Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Buka ena e na le dipale tsa dintho tse ileng tsa etsahala ho tloha ha Modimo a bopa dintho, ha Jesu a hlaha le tse tla etsahala ho fihlela Mmuso wa Modimo o tla.
Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
Buka ee e ka sebediswa jwang?
THUTO YA 1
Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe
Bibele e re Modimo o bopile lehodimo le lefatshe. Empa na o a tseba hore na Modimo o bopile lengeloi lefe pele a etsa batho le dintho tse ding kaofela?
THUTO YA 2
Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele
Modimo o bopile monna wa pele le mosadi wa pele yaba o ba beha serapeng sa Edene. O ne a batla hore ba qale lelapa le ho etsa hore lefatshe lohle e be paradeise.
THUTO YA 3
Adama le Eva ha ba a ka ba Mamela Modimo
Keng e neng e ikgetha ka sefate se neng se le bohareng ba serapa sa Edene? Ke hobaneng ha Eva a ile a ja tholwana ya sefate seo?
THUTO YA 4
O Ile a Bolaya Ngwanabo ka Lebaka la ho Kwata
Modimo o ile a amohela sehlabelo sa Abele empa a se ke a amohela sa Kaine. Kaine o ile a kwata ha a bona hore Modimo o amohela sehlabelo sa Abele mme a etsa ntho e mpe.
THUTO YA 5
Areka ya Noe
Mangeloi a sa mameleng Modimo a ile a nyala basadi lefatsheng mme a ba le bana ba dinatla. Ho ne ho tletse ntwa lefatsheng empa Noe yena o ne a lokile a bile a mamela Modimo.
THUTO YA 6
Batho ba Robedi ba Pholoha Morwallo
Pula e ile ya na bosiu le motshehare ka matsatsi a 40. Noe le ba lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Qetellong, Modimo a re ba tswe ka arekeng.
THUTO YA 7
Tora ya Babele
Batho ba haha motse le tora e fihlang lehodimong. Ke hobaneng ha Modimo a ile a etsa hore batho ba bue dipuo tse sa tshwaneng?
THUTO YA 8
Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo
Ke hobaneng ha Abrahama le Sara ba ile ba tloha motseng wa bona wa Ure yaba ba ya Kanana?
THUTO YA 9
Abrahama le Sara ba ba le Mora
Modimo o ne a tla phethahatsa tshepiso ya hae ho Abrahama jwang? Na o ne a tla phethahatsa tshepiso ee ka Isaka kapa ka Ishmaele?
THUTO YA 10
Hopolang Mosadi wa Lota
Modimo o ile a etsa hore ho ne mollo le sebabole motseng wa Sodoma le Gomora. Ke hobaneng ha Modimo a ile a fedisa metse ee? Ke hobaneng ha re lokela ho hopola mosadi wa Lota?
THUTO YA 11
Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla
Modimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore o nke mora wa hao ya mong o mo etse sehlabelo thabeng ya Moria.’ Abrahama o ne a tla bontsha jwang hore o na le tumelo e matla?
THUTO YA 12
Jakobo o Fuwa Lefa
Isaka le Rebeka ba ne ba ena le mafahla a bashanyana, e leng Esau le Jakobo. Ka ha Esau e ne e le lefahla le leholo, ke yena ya neng a lokela ho fuwa lefa la bohlokwa. Ke hobaneng ha a ile a fana ka lona?
THUTO YA 13
Jakobo le Esau ba Bopa Kgotso
Lengeloi le ile la hlohonolofatsa Jakobo jwang? O ile a bopa kgotso le Esau jwang?
THUTO YA 14
Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo
Josefa o ile a etsa se nepahetseng empa a nna a ba le mathata. Hobaneng?
THUTO YA 15
Jehova ha a ka a Lebala Josefa
Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, Modimo ha a ka a mo lebala.
THUTO YA 19
Dikotlo Tse Tharo Tse Qalang
Faro o ile a tlisetsa batho ba hae tlokotsi hobane ka boikgohomoso o ile a hana ho mamela taelo e le nngwe feela e bonolo.
THUTO YA 20
Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng
Dikotlo tsee di ne di fapane jwang le tse tharo tse qalang?
THUTO YA 21
Kotlo ya Leshome
Kotlo ena e ne e le bohloko hoo Faro a ileng a qetella a lokollotse Baiseraele.
THUTO YA 22
Ho Etsahala Mohlolo Lewatleng le Lefubedu
Le hoja Faro a ile a pholoha dikotlong tse leshome, na o ile a pholoha Lewatleng le Lefubedu?
THUTO YA 23
Ba Tshepisa ho Mamela Jehova
Ha Baiseraele ba le Thabeng ya Sinai, ba ile ba tshepisa Modimo hore ba tla mamela melao ya hae.
THUTO YA 24
Ha ba Etse Seo ba se Tshepisitseng
Ha Moshe a ntse a fuwa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kgolo.
THUTO YA 25
Tabernakele eo ho Rapellwang ho Yona
Ka tenteng ena e ikgethang ho ne ho ena le areka ya selekane.
THUTO YA 26
Dihlwela Tse 12
Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le seo dihlwela tse ding tse leshome di se buileng.
THUTO YA 27
Ba Ile ba Fetohela Jehova
Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hloleha ho ithuta ntlha ya bohlokwa ka Jehova.
THUTO YA 29
Jehova o Kgetha Joshua
Modimo o ile a fa Joshua ditaelo tse ka re tswelang molemo kajeno.
THUTO YA 30
Rahaba o Pata Dihlwela
Marako a Jeriko a wa empa ntlo ya Rahaba ha e we, le hoja e ne e itshetlehile ka lerako.
THUTO YA 31
Joshua le Bagibeone
Joshua o ile a rapela Modimo a re: “Letsatsi ema!” Na Modimo o ile a mo araba?
THUTO YA 32
Moetapele e Motjha le Basadi ba Babedi ba Sebete
Ka mora hore Joshua a shwe, Baiseraele ba ile ba qala ho rapela medimo ya ditshwantsho. Ba ile ba phela ka thata empa ba lopollwa ke Moahlodi Barake, moprofeta ya bitswang Debora le Jaele ya ileng a kokotela Sisera hloohong ka tshepe ya tente
THUTO YA 33
Ruthe le Naomi
Basadi ba babedi ba neng ba hlokahalletswe ke banna ba ile ba kgutlela Iseraele. E mong wa basadi bao, e leng Ruthe, o ile a ya masimong mme ha a le moo Boase a mo hlokomela.
THUTO YA 34
Gideone o Ile a Hlola Bamidiane
Batho ba Jehova ba ile ba mo kopa hore a ba thuse hobane Bamidiane ba ne ba ba phedisa habohloko. Masole a Gideone a ile a hlola dira tsa ona tse 135 000 jwang?
THUTO YA 35
Anna o Rapella ho ba le Mora
Elkana o ya tabernakeleng Shilo le Anna, Penina le bana ho ya rapela. Ha ba le moo, Anna o rapella ho ba le mora. Selemo ha morao, Samuele o a hlaha.
THUTO YA 36
Tshepiso ya Jafeta
Jafeta o ile a tshepisa Jehova eng, hona hobaneng? Moradi wa Jafeta o ile a reng ha a utlwa tshepiso ya ntate wa hae?
THUTO YA 37
Jehova o Bua le Samuele
Bara ba Moprista ya Phahameng Eli ba ne ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista empa ba sa hlomphe melao ya Modimo. Samuele o ne a fapane le bona le hoja a ne a le monyenyane mme Jehova o ile a bua le yena.
THUTO YA 38
Jehova o fa Samsone Matla
Modimo o fa Samsone matla a hore a lwantshe Bafilista empa ba a mo tshwara ka mora hore a etse qeto e fosahetseng.
THUTO YA 39
Morena wa Pele wa Iseraele
Modimo o ne a kgethile baahlodi hore ba etelle Baiseraele pele empa Baiseraele bona ba re ba batla morena. Samuele o tlotsa Saule hore e be morena wa pele empa ha morao Jehova o lahla Saule. Hobaneng?
THUTO YA 40
Davida le Goliathe
Jehova o kgetha Davida hore e be yena morena ya hlahlamang Saule mme Davida o a bontsha hore na ke hobaneng ha a kgethilwe.
THUTO YA 41
Davida le Saule
Ke hobaneng ha e mong wa banna baa a hloile e mong, hona ya hloilweng o ikutlwa jwang?
THUTO YA 42
Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala
Davida le mora wa morena e ne e le metswalle ya hlooho ya kgomo.
THUTO YA 44
Tempele ya Jehova
Modimo o arabela thapelo ya Morena Solomone mme o a mo hlohonolofatsa.
THUTO YA 49
Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo
Jezebele o rera ho bolaya Nabothe e le hore feela a utswe tshimo ya hae ya morara! Jehova o ne a ntse a bona dintho tse kgopo tseo a di etsang.
THUTO YA 50
Jehova o Sireletsa Josafate
Morena Josafate o rapela Modimo ha ditjhaba tsa direng di rera ho hlasela Juda.
THUTO YA 51
Naamane le Ngwanana wa Moiseraele
Ngwanana wa Moiseraele o bolella monga hae hore Jehova o na le matla a ho etsa mehlolo.
THUTO YA 52
Lebotho le Matla la Jehova
Mohlanka wa Elisha o ile a bona hore ‘ba nang le bona ba bangata ho feta ba nang le Basiria.’
THUTO YA 53
Jehojada o Bontsha Hore o Sebete
Moprista ya tshepahalang o hanyetsa mofumahadi ya kgopo.
THUTO YA 54
Jehova o Ile a Mamella Jonase
Ho tlile jwang hore tlhapi e kgolo e kwenye moprofeta e mong wa Modimo? O ile a tswa jwang ka ho yona? Jehova o ile a mo ruta thuto efe?
THUTO YA 55
Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase
Dira tsa Bajuda di ne di re Jehova a ke ke a sireletsa batho ba hae, empa di ne di fositse!
THUTO YA 56
Josiase o ne a Rata Molao wa Modimo
Josiase e ile ya eba morena ha a le dilemo di robedi, mme a thusa batho ba habo hore ba rapele Jehova.
THUTO YA 57
Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela
Seo Jeremia a ileng a se bua se ile sa etsa hore baholo ba kwate.
THUTO YA 58
Jerusalema e a Timetswa
Jehova o lahla batho ba Juda hobane ba tswela pele ho rapela medimo ya bohata.
THUTO YA 59
Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova
Bajuda ba banyenyane ba ikemiseditse ho dula ba tshepahalla Jehova, esita le ha ba le lekgotleng la borena la Babilona.
THUTO YA 60
Mmuso o Tla Dula o le Teng
Daniele o hlalosa se bolelwang ke toro e makatsang ya Nebukadnezare.
THUTO YA 61
Ba Ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho
Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho rapela setshwantsho sa morena wa Babilona sa kgauta.
THUTO YA 62
Mmuso o Tshwanang le Sefate se Seholo
Toro ya Nebukadnezare e bua ka bokamoso ba hae esale pele.
THUTO YA 64
Daniele ka Sekoting sa Ditau
Rapela Jehova letsatsi le leng le le leng, jwalo ka Daniele!
THUTO YA 65
Esthere o Pholosa Batho ba Habo
Le hoja e ne e le moditjhaba ebile e le kgutsana, o ile a qetella e le mofumahadi.
THUTO YA 66
Esdrase o Ruta Batho Molao wa Modimo
Ka mora hore Baiseraele ba mamele Esdrase, ba ile ba etsa tshepiso e kgethehileng ho Modimo.
THUTO YA 67
Marako a Jerusalema
Nehemia o ile a tseba hore dira tsa Baiseraele di rera ho hlasela. Ke hobaneng ha a ne a sa tshoha?
THUTO YA 68
Elizabetha o ba le Ngwana
Ke hobaneng ha Zakaria a ile a bolellwa hore e tla ba semumu ho fihlela ngwana wa hae a hlaha?
THUTO YA 69
Gabariele o Etela Maria
Lengeloi le mo bolella molaetsa o ileng wa fetola bophelo ba hae.
THUTO YA 70
Mangeloi a Tsebahatsa Tswalo ya Jesu
Badisa ba ileng ba utlwa ka taba eo ba ile ba tsamaya.
THUTO YA 73
Johanne o Lokisa Tsela
Johanne e ba moprofeta ha a hola. O ruta batho hore Mesia o a tla. Batho ba etsang ha ba utlwa molaetsa?
THUTO YA 75
Diabolose o Leka Jesu
Diabolose o ile a leka Jesu ka makgetlo a mararo. O ile a mo leka jwang? Jesu o ile a etsang?
THUTO YA 76
Jesu o Hlwekisa Tempele
Ke hobaneng ha Jesu a leleka diphoofolo ka tempeleng le ho phethola ditafole tsa batho ba rekisang?
THUTO YA 77
Jesu o Bua le Mosadi Sedibeng
Mosadi wa Mosamaria o maketse hore ebe Jesu o bua le yena. Hobaneng? Keng eo Jesu a ileng a mo bolella yona eo a neng a eso e bolelle mang kapa mang?
THUTO YA 78
Jesu o Ruta ka Mmuso wa Modimo
Jesu o mema balatedi ba bang ba hae hore e be ‘batshwasi ba batho.’ Ha morao, o ruta balatedi ba hae ba 70 ho bolela ditaba tse monate.
THUTO YA 79
Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata
Hohle moo Jesu a yang teng, batho ba kulang ba tla ho yena hore a ba thuse mme o a ba fodisa. Ebile o tsosa ngwanana bafung.
THUTO YA 82
Jesu o Ruta Barutuwa ba Hae ho Rapela
Jesu o ile a re barutuwa ba hae ba ‘nne ba kope’ dintho dife?
THUTO YA 84
Jesu o Tsamaya Hodima Metsi
O nahana hore baapostola ba ne ba ikutlwa jwang ha ba bona mohlolo oo?
THUTO YA 86
Jesu o Tsosa Lazaro
Ha Jesu a bona Maria a lla le yena o a lla. Empa ba ile ba boela ba thaba.
THUTO YA 87
Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena
Jesu o fa baapostola ditaelo tsa bohlokwa dijong tsa shwalane.
THUTO YA 88
Jesu o a Tshwarwa
Judase Iskariota o etella pele batho ba bangata ba tshwereng disabole le melamu hore ba ilo tshwara Jesu.
THUTO YA 89
Petrose o Latola Jesu
Ho etsahalang lebaleng la ntlo ya Kaifase mme ho etsahalang ka Jesu ha a le ka tlung?
THUTO YA 92
Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi
Jesu o ile a etsang hore ba hlokomele hore ke yena?
THUTO YA 93
Jesu o Kgutlela Lehodimong
Pele a nyolohela lehodimong, o ile a fa barutuwa ba hae ditaelo tsa bohlokwa.
THUTO YA 94
Barutuwa ba Fuwa Moya o Halalelang
Ho ile ha etsahala mohlolo ofe ka mora hore barutuwa ba fuwe moya o halalelang?
THUTO YA 95
Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang
Baetapele ba bodumedi ba ileng ba bolaya Jesu ba batla ho sitisa barutuwa ho ruta batho Lentswe la Modimo. Empa ba ke ke ba atleha.
THUTO YA 97
Korneliase o Fuwa Moya o Halalelang
Ke hobaneng ha Modimo a roma Petrose ntlong ya motho eo eo e seng Mojuda?
THUTO YA 98
Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste
Moapostola Pauluse le baromuwa ba bang ba isa ditaba tse monate dinaheng tse hole.
THUTO YA 99
Molebedi wa Teronko o Ithuta Lentswe la Modimo
Modemona, tshisinyeho ya lefatshe le lerumo di amana jwang paleng ee?
THUTO YA 100
Pauluse le Timothea
Banna bana ba babedi ba sebetsa mmoho e le metswalle ka dilemo tse ngata.
THUTO YA 101
Pauluse o Iswa Roma
Ba ne ba le kotsing e kgolo empa Pauluse ha a ka a kgathallwa ke pere.
THUTO YA 102
Dintho Tseo Johanne a di Boneng
Jesu o mo bontsha dipono tse ngata tsa dintho tse tla etsahala nakong e tlang.
THUTO YA 103
“Mmuso wa Hao o Tle”
Dintho tseo Johanne a di boneng di bontsha ka moo Mmuso wa Modimo o tla fetola bophelo ka teng lefatsheng.