha ba lokela ho ‘hōla ka ho feletseng matleng a kutloisiso.’ (1 Bakorinthe 14:20; Liproverbia 1:4; 2:11) Ha u batle hore mocha a u mamele feela ka hlooho e ntšo, empa u batla hore a sebelise bokhoni ba ho beha mabaka. (Baroma 12:1, 2) U ka mo thusa joang hore a etse joalo?

Tsela e ’ngoe ke ka ho mo lumella hore a ntše maikutlo. U se ke ua mo kena hanong ha a bua ’me u leke ho se phahamise maikutlo—esita leha a bua ntho eo u sa batleng ho e utloa. Bibele e re: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19; Liproverbia 18:13) Ho phaella moo, Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Haeba u mamela mocha, u tla khona ho lemoha hore na ke’ng e mo tšoenyang.

Ha u bua, leka ho sebelisa lipotso ho e-na le ho bua feela lintho tse sa bontšeng ho nahanela. Ka linako tse ling Jesu o ne a botsa, “Le nahana joang?” e le hore a khothaletse barutuoa ba hae, esita le batho ba bang ba neng ba le manganga hore ba ntše maikutlo. (Matheu 21:23, 28) U ka khona ho etsa ntho e tšoanang ka ngoana oa hao, esita leha u sa lumellane le maikutlo a hae. Ka mohlala:

Haeba mocha a re: “Ha ke tsebe hantle hore na Molimo o teng kapa che.”

Ho e-na le hore u re: “U leka ho re’ng—u tseba hantle hore Molimo o teng!”

U ka re: “Ke’ng e etsang hore u nahane ka tsela eo?”

Ke hobane’ng ha u lokela ho khothalletsa mocha hore a ntše maikutlo? Hobane, le hoja u utloa seo a se buang, u lokela ho tseba seo a se nahanang. (Liproverbia 20:5) E ka ’na eaba o na le bothata ka melao ea Molimo eo a lokelang ho e latela, eseng hore o belaella boteng ba hae.

Ka mohlala, mocha ea ikutloang a le tlas’a khatello ea ho tlōla melao ea Molimo ea boitšoaro, a ka ’na a etsa qeto ea ho khaotsa ho lumela ho eena. (Pesaleme ea 14:1) A ka ’na a re: ‘Haeba Molimo ha a eo, ha ho hlokahale hore ke phele tumellanong le melao e ka Bibeleng.’

Haeba ho bonahala ngoana oa hao a nahana ka tsela eo, ho ka ’na ha hlokahala hore a arabe potso e reng, Na ka sebele kea lumela hore melao ea Molimo e molemong oa ka? (Esaia 48:17, 18) Haeba a lumela hore e molemong oa hae, mo khothalletse hore a bone bohlokoa ba ho emela se tla mo tsoela molemo bophelong.—Bagalata 5:1.

Haeba mocha a re: “Bolumeli bona ke ba hao, empa seo hase bolele hore ke ba ka.”

Ho e-na le hore u re: “Ke bolumeli ba rōna, u ngoana oa rōna, ’me u tla lumela seo re u rutileng sona.”

U ka re: “Eo ke taba e tebileng. Leha ho le joalo, ha u sa amohele seo ke se lumelang, e tlameha ebe ho na le ntho e ’ngoe eo u e lumelang. Kahoo, u lumela’ng? Joale uena u bona eka ke melao efe ea boitšoaro e nepahetseng eo u ka phelang ka eona?”

Ke hobane’ng ha u lokela ho khothalletsa mocha hore a ntše maikutlo? Hobane ha u buisana le eena ka tsela ena, u tla mo thusa hore a hlahlobe tsela eo a nahanang ka eona. A ka ’na a makala ha a hlokomela hore o lumela seo u se lumelang, empa o amehile ka ntho e ’ngoe e fapaneng.

Ka mohlala, mohlomong ha a tsebe kamoo a ka hlalosetsang batho ba bang lintho tseo a li lumelang. (Bakolose 4:6; 1 Petrose 3:15) Kapa e ka ’na eaba o khahliloe ke motho oa bong bo fapaneng ea seng tumelong e le ’ngoe le eena. Fumana motso oa bothata ba mocha, ’me u mo thuse hore le eena a bo elelloe. Ha a tsoela pele ho sebelisa matla a hae a ho lemoha, seo se tla mo thusa hore a lokele ho ba motho e moholo.

2 TATAISO EA MOTHO E MOHOLO

Kajeno litsong tse ling ha ho na ntho eo ho thoeng ke “setsokotsane le khatello” ea bocha, tseo litsebi tse ling tsa kelello li bolelang hore li lokela ho lebelloa ha ngoana a le lilemong tsa bocha. Bafuputsi ba fumane hore litsong tseo, bacha ba tloaela ho phela joaloka batho ba baholo ba sa le banyenyane. Ba sebetsa le batho ba baholo, ba etsa setsoalle le bona, ’me ba fuoa boikarabelo ba batho ba baholo. U ke ke ua utloa ho buuoa ka lintho tse kang “mokhoa oa bophelo oa bacha,” “botlokotsebe ba bana” esita le “lilemo tsa bocha.”

Ka lehlakoreng le leng, ak’u nahane ka se etsahallang bacha ba linaheng tse ngata, ba lokelang ho kena likolo tse nang le bana ba bangata haholo ’me ho se seo ba ka se etsang haese ho theha setsoalle le bacha ba bang. Ha ba fihla lapeng, ba fumana ho se na motho. Batsoali ba bona baa sebetsa ka bobeli. Beng ka bona ba lula hōle haholo. Batho feela bao ba ka qetang nako e ngata le bona ke lithaka tsa bona. * Na u hlokomela kotsi ho see? Hase feela taba ea hore ba iphumana ba tloaelane le batho ba fosahetseng. Bafuputsi ba fumane hore esita le bacha ba itšoereng hantle ba sekamela ho etseng lintho ka ho hloka boikarabelo haeba ba qeta boholo ba nako ba le bang ho se na batho ba baholo.

Iseraele ea boholo-holo ke se seng sa lichaba tse sa kang tsa arola bacha ho batho ba baholo. * Ka mohlala, Bibele e re bolella ka Uzia, eo e ileng ea e-ba morena oa Juda e sa le mocha. Ke eng e ileng ea thusa Uzia hore a jare boikarabelo boo bo boima? Ho hlakile hore mohlomong ke ka lebaka la karolo e itseng e ileng ea phethoa ke motho e mong e moholo ea bitsoang Zakaria, eo Bibele e reng e ne e le “morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete.”—2 Likronike 26:5.

Na ho na le batho ba baholo ba lumelang seo u se lumelang bao ngoana oa hao a kōpang likeletso ho bona? U se ke ua utloa bohloko ha ngoana oa hao a e-na le batho ba joalo ba mo thusang. Batho bao ba ka mo thusa hore a etse se nepahetseng. Maele a Bibele a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

3 HO BA LE BOIKARABELO

Linaheng tse ling, molao o thibela mocha ea hiriloeng ho sebetsa lihora tse fetang tse itseng ka beke kapa ho etsa mesebetsi e itseng. Lithibelo tse joalo li ile tsa etsoa molemong oa ho sireletsa bana hore ba se ke ba sebetsa maemong a kotsi—ka lebaka la phetoho e bileng teng liindastering lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo.

Le hoja melao e sireletsang bana hore ba se ke ba sebelisoa ka thata e sireletsa bacha likotsing le tlhekefetsong, litsebi tse ling li bolela hore lithibelo tse joalo li etsa hore ba se ke ba e-ba le boikarabelo. Buka e bitsoang Escaping the Endless Adolescence, e re seo se felletse ka hore bacha ba bangata “ba be le boikutlo bo bobe ba hore ba na le tokelo ea ho etsetsoa lintho ntle le hore ba li sebeletse.” Bangoli ba hlokometse hore boikutlo bona ba bacha “ho bonahala bo bakoa ke hore ba phela lefatšeng le shebileng feela ho ba thabisa ho e-na le ho lebella hore ho be le seo ba se etsang.”

Ho fapana le hoo, Bibele e re bolella ka bacha ba ileng ba jara boikarabelo bo boima, ba sa le banyenyane. Nahana ka Timothea, eo mohlomong a neng a le lilemong tsa bocha ha a kopana le moapostola Pauluse—e leng monna ea ileng a ba le tšusumetso e matla bophelong ba hae. Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a re ho Timothea: “U fehle joaloka mollo mpho ea Molimo e ho uena.” (2 Timothea 1:6) Le hoja mohlomong Timothea a ne a le ka tlaase ho lilemo tse 20 kapa a sa tsoa li feta, o ile a siea lelapa labo eaba o tsamaea le moapostola Pauluse ’me a mo thusa ho theha liphutheho le ho haha mokhatlo oa bara ba motho. Ka mor’a hore a qete lilemo tse ka bang leshome a sebetsa le Timothea, Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Filipi: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang.”—Bafilipi 2:20.

Hangata bacha ba chesehela ho jara boikarabelo, haholo ha ba hlokomela hore ho etsa joalo ho tla tlisetsa batho ba bang melemo e itseng. Koetliso eo ba e fumanang ha e ba thuse feela hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo ka moso empa e boetse e ba ruisa molemo hona joale.

Ho Tloaela “Boemo” bo Bocha

Joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena, haeba u e-na le ngoana ea lilemong tsa bocha, e ka ’na eaba u ikutloa u le “boemong” bo fapaneng le boo u neng u le ho bona lilemo tse ’maloa tse fetileng. Kholiseha hore u ka khona ho tloaela boemo bona, feela joalokaha u ile ua khona ha ngoana oa hao a ne a feta mehatong e sa tšoaneng ea ho hōla.

Talima nako ea bocha ea ngoana oa hao e le monyetla oa hore (1) u mo thuse hore a sebelise matla a ho lemoha, (2) u mo tataise, ’me (3) u mo rute hore a be le boikarabelo. Ha u etsa joalo, u tla be u mo lokisetsa ho ba motho e moholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Buka e ’ngoe e hlalosa lilemo tsa bocha ka ho nepahala, e re ke “nako e bohloko ea karohano” e nkang nako e telele. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa May 1, 2009, leqepheng la 10-12, o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 38 Boithabiso bo etselitsoeng bacha bo hōlisa tšekamelo ea bona ea ho batla ho qeta nako le lithaka tsa bona le ho ntšetsa pele khopolo ea hore bacha ba na le mokhoa oa bona oa bophelo oo batho ba baholo ba ke keng ba o utloisisa.

^ ser. 39 Ka Bibeleng ha ho na polelo e reng “lilemo tsa bocha.” Ho hlakile hore bacha ba neng ba phela har’a batho ba Molimo mehleng ea pele ho Bokreste le mehleng ea Bokreste, ba ne ba tloaetse ho phela bophelo ba batho ba baholo ba sa le banyenyane ho feta kamoo ho tloaelehileng litsong tse ngata kajeno.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

“KE NA LE BATSOALI BA MOLEMO KA HO FETISISA”

Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba ruta bana ba bona ka lentsoe le ka liketso hore ba phele ka melao-motheo ea Bibele. (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ha ba ba qobelle ho etsa joalo. Batsoali ba Lipaki baa hopola hore ha mora kapa morali a ntse a hōla, o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o batla ho phela ka melao efe ea boitšoaro.

Aislyn ea lilemo li 18, o phela ka melao ea boitšoaro eo a hōlisitsoeng ka eona. O re: “Bolumeli ba ka hase ntho eo ke e sebelisang hanngoe feela ka beke. Ke tsela ea ka ea bophelo. Bo ama ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang le liqeto tseo ke li nkang—ho tloha ka metsoalle eo ke nang le eona, lithuto tseo ke li khethang le libuka tseo ke li balang.”

Aislyn o ananela e le kannete tsela eo batsoali ba hae ba Bakreste ba mo hōlisitseng ka eona. O re: “Ke na le batsoali ba molemo ka ho fetisisa ’me ke ikutloa ke le lehlohonolo hore ebe ba ntšusumellelitse hore ke rate ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore ke lule ke le eena. Batsoali ba ka e tla lula e le mehlala e ntšusumetsang bophelong bohle ba ka.”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Lumella mocha hore a ntše maikutlo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ngoana a ka fumana tšusumetso e ntle haeba ho e-na le motho e moholo ea mo eletsang

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ho etsa mesebetsi e itseng ea bohlokoa ho ka thusa mocha hore e be motho e moholo ea nang le boikarabelo