Fetela boitsebisong

Na Bibele e Tlaleha Maikutlo a Molimo?

Na Bibele e Tlaleha Maikutlo a Molimo?

Karabo ea Bibele

Bangoli ba bangata ba Bibele ba bolela hore Molimo o ile a ba tataisa hore ba ngole. Hlokomela mehlala ena:

  • Morena Davida o itse: “Moea oa Jehova ke oona o buileng ka ’na, Lentsoe la hae le ne le le lelemeng la ka.”—2 Samuele 23:1, 2.

  • Moprofeta Esaia o itse: “Sena ke seo ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, a se boletseng.”—Esaia 22:15.

  • Moapostola Johanne o itse: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona.”—Tšenolo 1:1.