Tlhaloso ea Mantsoe a Sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova
Rea leboha hore ebe u thahasella ho tlaleha ka mesebetsi eo Lipaki Tsa Jehova li e etsang. Tataiso e latelang e reretsoe ho u thusa ho utloisisa hore na mantsoe ao re a sebelisang mokhatlong oa rona a ngoloa joang le hore na a bolela’ng. Haeba u na le potso ka taba e itseng e sa hlaheng tataisong ena, re kopa u ngolle kapa u letsetse ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova.
Bethele, mosebeletsi oa Bethele, lelapa la Bethele. “Bethele” ke lentsoe la Seheberu le bolelang “Ntlo ea Molimo.” Ke sebaka seo ho sona Lipaki Tsa Jehova li tsamaisang le ho tšehetsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele naheng kapa linaheng tse itseng. Lipaki tse sebeletsang libakeng tsena ke karolo ea mokhatlo oa rona ’me ba tsejoa e le “basebeletsi ba Bethele.” Ha ba pataloe. Ba bitsoa “lelapa la Bethele” hobane joaloka lelapa ba lula hammoho, ba rapela hammoho hape ba sebetsa hammoho. Poleloana “mosebeletsi oa Bethele” ha e sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho ea sebeletsang Bethele.
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Sehlooho se felletseng sa Mangolo a Seheberu (“Testamente ea Khale”) le Mangolo a Segerike (“Testamente e Ncha”) a fetoletsoeng le ho hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova. E ka boela ea bitsoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Gileade, Sekolo sa Gileade. Lebitso le khutsufalitsoeng la Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se bileng teng ka 1943 ka morero oa ho koetlisa baromuoa. Hona joale se fana ka thupelo ea Bibele ea likhoeli tse hlano eo Lipaki Tsa Jehova li memeloang ho eona. Ha u sa sebelise lebitso le felletseng, u ka ngola “sekolo” ka litlhaku tse nyenyane.
ho bolela. Sheba: tšebeletso ea tšimo.
Holo ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova. Holo e kholo ea Lipaki Tsa Jehova eo liphutheho tse ’maloa tse hlahang sebakeng se itseng li bokanang ho eona ka linako tse itseng tsa selemo. E ka boela ea bitsoa “Holo ea Kopano.”
Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Sebaka sa borapeli se sebelisoang ke phutheho e le ’ngoe kapa ho feta. Hangata se bitsoa “Holo ea ’Muso.” Re kopa hore u qobe ho sebelisa lentsoe “kereke”.
Jehova. Ke lebitso le hlahang ka Bibeleng la Molimo ea matla ’ohle ebile e le ’Mopi. (Pesaleme ea 83:18) Lebitso “Jehova” ha le sebelisoe e le khutsufatso ea e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Jesu Kreste. Mora ea mong oa Molimo. (Johanne 3:16) Lipaki Tsa Jehova li nka Jesu Kreste e le Moeta-pele oa tsona ’me li leka kahohle-hohle ho etsisa mohlala oa hae le ho etsa lintho tseo a neng a li ruta. Li boetse li mo nka e le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa ea kileng a phela, e le Paki ea Jehova e ka sehloohong, hape e le motho eo Jehova Molimo a tla mo sebelisa ho pholosa moloko oa batho.—Esaia 9:6, 7; Tšenolo 1:5.
Komiti ea Lekala. Ha ho thehoa ofisi ea lekala, ho boetse ho thehoa le Komiti ea Lekala e nang le baholo ba bararo kapa ho feta. Mosebetsi oa Komiti ea Lekala ke ho hlokomela mesebetsi e etsoang naheng kapa linaheng tse tlas’a lekala leo.
kopano. Sheba: kopano ea machaba, kopano ea potoloho le kopano ea setereke.
kopano ea machaba. Seboka sa matsatsi a mararo se tšoaroang selemo le selemo litoropong tse itseng moo Lipaki Tsa Jehova li rapelang le ho ithuta Bibele hammoho. Ho mengoa Lipaki Tsa Jehova tse tsoang linaheng tse fapaneng hore e be baeti. Batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova le bona ba lumelletsoe hore ba be teng. Likopano tsena li thusa batho hore ba be le setsoalle se matla le Jehova le ho matlafatsa bonngoe har’a Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle. Hangata likopano tsa machaba li tšoaroa ho tloha Labohlano ho fihlela Sontaha libakeng tse hiriloeng. Ho kenoa mahala ebile ha ho ntšoe koleke.
kopano ea potoloho. Seboka sa letsatsi le le leng seo liphutheho tse ’maloa tsa Lipaki Tsa Jehova li eang ho sona habeli ka selemo. Likopanong tsa potoloho, batho bohle ba lumeletsoe ho ba teng. Li thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Likopano tsena li boetse li thusa batho ba lilemo tsohle hore ba rue molemo likeletsong tse hlahang ka Bibeleng. Ho ba le litšoantšiso tse khutšoanyane tse thusang bamameli ho bona hore na ba ka sebelisa likeletso tsa Bibele joang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Hangata likopano tsena li tšoareloa Liholong Tsa Kopano tsa Lipaki Tsa Jehova. Li ka boela tsa tšoareloa libakeng tse hiriloeng kapa tsa shebelloa ka Inthanete. Hangata likopano tsena li tšoaroa mafelo a beke. Ho kenoa mahala ebile ha ho ntšoe koleke.
kopano ea setereke. Seboka sa matsatsi a mararo seo liphutheho tse ’maloa tsa sebakeng se itseng li eang ho sona selemo le selemo. Se reretsoe ho thusa batho hore ba be le setsoalle se matla le Molimo. Batho bohle ba ka ba teng kopanong ena. Ho fanoa ka litlhahiso tse thusang batho ba lilemo tse fapaneng ho rua molemo likeletsong tsa Bibele. Ho boetse ho ba le litšoantšiso tsa se etsahalang bophelong ba letsatsi le letsatsi le litšoantšiso tsa litlaleho tse hlahang ka hare ho Bibele tse bontšang kamoo re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele kateng. Hangata likopano tsa setereke li tšoareloa libakeng tse kholo tse hiriloeng, tse kang liholong tse kholo le mabaleng a lipapali. Likopano tse nyenyane tsa setereke li ka boela tsa tšoareloa Liholong Tsa Kopano tsa Lipaki Tsa Jehova. Hangata li tšoaroa ka seqo ho tloha Labohlano ho fihlela Sontaha. Morao tjena, likhatiso tsa mananeo a likopano lia fumaneha Inthaneteng. Joaloka libokeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova, ho kenoa mahala ebile ha ho ntšoe koleke.
Lipaki Tsa Jehova. Sehlopha sa bolumeli se rapelang Jehova Molimo le ho ruta batho Bibele ka litsela tse fapaneng. Sepheo sa bona mosebetsing oa ho ruta batho Bibele ke ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Lebitso lena le ba khetholla ho malumeli a mang, le bontša hore na ba sebeletsa mang, hape le bontša hore ba ithaopela ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele molemong oa lebitso la Molimo. Motho e ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ha a se a utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, a tšoaneleha ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova, a bile a kolobelitsoe ho bontša boinehelo ba hae ho Jehova Molimo. Ha u ngola lebitso lena ka lekhetlo la pele tlalehong eo u e ngolang, sebelisa lebitso le felletseng la “Lipaki Tsa Jehova.” U ka khutsufatsa lebitso lena ’me oa sebelisa “Lipaki.” Ha u bua ka motho a le mong, u ka re “Paki” kapa “e mong oa Lipaki Tsa Jehova.”—Esaia 43:10.
mohlanka ea sebeletsang. Motho e motona eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea nang le tumelo e matla, ea khethetsoeng ho thusa baholo ho hlokomela phutheho. E le hore a tšoanelehe ho ba mohlanka ea sebeletsang, o lokela ho tsoela pele a bonahatsa makhabane a hlahang ho 1 Timothea 3:8-10, 12, 13 le Tite 2:6-8. Bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela le ho hlophisa mesebetsi ea bohlokoa ea phutheho. Ha ba patalloe mesebetsi eo ba e etsang hape ha baa hiroa ke phutheho eo ba leng ho eona kapa ke mokhatlo leha e le ofe oa Lipaki Tsa Jehova. Bahlanka ba sebeletsang ba bangata ba etsa mosebetsi oa boipheliso e le hore ba itlhokomele le hore ba hlokomele malapa a bona. Ha nako e ntse e ea, ba bang ba bona ba ka tšoaneleha hore e be baholo. Poleloana “mohlanka ea sebeletsang” ha e sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho.
mohoeletsi. Motho ea rutang batho Bibele a sebetsa le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova. E le hore motho a tšoanelehe ho ba mohoeletsi, o lokela hore a be a utloisisa le ho lumela lithuto tsa motheo tsa Bibele a bile a phela tumellanong le melao-motheo ea Molimo. Bahoeletsi ha ba patalloe ho ruta batho Bibele ebile ha baa hiroa ke phutheho eo ba leng ho eona kapa mokhatlo leha e le ofe oa Lipaki Tsa Jehova. Lentsoe “mohoeletsi” ha le sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho.
moholo. Motho e motona eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea nang le tumelo e matla ea khethetsoeng ho ruta le ho hlokomela litho tsa phutheho. Moholo o lokela ho tsoela pele a bonahatsa makhabane a hlahang ho 1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9; Jakobo 3:17, 18; le 1 Petrose 5:2. Baholo ha ba pataloe ebile ha baa hiroa ke phutheho kapa mokhatlo leha e le ofe oa Lipaki Tsa Jehova. Baholo ba bangata ba etsa mosebetsi oa boipheliso e le hore ba itlhokomele le hore ba hlokomele malapa a bona. Lipaki ha li na baruti ’me baholo ha se baruti hape ha baa phahamela litho tse ling tsa phutheho. Lentsoe “moholo” ha le sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho.
mokhatlo oa bara ba motho. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle (li akarelletsa batho ba batona le ba batšehali).—1 Petrose 5:9.
molebeli oa potoloho. Moholo ea nang le phihlelo ea sebetsang tlas’a tataiso ea ofisi ea lekala (hammoho le molekane oa hae, haeba a nyetse). Hangata o etela liphutheho tse potolohong e itseng habeli ka selemo. Ha a le phuthehong e itseng, o khothatsa batho ka bo-mong a be a fane ka tataiso ho baholo le bahlanka ba sebeletsang. Molebeli oa potoloho o fana ka puo a nahanne ka litlhoko tsa phutheho ka ’ngoe. Poleloana “molebeli oa potoloho” ha e sebelisetsoe ho fana ka tlotla tlhompho ho motho.
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Sehlooho se felletseng sa makasine o ka sehloohong oo Lipaki Tsa Jehova li o hatisang le ho o fa batho. O ka boetse oa bitsoa Molula-Qhooa. Lebitso lena le bontša lebaka leo makasine ona o hatisoang ka lona, e leng ho thusa batho ho hlokomela kamoo morero oa Molimo o phethahalang kateng. (Matheu 24:42) Molula-Qhooa oa batho bohle o fuoa batho ba ka thabelang ho o bala mahala. Molula-Qhooa o ithutoang o sebelisoa bakeng sa puisano ea lipotso le likarabo e bang teng beke le beke liphuthehong lefatšeng lohle. Molula-Qhooa oa Senyesemane [The Watchtower] esale o hatisoa ho tloha ka 1879. Ke o mong oa limakasine tse ajoang ka ho fetisisa lefatšeng.
mor’abo rona. Motho e motona eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea kolobelitsoeng. Ha poleloana ena e ngoloa, e qaloa ka tlhaku e nyenyane haeba e sa bue ka motho ea itseng ka ho toba. Empa ha e bua ka motho ea itseng eo e leng Paki ’me e lateloa ke fane ea hae, e qaloa ka tlhaku e kholo (ka mohlala, Mor’abo rona Mokoena). Poleloana ena ha e sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho. Poleloana ena e sebelisoa ka tsela e tšoanang ha ho buuoa ka motho e motšehali eo e leng Paki (ka mohlala, Morali oa bo rona Mokoena).
morali oa bo rona. Motho e motšehali eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea kolobelitsoeng. E ngoloa ka litlhaku tse nyenyane haeba e sa bue ka motho ea itseng ka ho toba. Empa ha ho buuoa ka motho ea itseng ka ho toba ’me e lateloa ke fane ea hae, e qaloa ka tlhaku e kholo (ka mohlala, Morali oa bo rona Mokoena). Poleloana ena ha e sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho. E sebelisoa ka tsela e tšoanang ha ho buuoa ka mor’abo rona (ka mohlala, Mor’abo rona Mokoena).
moromuoa. Paki e kolobelitsoeng e khethoang le ho rongoa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ho sebeletsa libakeng tse fapaneng lefatšeng lohle. Baromuoa ba ikemiselitse ho siea mahae a bona le ho fallela libakeng tse ling e le ho thusa ka ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso.—Matheu 24:14.
ofisi ea lekala. Sebaka seo Komiti ea Lekala e se sebelisang ho tšehetsa le ho hlophisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang linaheng tse fapaneng. Ha e khutsufalitsoe e bitsoa “lekala.”
phutheho. Sehlopha se hlophisitsoeng sa Lipaki Tsa Jehova se kopanang ka makhetlo e le ho rapela hammoho. Ho khethoa sehlopha sa baholo se arolelanang boikarabelo ba ho tsamaisa mananeo a thuto ea Bibele phuthehong. Sehlopha sena se boetse se fana ka tataiso e thehiloeng Bibeleng ho phutheho e le sehlopha le ho motho ka bo-mong. Motho e mong le e mong a ka ba teng libokeng tsa phutheho. Ho kenoa mahala ebile ha ho ntšoe koleke.
potoloho. Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fumanehang sebakeng se itseng.
pula-maliboho. Paki e kolobelitsoeng e qetang lihora tse itseng e etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Hangata ha ho buuoa ka pula-maliboho ho buuoa ka “pula-maliboho ea kamehla,” e leng motho ea qetang lihora tse 600 selemo le selemo a ruta batho Bibele kapa lihora tse 50 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ka linako tse ling, ho buuoa ka “pula-maliboho e thusang,” e leng motho ea qetang lihora tse 15 kapa tse 30 ka khoeli kapa ka likhoeli tse ’maloa tse latellanang a ruta batho Bibele. Bo-pula-maliboho ha ba pataloe ebile ha baa hiroa ke liphutheho tseo ba leng ho tsona kapa ke mokhatlo leha e le ofe oa Lipaki Tsa Jehova. Bo-pula-maliboho ba bangata ba etsa mosebetsi oa boipheliso e le hore ba itlhokomele. Lentsoe lena ha le sebelisetsoe ho fana ka tlotla kapa tlhompho ho motho.
seboka sa har’a beke. Seboka sa phutheho sa mantsiboea seo hangata se tšoaroang hanngoe ka beke. Seboka sena se na le likarolo tse tharo ’me se bitsoa seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Se reretsoe ho thusa Lipaki hore li atlehe haholoanyane mosebetsing oa ho ruta batho Bibele. Joaloka libokeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova, sebokeng sa har’a beke ho kenoa mahala ebile ha ho ntšoe koleke, ebang motho o tlile ka seqo kapa o kene ka marangrang.
Seboka sa Phatlalatsa. Seboka sa phutheho sa beke le beke, seo hangata se tšoaroang mafelo a beke. Sebokeng sena ho fanoa ka puo e thehiloeng Bibeleng ea metsotso e 30 bakeng sa batho bohle. Hangata puo ena e lateloa ke Thuto ea Molula-Qhooa, e leng puisano e nkang hora ea lipotso le likarabo moo ho tšohloang sehlooho se thehiloeng Bibeleng se hlahang makasineng oa Molula-Qhooa o ithutoang. Joaloka libokeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova, ho kenoa mahala sebokeng sena ebang motho o tlile ka seqo kapa o kene ka marangrang ’me ha ho ntšoe koleke.
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Sehlopha se senyenyane sa baholo ba khethetsoeng ho thusa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara hore ba be le setsoalle se matla le Molimo. Ha se khutsufalitsoe se bitsoa “Sehlopha se Busang.” Mosebetsi oa bona ke ho lokisetsa hore ho be le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Le hoja Sehlopha se Busang se etella pele ho hlophiseng mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara, ba nka Jesu Kreste e le eena feela Moeta-pele oa Lipaki Tsa Jehova. Liofisi tsa Sehlopha se Busang li fumaneha Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York, U.S.A.
Sehopotso sa lefu la Kreste. Ketsahalo ea selemo le selemo ea ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste. E boetse e bitsoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Lijo Tsa Morena Tsa Shoalane, Lijo Tsa ho Qetela Tsa Shoalane, Sehopotso, kapa Sehopotso sa lefu la Jesu.
Lipaki Tsa Jehova li nka Sehopotso sa lefu la Kreste e le ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong. Ke oona feela mokete oa bolumeli oo Kreste a laetseng balateli ba hae hore ba o keteke.—Luka 22:19, 20.
tšebeletso ea tšimo. Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang ho latela taelo eo Jesu a ileng a fana ka eona ea hore, ‘litaba tse monate tsa ’Muso li boleloe lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe.’—Matheu 24:14; 28:19.
Tsoha! Makasine oo Lipaki Tsa Jehova li o hatisang le ho o fa batho. Ha o qala ho hatisoa ka 1919, o ne o bitsoa The Golden Age. Lebitso la oona le ile la fetoloa hore e be Consolation ka 1937. Ho tloha ka khatiso ea la 22 August 1946, makasine ona o ile oa qala ho bitsoa Awake! Lebitso Awake! [Tsoha!] le ile la khethoa e le ho hlokomelisa babali hore Bibele e ile ea bolela esale pele ka liketsahalo tse etsahalang lefatšeng. Ke o mong oa limakasine tse ajoang ka ho fetisisa lefatšeng.
HLOKOMELA: Ha u tlaleha ka Lipaki Tsa Jehova, re kopa hore o sebelise lebitso le felletseng qalong ea tlaleho. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba: Lipaki Tsa Jehova.

