1 Samuele 29:1-11

29  Bafilista+ ba bokella mabotho ’ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme liahelo haufi le seliba se neng se le Jezriele.+  Marena a selekane+ a Bafilista a ne a fetela pele ka makholo le ka likete, ’me Davida le banna ba hae ba ne ba fetela pele ka mor’a moo le Akishe.+  Likhosana tsa Bafilista tsa qala ho re: “Taba ea Baheberu+ baa ke efe?” Eaba Akishe o re ho likhosana tsa Bafilista: “Na enoa hase Davida mohlanka oa Saule morena oa Iseraele, ea neng a e-na le ’na moo ka selemo kapa tse peli,+ ’me ke sa ka ka fumana+ letho ho eena ho tloha letsatsing la ha a koenehela ho ’na ho fihlela letsatsing lee?”  Likhosana tsa Bafilista tsa mo halefela; likhosana tsa Bafilista tsa tsoela pele ho re ho eena: “Khutlisa monna enoa,+ ’me u re a khutlele sebakeng sa hae moo u mo abetseng teng; u se ke ua mo lumella hore a theohele le rōna ntoeng, e le hore a se ke a fetoha mohanyetsi+ oa rōna ntoeng. Motho eo o tla iketsa ea amohelehang joang ho morena oa hae? Na hase ka lihlooho tsa banna bao ba rōna?  Na eo hase Davida eo ba ’nileng ba mo arabela ka metjeko, ba re, ‘Saule o bolaile likete tsa hae, ’me Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome’?”+  Ka lebaka leo Akishe+ a bitsa Davida ’me a re ho eena: “Ka Jehova ea phelang,+ u lokile, ’me ho tsoa ha hao le ho kena+ ha hao le ’na liahelong ho ’nile ha e-ba hotle mahlong a ka;+ etsoe ha kea fumana bobe ho uena ho tloha letsatsing la ho tla ha hao ho ’na ho fihlela letsatsing lena.+ Empa mahlong a marena a selekane+ ha u molemo.  Joale khutla ’me u ee ka khotso, e le hore u se ke ua etsa letho le lebe mahlong a marena a selekane a Bafilista.”  Leha ho le joalo, Davida a re ho Akishe: “Ke hobane’ng, ke entse’ng,+ ’me u fumane’ng ho mohlanka oa hao ho tloha letsatsing leo ka lona ke bileng ka pel’a hao ho fihlela letsatsing lee,+ hore ebe ha kea lokela ho tla ’me ke loantše lira tsa khosi ea ka morena?”  Eaba Akishe oa araba ’me o re ho Davida: “Ke tseba hantle hore u ’nile ua ba molemo mahlong a ka, joaloka lengeloi la Molimo.+ Ke likhosana tsa Bafilista feela tse itseng, ‘U se ke ua mo lumella ho nyolohela le rōna ntoeng.’ 10  Joale u tsohe hoseng haholo le bahlanka ba morena oa hao ba tlileng le uena; le tsohe hoseng haholo ha ho se ho khanya bakeng sa lōna. Joale le tsamaee.”+ 11  Tumellanong le hoo Davida a tsoha hoseng, eena le banna ba hae, hore ba tsamaee hoseng+ ’me ba khutlele naheng ea Bafilista; Bafilista ba nyolohela Jezriele.+

Linaletsana