Ithute Dipaleng Tsa Bibele

Selelekela sa Karolo ya 13

Sesotho (South Africa)
Selelekela sa Karolo ya 13
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102016143/univ/art/1102016143_univ_sqr_xl.jpg
lfb maq. 202-203

Selelekela sa Karolo ya 13

Selelekela sa Karolo ya 13

Jesu o ile a tla lefatsheng ho fana ka bophelo ba hae ho batho ba sa phethahalang. Le hoja a ile a shwa, o hlotse lefatshe. Jehova o ile a tshepahalla Mora wa hae mme a mo tsosa bafung. Ka boikokobetso Jesu o ile a sebeletsa batho ba bang, a ba a ba tshwarela ha ba etsa diphoso, ho fihlela a kgokgothelwa palong. Ka mora ho tsoswa bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuwa ba hae. O ile a ba ruta ho etsa mosebetsi wa bohlokwa oo a neng a ba file wona. Thusa ngwana wa hao ho bona hore o lokela ho etsa mosebetsi ona wa bohlokwa.

KAROLONG ENA

THUTO YA 87

Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

Jesu o fa baapostola ditaelo tsa bohlokwa dijong tsa shwalane.

THUTO YA 88

Jesu o a Tshwarwa

Judase Iskariota o etella pele batho ba bangata ba tshwereng disabole le melamu hore ba ilo tshwara Jesu.

THUTO YA 89

Petrose o Latola Jesu

Ho etsahalang lebaleng la ntlo ya Kaifase mme ho etsahalang ka Jesu ha a le ka tlung?

THUTO YA 90

Jesu o Shwella Golgotha

Ke hobaneng ha Pilato a laela hore Jesu a bolawe?

THUTO YA 91

Jesu o Tsoswa Bafung

Ho ile ha etsahalang matsatsi ka mora hore Jesu a bolawe?

THUTO YA 92

Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi

Jesu o ile a etsang hore ba hlokomele hore ke yena?

THUTO YA 93

Jesu o Kgutlela Lehodimong

Pele a nyolohela lehodimong, o ile a fa barutuwa ba hae ditaelo tsa bohlokwa.