Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA

Thusa Bana ba Hao ha Lintho li sa ba Tsamaele Hantle

Thusa Bana ba Hao ha Lintho li sa ba Tsamaele Hantle

 Ha nako e ntse e e-ea, bana ba hao ba tla hloleha ho etsa lintho tse itseng ’me seo se ka ’na sa ba nyahamisa. U ka ba thusa joang?

 Seo u lokelang ho se tseba

 Ho hloleha ho etsa lintho tse itseng ke karolo ea bophelo. Bibele e re “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Ka ho tšoanang, le bana baa khoptjoa. Leha ho le joalo, ho hloleha ho ka ba le molemo hobane ho thusa bana hore ba tsebe ho sebetsana le maemo a thata. Bana ha ba hlahe ba e-na le bokhoni boo, empa ba ka ithuta ho ba le bona. ’Mè e mong ea bitsoang Laura o re: “’Na le monna oa ka re hlokometse hore ho molemo hore bana ba tsebe hore na ba lokela ho etsa’ng ha ba hlolehile ho etsa ntho e itseng, ho e-na le hore ba etse e ka ha ea etsahala. Ba ka ithuta ho mamella ha lintho li sa ba tsamaele hantle.”

 Bana ba bangata ha ba tsebe hore na ba etseng ha ba hlolehile. Bana ba bang ha ba e-s’o ithute ho sebetsana le ho hloleha hobane batsoali ba bona ba etsa hore ba ikutloe eka ha ba etse liphoso. Ka mohlala, ha ngoana a sa sebetse hantle sekolong, batsoali ba bang ba beha molato ho tichere. Hape ha ngoana a qabane le motsoalle oa hae, batsoali ba hae ba re phoso ha se ea ngoana oa bona.

 Kahoo, ha hona hore ngoana a ka ithuta liphosong tsa hae le ho li lokisa haeba batsoali ba hae ba lula ba mo sireletsa.

 Seo u ka se etsang

  •   Ruta bana ba hao hore liketso tsa bona li na le litla-morao.

     Bibele e re: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—Bagalata 6:7.

     Lintho tseo re li etsang li na le litla-morao. Ha re sentse ntho e itseng re lokela ho e lokisa. Liphoso tseo re li etsang li na le litla-morao. Bana ba lokela ho tseba hore lintho tseo ba li etsang li na le litla-morao le hore ba jare boikarabelo ba se etsahetseng. Kahoo, qoba ho beha batho ba bang molato ka liphoso tsa bana ba hao kapa ho buella bana ba hao. Ho e-na le hoo, ba tlohelle hore ba fumane litla-morao tsa liphoso tseo ba li entseng, tse amohelehang ho ea ka lilemo tsa bona. Bana ba lokela ho bona hore na liphoso tseo ba li entseng li bile le litla-morao life.

  •   Thusa bana ba hao hore ba tsebe ho rarolla mathata.

     Keletso ea Bibele: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”​—Liproverbia 24:16.

     Ho bohloko ho hloleha ho etsa ntho e itseng, empa ha se bofelo ba lefatše. Thusa bana ba hao hore ba fumane tharollo, ho e-na le hore ba amehe ka hore na ke hobane’ng ha ba etsahalletsoe ke ntho e itseng. Ka mohlala, haeba mora oa hao a feitsi sekolong, mo thuse hore a sebetse ka thata e le hore a tle a pase hantle nakong e tlang. (Liproverbia 20:4) Haeba morali oa hao a qabane le motsoalle oa hae, mo thuse hore a tsebe ho kopa tšoarelo le ho lokisa lintho le hoja e se eena ea phoso.​—Baroma 12:​18; 2 Timothea 2:24.

  •   Ruta bana ba hao hore ba ikokobetse.

     Keletso ea Bibele: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”​—Baroma 12:3.

     Ho bolella ngoana oa hao hore o khona ho etsa lintho ho feta batho ba bang kaofela ha se ’nete ebile ho ke ke ha mo thusa. ’Nete ke hore le bana ba sebetsang hantle sekolong, ha se hore ba tla lula ba pasa hantle. Hape le bana ba tsebang lipapali, ha se hore ba tla lula ba hlola. Bana ba ikokobelitseng ba khona ho amohela ha lintho li sa ba tsamaele hantle.

     Bibele e re mathata a ka etsa hore re be matla, a be a re thuse ho ba le mamello. (Jakobo 1:2-4) Le hoja mathata a nyahamisa, u ka thusa bana ba hao hore ba sebetsane le ’ona.

     Ho ruta bana ba hao hore ba be le mamello ho hloka nako le boiteko. Empa seo se tla ba thusa hore ba etse lintho ha molemo ha ba se ba le lilemong tsa bocha. Buka e bitsoang Letting Go With Love and Confidence e re: “Ha se hangata bacha ba tsebang ho sebetsana le mathata ba etsang lintho tse kotsi kapa tse se nang kelello ha ba le tlasa khatello. Hangata ba khona ho mamella ha ho etsahala ntho eo ba sa e tloaelang kapa eo ba sa e lebellang.” Haeba ba khona ho sebetsana le maemo a thata hona joale, seo se tla ba thusa le ha ba se ba holile.

 Keletso: Beha mohlala. Hopola hore tsela eo u sebetsanang le ho soetseha ka eona, ke tsela eo bana ba hao ba tla etsa ka eona.