Ithute Dipaleng Tsa Bibele

Selelekela sa Karolo ya 4

Sesotho (South Africa)
Selelekela sa Karolo ya 4
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102016134/univ/art/1102016134_univ_sqr_xl.jpg
lfb maq. 38-39

Selelekela sa Karolo ya 4

Selelekela sa Karolo ya 4

Karolong ena re tlo bua ka Josefa, Jobo, Moshe le Baiseraele. Kaofela ha bona ba ile ba mamella mathata a mangata a neng a tliswa ke Diabolose. Ba bang ba ile ba tshwarwa hampe, ba kwallwa teronkong, ya eba makgoba mme ba bang ba bolawa. Empa Jehova o ile a ba sireletsa ka ditsela tse sa tshwaneng. Thusa ngwana wa hao ho utlwisisa hore le hoja bahlanka bana ba Jehova ba ile ba tobana le mathata, ha ba a ka ba fellwa ke tumelo.

Jehova o ile a sebedisa Dikotlo Tse Leshome ho bontsha hore o matla ho feta medimo yohle ya Egepeta. Bontsha ngwana wa hao ka moo Jehova a ileng a sireletsa bahlanka ba hae ka teng nakong e fetileng le ka moo a ba sireletsang ka teng kajeno.

KAROLONG ENA

THUTO YA 14

Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo

Josefa o ile a etsa se nepahetseng empa a nna a ba le mathata. Hobaneng?

THUTO YA 15

Jehova ha a ka a Lebala Josefa

Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, Modimo ha a ka a mo lebala.

THUTO YA 16

Jobo e ne e le Mang?

O ile a mamela Jehova le ha ho ne ho le thata.

THUTO YA 17

Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova

Lesea Moshe le ile la pholoswa ke mme wa lona.

THUTO YA 18

Sehlahla se Tukang

Ke hobaneng ha mollo o ne o sa tjhese sehlahla se tukang?

THUTO YA 19

Dikotlo Tse Tharo Tse Qalang

Faro o ile a tlisetsa batho ba hae tlokotsi hobane ka boikgohomoso o ile a hana ho mamela taelo e le nngwe feela e bonolo.

THUTO YA 20

Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

Dikotlo tsee di ne di fapane jwang le tse tharo tse qalang?

THUTO YA 21

Kotlo ya Leshome

Kotlo ena e ne e le bohloko hoo Faro a ileng a qetella a lokollotse Baiseraele.

THUTO YA 22

Ho Etsahala Mohlolo Lewatleng le Lefubedu

Le hoja Faro a ile a pholoha dikotlong tse leshome, na o ile a pholoha Lewatleng le Lefubedu?