1 Samuele 4:1-22

4  Lentsoe la Samuele la boela la tla ho Baiseraele bohle. Joale Baiseraele ba tsoa ho ea kopana le Bafilista ntoeng; ba hloma liahelo haufi le Ebenezere,+ ’me Bafilista ba hloma liahelo Afeke.+  Bafilista ba qala ho etsa thekō+ ho ea kopana le Baiseraele, ’me ntoa ea tsamaea hampe, hoo Baiseraele ba ileng ba hlōloa ka pel’a Bafilista,+ ba ileng ba bolaea banna ba ka bang likete tse ’nè moleng oa ntoa o kopaneng naheng.  Ha batho ba fihla liahelong banna ba baholo ba Iseraele ba qala ho re: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlōtse kajeno ka pel’a Bafilista?+ A re inkeleng areka ea selekane+ sa Jehova e Shilo, e le hore e ka tla har’a rōna ’me ea re pholosa liatleng tsa lira tsa rōna.”  Kahoo batho ba romeletsa Shilo ’me ho tloha moo ba jara areka ea selekane sa Jehova oa mabotho, ea lutseng holim ’a likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli ba ne ba le moo le areka ea selekane sa Molimo oa ’nete, e leng Hofni le Finease.+  Eitse hang ha areka ea selekane sa Jehova e fihla liahelong, Baiseraele bohle ba tlerola mohoo o phahameng,+ hoo lefatše le ileng la tlala pherekano.  Bafilista le bona ba utloa molumo oa mohoo ’me ba qala ho re: “Molumo oa mohoo+ oo o phahameng liahelong tsa Baheberu o bolela’ng?” Qetellong ba tseba hore areka ea Jehova e fihlile liahelong.  Bafilista ba tšoha, hobane, ba ne ba re: “Molimo o tlile liahelong!”+ Kahoo ba re: “Ho malimabe rōna, kaha ntho e kang ena le ka mohla ha e e-s’o etsahale pele!  Ho malimabe rōna! Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo ea ileng a otla Egepeta ka polao ea mofuta o mong le o mong lefeelleng.+  E-bang sebete ’me le be banna, lōna Bafilista, e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu feela joalokaha ba le sebelelitse;+ le be banna ’me le loane!” 10  Ka lebaka leo Bafilista ba loana ’me Baiseraele ba hlōloa,+ eaba e mong le e mong o balehela tenteng ea hae;+ ’me polao ea e-ba khōlō haholo,+ hoo ho Baiseraele ho ileng ha oa banna ba likete tse mashome a mararo ba tsamaeang ka maoto.+ 11  Areka ea Molimo ea haptjoa,+ eaba bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finease, baa shoa.+ 12  Monna oa Benjamine a qala ho matha a tloha moleng oa ntoa hoo a ileng a fihla Shilo letsatsing leo, liaparo tsa hae li hahohile+ ’me a le mobu hloohong.+ 13  Ha a fihla, Eli o ne a lutse setulong ka thōko ho tsela, a lebetse, hobane pelo ea hae e ne e thothomela ka lebaka la areka ea Molimo oa ’nete.+ Monna eo a kena ho ea tlalehela motse, ’me motse oohle oa qala ho hoeletsa. 14  Eli a utloa molumo oa mohoo. Kahoo a re: “Molumo oa morusu oo o bolela’ng?”+ Monna eo a potlaka e le hore a ka kena ’me a tlalehele Eli. 15  (Joale Eli o ne a le lilemo li mashome a robong a metso e robeli, ’me mahlo a hae a ne a sa panye hoo a neng a sa khone ho bona.)+ 16  Monna eo a re ho Eli: “Ke tsoa moleng oa ntoa, ’me ’na—ke balehile moleng oa ntoa kajeno.” Eaba o re: “Ho etsahetse’ng, mora oa ka?” 17  Kahoo ea tlalehang litaba a araba a re: “Baiseraele ba balehile ka pel’a Bafilista, hape ho bile le ho hlōloa ho hoholo har’a batho;+ hape bara ba hao ba babeli ba shoele—Hofni le Finease+—le eona areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+ 18  Eitse motsotsong oo ka oona a buang ka areka ea Molimo oa ’nete, a qala ho oa setulong ka seetse ka thōko ho heke, ’me a robeha molala hoo a ileng a shoa, hobane monna eo o ne a tsofetse ebile a le boima; o ne a ahlotse Baiseraele ka lilemo tse mashome a mane. 19  Ngoetsi ea hae, mosali oa Finease, e ne e le moimana ’me a le haufi le ho beleha, eaba o utloa tlaleho ea hore areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe le hore ntat’ae matsale le monna oa hae ba shoele. Eaba oa inama ’me o qala ho beleha, hobane bohloko bo ile ba mo tlela ka tšohanyetso.+ 20  Ha a le makhatheng a lefu, basali ba emeng pel’a hae ba qala ho bua: “U se ke ua tšoha, hobane u tsoetse mora.”+ Ha aa ka a araba ’me ha aa ka a beha pelo ea hae ho seo. 21  Empa a reha moshanyana eo Ikabode,+ a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong,”+ sena e le mabapi le ho haptjoa ha areka ea Molimo oa ’nete le mabapi le ntat’ae matsale le monna oa hae.+ 22  Kahoo a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong,+ hobane areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

Linaletsana