Karabo ea Bibele

Armagedone ke ntoa ea makhaola-khang e pakeng tsa mebuso ea batho le Molimo. Mebuso ena le ba e tšehetsang e tsoela pele ho hanyetsa Molimo ka ho hana ho ikokobelletsa bobusi ba hae. (Pesaleme ea 2:2) Ntoa ea Armagedone e tla felisa mebuso ea batho.Daniele 2:44.

Lentsoe “Armagedone” le hlaha hanngoe feela ka Bibeleng, ho Tšenolo 16:16. Ka tsela ea boprofeta, Tšenolo e bontša hore “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tla ‘bokelleloa ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ “sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”Tšenolo 16:14.

Ke mang ea tla loana ka Armagedone? Jesu Kreste o tla etella pele lebotho la leholimo hore le hlōle lira tsa Molimo. (Tšenolo 19:11-16, 19-21) Lira tsena li akarelletsa batho ba hanyetsang bobusi ba Molimo le ba mo nyelisang.Ezekiele 39:7.

Na ntoa ea Armagedone e tla loaneloa Bochabela bo Hare? Che. Ntoa ea Armagedone e ke ke ea loanoa sebakeng se le seng, empa e tla loanoa lefatšeng ka bophara.Jeremia 25:32-34; Ezekiele 39:17-20.

Armagedone, eo ka linako tse ling e fetoleloang e le “Har–Magedone” (ka Seheberu ke Har Meghiddohnʹ), e bolela “Thaba ea Megido.” Megido ke motse o kileng oa ba libakeng tsa Iseraele ea boholo-holo. Ho ea ka histori, ho na le lintoa tsa makhaola-khang tse ileng tsa loaneloa sebakeng seo, ho akarelletsa le tse ling tse tlalehiloeng ka Bibeleng. (Baahloli 5:19, 20; 2 Marena 9:27; 23:29) Leha ho le joalo, Armagedone ha e bolele sebaka se itseng ka ho khetheha se neng se le pel’a Megido ea boholo-holo. Ha ho na thaba e khōlō sebakeng seo, ebile karolo eohle ea Khohlo ea Jezriele e ne e ke ke ea lekana batho bohle ba tla loantša Molimo. Ho e-na le hoo, Armagedone ke ntoa ea lefatše lohle eo ho eona lichaba li tla be li ikopantse ka lekhetlo la ho qetela khahlanong le Molimo.

Ho tla ba joang nakong ea ntoa ea Armagedone? Le hoja re sa tsebe hore na Molimo o tla sebelisa matla a hae joang, o tla be a e-na le libetsa tse kang tseo a neng a li sebelisa nakong e fetileng—tse kang sefako, litšisinyeho tsa lefatše, pula ea litloebelele, mollo le sebabole, lehalima le mafu a seoa. (Jobo 38:22, 23; Ezekiele 38:19, 22; Habakuke 3:10, 11; Zakaria 14:12) Lira tse ling tsa Molimo li tla bolaeana ka lebaka la ho ferekana empa qetellong li tla hlokomela hore ke Molimo ea li loantšang.Ezekiele 38:21, 23; Zakaria 14:13.

Na ntoa ea Armagedone e tla ba bofelo ba lefatše? E ke ke ea e-ba bofelo ba polanete ea rōna, kaha lefatše ke lehae la batho ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; 96:10; Moeklesia 1:4) Ntoa ea Armagedone e ke ke ea felisa moloko ’ohle oa batho, empa e tla o boloka, hobane “bongata bo boholo” ba bahlanka ba Molimo bo tla pholoha.Tšenolo 7:9, 14; Pesaleme ea 37:34.

Ka linako tse ling ka Bibeleng, lentsoe “lefatše” le sebelisoa ha ho buuoa ka batho ba khopo ba hanyetsang Molimo. (1 Johanne 2:15-17) Ka kutloisiso ena, ntoa ea Armagedone e tla ba “ho fela ha lefatše.”Matheu 24:3, Bibele ea Sesotho.

Ntoa ea Armagedone e tla qala neng? Ha Jesu a ne a hlalosa “matšoenyeho a maholo” a tla etella pele ntoa ea Armagedone, o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:21, 36) Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ntoa ea Armagedone e tla qala nakong ea ho ba teng ha Jesu ho sa bonahaleng, e leng nako e qalileng ka 1914.Matheu 24:37-39.