Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka Li-tattoo?

Bibele e Re’ng ka Li-tattoo?

Karabo ea Bibele

Bibele e bua ka li-tattoo hanngoe feela ho Levitike 19:28, e reng: “Le se ke la iphatsa ’meleng.” Molimo o ile a fa Baiseraele taelo ena e le hore a ba arole ho lichaba tse neng li ba potolohile, tseo baahi ba tsona ba neng ba ingola mabitso kapa ba iketsa matšoao a melimo ea bona matlalong. (Deuteronoma 14:2) Le hoja Molao o neng o filoe Baiseraele o sa tlame Bakreste, ho hlokahala hore ba nahanisise ka molao-motheo o tšehetsang molao oo.

Na Mokreste o lokela ho etsa tattoo kapa ho itaka ’meleng?

Litemana tse latelang tsa Bibele li ka u thusa ho nahana hantle ka taba ena:

  • “Basali ba lokela ho ikhabisa ka . . . boitlhompho.” (1 Timothea 2:9, New American Bible) Molao-motheo oo o sebetsa ho banna le basali. Re lokela ho hlompha maikutlo a batho ba bang ’me re se ke ra ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale.

  • Batho ba bang ba sa ntse ba leka ho iphumana hore na ke bo-mang kapa ba bontša hore ba ikemetse, ha ba bang bona ba etsa tattoo hore ba bontše hore ba ka etsa ntho eo ba e ratang ’meleng ea bona. Leha ho le joalo, Bibele e phehella Bakreste ka ho re: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Baroma 12:1) Sebelisa ‘matla a ho nahana’ ho hlahlobisisa hore na ke hobane’ng ha u batla ho etsa tattoo. Haeba ke hobane u lelekisa feshene kapa u batla ho bontša hore u setho sa mokhatlo o itseng, u lokela ho hopola hore maikutlo a hao e ka ’na ea e-ba a nakoana empa tattoo eona e tla lula e le teng. Ho hlahlobisisa sepheo sa hao ho ka u thusa hore u etse qeto e nepahetseng.—Liproverbia 4:7.

  • “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Hangata batho ba batlang ho etsa tattoo ba etsa qeto e joalo ka lepotlapotla, empa seo se ka ama kamano ea bona le batho ba bang le ho fumana ha bona mosebetsi. Hape ho etsa tattoo ho turu ebile ho bohloko ho e tlosa. Lipatlisiso—hammoho le khoebo e ntseng e hōla ea ho tlosa li-tattoo—li bontša hore batho ba bangata ba etsang li-tattoo ba lakatsa eka ba ka be ba sa li etsa.