Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke Nahana Hore ke Phela Hamonate

Ke ne ke Nahana Hore ke Phela Hamonate
  • KE HLAHILE KA: 1982

  • NAHA EA HESO: POLAND

  • PELE: KE NE KE LE MABIFI, KE LEMALETSE LITHETHEFATSI KE BILE KE SEBETSA MOSEBETSI OA MAEMO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng o monyenyane oa Poland, o haufi le moeli oa Jeremane. Kaha o ne o le ka har’a mapolasi le meru, ho ne ho khutsitse hamonate. Batsoali ba ka ba lerato ba ne ba nkhothalletsa hore ke itšoare hantle, ke pase hantle sekolong ’me ke hahamalle ho fumana mosebetsi oa maemo.

Mathata a ka a qalile ha ke tloha hae ke ea univesithing e motseng oa Wrocław ho ea ithutela molao. Kaha ke ne ke le hōle le batsoali ba ka, ke ile ka tloaelana le batho ba mekhoa e mebe. Haesale ke rata bolo, empa ha ke e-na le metsoalle eo ea ka ke ne ke e hlanyetsa. Ke ne ke rata thimi ea Warsaw haholo ’me ka mafelo-beke ke ea hohle moo e bapalang teng. Ha re le libakeng tseo re ne re e-noa haholo, re sebelisa lithethefatsi ’me ka linako tse ling re loantša batšehetsi ba lithimi tse ling. Ke ne ke nahana hore sena se nkimolla khatellong, le hoja ke ne ke tseba hore haeba nka tšoaroa, ho felile ka mosebetsi oo ke neng ke o hahamalla oa ho ba ramolao.

Ke ne ke rata ho ea litlelabong le lidiscong le metsoalle ea ka. Ha re le moo, re ne re atisa ho loana. Ke ne ke tšoaroa khafetsa, empa ke qoba ho fumanoa ke le molato ka hore ke ntše tjotjo ka linako tse ling. Ke ne ke nahana hore ke phela hamonate. Leha ho le joalo, botebong ba pelo ke ne ke tseba hore ke etsa se fosahetseng. Kahoo ke ea kerekeng Sontaha se seng le se seng e le hore letsoalo le se ke la nkhathatsa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka 2004, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa fihla ha ka ’me ka lumela ho buisana le tsona ka Bibele. Ha ke ntse ke ithuta hore na Mokreste oa ’nete e lokela ho ba motho oa mofuta ofe, letsoalo la ka le ile la qala ho nkhathatsa. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho khaotsa ho noa haholo, ho sebelisa lithethefatsi le ho tloaelana le batho ba tlōlang melao ea Bibele. Hape ke ile ka bona hore ke lokela ho khaotsa ho ba mabifi. Le hoja ke ne ke elelloa hore ke lokela ho fetoha, ke ile ka iphumana ke ntse ke etsa lintho tse mpe.

Lintho li ile tsa fetoha bosiung bo bong ha ke loantša banna ba bang ba robeli. Ke hopola ke tjapaletse seterateng, ke otliloe ke bile ke rahiloe hloohong. Kaha ke ne ke utloa eka kea shoa, ke ile ka rapela ka re: “Jehova ke soabile hore ebe ha kea ka ka mamela Lentsoe la hao. Haeba nka phela, ke tšepisa hore ke tla ithuta Bibele le Lipaki ’me ke fetohe.” Ke ile ka hlaphoheloa, le hoja ke ne ke sa nahane, eaba ke ithuta Bibele joalokaha ke ne ke tšepisitse.

Ka 2006, ke ile ka fallela Engelane. Ke ne ke ikemiselitse ho fumana chelete e tla nthusa hore ke khutlele Poland e le hore ke ntšetse pele lithuto tsa ka tsa molao. Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ho ile ha e-ba le lengolo le ileng la nkotla botsekeng. Lengolong leo, moapostola Pauluse o re: “Ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” (Bafilipi 3:8) Ke ile ka bona hore boemo ba ka bo tšoana le ba moapostola Pauluse kaha o ne a rutehile molaong a bile a le mabifi. (Liketso 8:3) Empa o ile a hlokomela hore a ka phela hamolemo haeba a ka sebeletsa Molimo le ho etsa sohle seo a ka se khonang ho etsisa Jesu. Ha ke nahanisisa ka mohlala oa Pauluse, ke ile ka elelloa hore mosebetsi oa maemo le ho ba mabifi li ke ke tsa nthabisa. Ke ile ka kholiseha hore haeba Pauluse o khonne ho fetoha, le ’na nka fetoha. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke lule Engelane ’me ke tlohele ho ntšetsa pele lithuto tsa ka tsa molao.

Ha ke ntse ke ithuta ka Jehova, ke ile ka ikutloa ke le haufi le eena. Ke ile ka angoa ke tšepiso ea hae ea hore o tšoarela bao ka tieo ba batlang ho fetoha. (Liketso 2:38) Ha ke nahanisisa ka 1 Johanne 4:16, e reng “Molimo ke lerato,” ke ile ka qala ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Molimo a hloile liketso tse mabifi.

Ke ne ke batla ho ba e mong oa Lipaki kaha ke bona li thabile

Ka boela ka khahloa ke boitšoaro ba Lipaki. Ho ne ho totobetse hore li leka ho iphaphatha ka melao ea Bibele ea boitšoaro. Ke ne ke batla ho ba e mong oa tsona kaha ke bona li thabile. Ha hoa ka ha e-ba bonolo hore ke etse liphetoho, empa ka 2008 ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba Paki ea Jehova.

’Na le Esther re thabela ho ruta batho ba buang Sepolishe Bibele

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Bibele e nthusitse hore ke fetohe mohlanka oa Molimo ea rutang ba bang Bibele ’me ke khaotse ho rata botumo, ho ba mabifi, ho sebelisa lithethefatsi, ho noa haholo le ho hlanyetsa bolo. Ke sa ntse ke rata ho shebella bolo, empa ke ikemiselitse ho etsa hore e se ke ea ntšitisa ho etsa lintho tsa bohlokoa.

Hona joale ke nyetse Esther, e leng mosali oa ka e motle eo ke sebeletsang Jehova le eena. Ho ruta batho ba buang Sepolishe Bibele karolong ena ea Engelane e ka leboea-bophirimela, ho re thabisa e le kannete. Ke qala ho ikutloa ke khotsofetse hakana bophelong, kaha ke na le letsoalo le hloekileng ebile ke thabile hobane kea tseba hore ke phelela’ng.