Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALO KA MOKRESTE

Na Ehlile oa Lumela Hore Lintho Tseo Jehova a li Ts’episitseng ke ’Nete?

Na Ehlile oa Lumela Hore Lintho Tseo Jehova a li Ts’episitseng ke ’Nete?

Joshua le Solomone ba ile ba tiisa hore litšepiso tsa Jehova li ile tsa phethahala kaofela. (Josh 23:14; 1Mar 8:56) Bopaki bo hlahang mangolong ana a mabeli bo re thusa ho ba le motheo o tiileng bakeng sa tumelo ea rona.​—2Bakor 13:1; Tite 1:2.

Jehova o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae joang mehleng ea Joshua? Shebellang video ea ‘Ha ho Lentsoe le le Leng le Hlōlehileng ho Phethahala’. Ka mor’a moo le arabe lipotso tsena: (1) Re ka etsisa tumelo ea Rahaba joang? (Baheb. 11:31; Jak. 2:24-26) (2) Mohlala oa Akane o re thusa joang ho hlokomela hore ho se mamele Molimo ho ka re bakela mathata? (3) ke hobane’ng ha Bagibeone ba ile ba thetsa Joshua e le hore ba be le khotso le Baiseraele le hoja e ne e le masole? (4) Lentsoe la Jehova le ile la phethahala joang ha marena a mahlano a Baamore a tšosa Baiseraele? (Josh. 10:5-14) (5) Jehova o u thusitse joang ha u ntse u tsoela pele ho bontša hore u nka ’muso oa hae e le oa bohlokoa?—Mat. 6:33.

Ha re tsoela pele ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng, tseo a ntseng a tsoela pele ho li etsa le tseo a tla li etsa nakong e tlang, tumelo ea rona e tla tsoela pele e ntse e hola.​—Bar. 8:31, 32.

Na tumelo ea hao e matla joaloka ea Joshua?