Selelekela sa Karolo ya 5
Dikgwedi tse pedi ka mora hore Baiseraele ba tshele Lewatle le Lefubedu, ba ile ba fihla Thabeng ya Sinai. Ha ba le moo, Jehova o ile a etsa selekane le bona sa hore ke setjhaba sa hae se kgethehileng. O ile a ba sireletsa, a ba hlokomela ka sohle seo ba se hlokang, a ba fa manna, diaparo le sebaka se sireletsehileng. Haeba o motswadi, thusa ngwana wa hao hore a utlwisise lebaka le entseng hore Jehova a fe Baiseraele Molao, a ba laele hore ba etse tabernakele le ho kgetha baprista. Mo bontshe bohlokwa ba ho phetha seo re se tshepisitseng, ba ho dula re ikokobeditse le ho tshepahalla Jehova.
KAROLONG ENA
THUTO YA 23
Ba Tshepisa ho Mamela Jehova
Ha Baiseraele ba le Thabeng ya Sinai, ba ile ba tshepisa Modimo hore ba tla mamela melao ya hae.
THUTO YA 24
Ha ba Etse Seo ba se Tshepisitseng
Ha Moshe a ntse a fuwa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kgolo.
THUTO YA 25
Tabernakele eo ho Rapellwang ho Yona
Ka tenteng ena e ikgethang ho ne ho ena le areka ya selekane.
THUTO YA 26
Dihlwela Tse 12
Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le seo dihlwela tse ding tse leshome di se buileng.
THUTO YA 27
Ba Ile ba Fetohela Jehova
Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hloleha ho ithuta ntlha ya bohlokwa ka Jehova.

