Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 3

Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?

Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?

Liithuti Tsa Bibele, ka bo-1870

Molula-Qhooa oa pele oa 1879

Molula-Qhooa kajeno

Bibele e ile ea bolela esale pele hore ka mor’a lefu la Kreste, ho ne ho tla hlaha mesuoe ea bohata har’a Bakreste ba pele e tla silafatsa ’nete ea Bibele. (Liketso 20:29, 30) Ha nako e ntse e ea, seo ke sona se ileng sa etsahala. Mesuoe eo e ile ea tsoaka lithuto tsa Jesu le tsa bolumeli ba bohetene, kahoo ha hlaha Bokreste ba bohata. (2 Timothea 4:3, 4) Kajeno re ka kholiseha joang hore re utloisisa ka nepo seo ha e le hantle Bibele e se rutang?

Ho ile ha fihla nako ea hore Jehova a senole ’nete. O ile a bolela esale pele hore ‘nakong ea bofelo, tsebo ea ’nete e ne e tla ba ngata.’ (Daniele 12:4) Ka 1870, batho ba seng bakae ba batlang ’nete ba ile ba lemoha hore lithuto tse ngata tsa likereke ha li lumellane le Mangolo. Ka lebaka leo, ba qala ho batla ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, ’me Jehova a ba thusa hore ba utloisise Mangolo.

Batho ba tšepahalang ba ile ba ithuta Bibele ka hloko. Liithuti tseo Tsa Bibele tse tšepahalang tsa mehleng ea pele li ne li ithuta ka mokhoa oo re ntseng re o sebelisa le kajeno. Li ne li tšohla ntlha e le ’ngoe ea Bibele ka nako. Ha li fumana temana ea Bibele eo ho leng thata ho e utloisisa, li ne li sheba litemana tse ling tse ka e hlalosang. Ha li fihla sephethong se lumellanang le Mangolo ’ohle, li se ngola fatše. Kaha li ne li lumella Bibele hore e itlhalose, li ile tsa boela tsa fumana seo e leng ’nete ka lebitso la Molimo le ’Muso oa hae, morero oa hae ka batho le ka lefatše, boemo ba bafu hammoho le tšepo ea tsoho. Lipatlisiso tseo li ile tsa li lokolla litumelong le mekhoeng e mengata ea bolumeli ba bohata.—Johanne 8:31, 32.

Ka 1879, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa elelloa hore ke nako ea hore li phatlalatse ’nete hohle. Kahoo selemong seo, tsa qala ho hatisa makasine ea Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova eo re ntseng re e hatisa le kajeno. Hona joale re bolella batho linnete tsa Bibele linaheng tse fetang 239 ka lipuo tse fetang 700. Ha ho mohla tsebo ea ’nete e kileng ea e-ba ngata hakana!

  • Ka mor’a lefu la Kreste, ho ile ha etsahala’ng ka ’nete ea Bibele?

  • Ke eng e re thusitseng hore re boele re fumane ’nete e ka Lentsoeng la Molimo?