Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 8

Ke Hobane’ng ha re Apara Hantle ha re ea Libokeng?

Ke Hobane’ng ha re Apara Hantle ha re ea Libokeng?

Iceland

Mexico

Guinea-Bissau

Philippines

Na ha u sheba litšoantšo tse bukaneng ee, u hlokomela kamoo Lipaki Tsa Jehova li aparang hantle kateng ha li ea libokeng tsa phutheho? Ke hobane’ng ha re ela hloko moaparo oa rōna le boitlhopho ka tsela ee?

Re bontša hore re hlompha Molimo. Ke ’nete hore Molimo ha a talime ponahalo ea rōna feela. (1 Samuele 16:7) Leha ho le joalo, ha re bokana ho tla mo rapela, takatso ea lipelo tsa rōna ke ho bontša hore rea mo hlompha ebile re hlompha barapeli-’moho le rōna. Haeba re ne re lokela ho hlaha ka pel’a moahloli ka khotla, mohlomong re ne re tla ela hloko ponahalo ea rōna hobane re hlompha boemo ba hae. Ka ho tšoanang, ponahalo ea rōna ha re le libokeng e bontša hore re hlompha “Moahloli oa lefatše lohle,” Jehova Molimo le sebaka seo re mo rapelang ho sona.—Genese 18:25.

Moaparo oa rōna o bontša hore na ke melao efe e re tataisang. Bibele e khothalletsa Bakreste ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9, 10) Ho apara “ka boitlhompho” ho bolela ho qoba ho ipitsetsa mahlo ka ho apara liaparo tse mahalihali, tse tsosang takatso kapa tse bonaletsang. Ho feta moo, “ho hlaphoheloa kelellong” ho re thusa ho khetha liaparo tse ntle, eseng tse bontšang ho se tsotelle kapa tse makatsang. Motho ea latelang melao-motheo ena, o ntse a e-na le liaparo tse ngata tse amohelehang tseo a ka li khethang. Ponahalo ea rōna e ntle le e khahlehang e ka “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna” le ho “tlotlisa Molimo” leha re sa re letho. (Tite 2:10; 1 Petrose 2:12) Re ka susumetsa tsela eo ba bang ba talimang borapeli ba Jehova ka eona ha re ea libokeng re apere hantle.

Ho hloka liaparo ho se ke ha u thibela ho ea Holong ea ’Muso. Re ka apara liaparo tse loketseng, tse hloekileng le tse amohelehang le haeba li se turu kapa li se majabajaba.

  • Tsela eo re aparang ka eona ha re il’o rapela Molimo ke ea bohlokoa hakae?

  • Re tataisoa ke melao-motheo efe ha re khetha tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona?