1 Samuele 5:1-12

5  Ha e le Bafilista, ba ile ba nka areka+ ea Molimo oa ’nete joale ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode.+  Bafilista ba nka areka ea Molimo oa ’nete ba e tlisa ka tlung ea Dagone ’me ba e beha ka thōko ho Dagone.+  Joale Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ’me bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova.+ Kahoo ba nka Dagone ’me ba mo khutlisetsa sebakeng sa hae.+  Ha ba tsoha hoseng letsatsi ka mor’a moo, bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova, ’me Dagone o ne a pomehile hlooho le liatla tsa matsoho ka bobeli, monyako.+ Ho ne ho setse karolo ea tlhapi feela ho eena.  Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ea Dagone ba sa hateng monyako oa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.  Letsoho la Jehova+ la e-ba boima holim ’a Baashdode, eaba o qala ho baka tšabo ’me o ba otla ka ho ruruha ha methapo ea ka morao,+ ke hore, Ashdode le libaka tsa eona.  Banna ba Ashdode ba bona hore ho joalo, eaba ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e se ke ea lula le rōna, hobane letsoho la hae le bile boima ho rōna le ho molimo oa rōna Dagone.”+  Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ho bona ’me ba re: “Re tla etsa’ng ka areka ea Molimo oa Iseraele?” Qetellong ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e ke e isoe nģ’a Gathe.”+ Kahoo ba tlisa areka ea Molimo oa Iseraele moo.  Eitse ka mor’a hore ba e tlise moo, letsoho la Jehova+ la e-ba holim ’a motse oo ka pherekano e khōlō haholo, ’me a qala ho otla batho ba motse, ho tloha ho ba banyenyane ho isa ho ba baholo, ’me ba qala ho ruruha methapo ea ka morao.+ 10  Kahoo ba romela areka ea Molimo oa ’nete Ekrone.+ Eitse hang ha areka ea Molimo oa ’nete e fihla Ekrone, Baekrone ba qala ho hoeletsa, ba re: “Ba tlisitse areka ea Molimo oa Iseraele ho ’na hore ba bolaee ’na le sechaba sa ka!”+ 11  Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ’me ba re: “Tsamaisang areka ea Molimo oa Iseraele e le hore e ka khutlela sebakeng sa eona ’me e se ke ea bolaea ’na le sechaba sa ka.” Etsoe ho ne ho bile le pherekano e bolaeang motseng oohle;+ letsoho la Molimo oa ’nete le ne le bile boima haholo moo,+ 12  ’me batho ba neng ba sa shoa ba ne ba otliloe ka ho ruruha ha methapo ea ka morao.+ Mohoo+ o kōpang thuso oa motse oo oa ’na oa nyolohela maholimong.

Linaletsana