Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Ile Tsa Fetola Tse Ling Tsa Litumelo Tsa Tsona?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Ile Tsa Fetola Tse Ling Tsa Litumelo Tsa Tsona?

 Haesale lintho tseo re li lumelang li thehiloe Bibeleng. Kahoo ha re ntse re utloisisa Mangolo haholoanyane, ntho eo e etsa hore re etse liphetoho linthong tseo re li lumelang. a

 Liphetoho tseo li lumellana le molao-motheo oa Bibele o hlahang ho Liproverbia 4:​18, e reng: “Tsela ea ba lokileng e tšoana le mahlaseli a meso ao khanya ea ’ona e ntseng e eketseha ho fihlela har’a mpa ea motšehare.” Ha letsatsi le chaba, le hlahisa khanya butle-butle ho fihlela lintho li bonahala ka ho hlaka. Ka tsela e tšoanang, hanyane ka hanyane Molimo o re thusa ho utloisisa lithuto tsa Bibele ka nako e nepahetseng. (1 Petrose 1:​10-​12) Feela joalokaha Bibele e boletse, hona joale “nakong ea bofelo” Molimo o senola lintho ka potlako.​—Daniele 12:4.

 Liphetoho tsena ha lia lokela ho re makatsa kapa ho re ferekanya. Barapeli ba Molimo ba mehleng ea pele le bona ho ne ho e-na le lintho tseo ba neng ba sa li utloisise hantle ’me ba ile ba lokela ho etsa liphetoho.

 Ha nako e ntse e e-ea Molimo o ile a ba thusa hore ba utloisise lintho hantle ’me re rapella hore a tsoele pele ho re thusa ka tsela e tšoanang.​—Jakobo 1:5.

a Ha re soabele ho etsa liphetoho tsena ha re ntse re utloisisa Bibele haholoanyane. Ho e-na le hoo re li kenyeletsa lingoloeng tsa rona re be re li hatise. Ka mohlala, sheba Beliefs Clarified litšupisong tsa lingoloa tsa rona Inthaneteng.