Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Re ne re Futsanehile Empa re Ruile Moeeng

Re ne re Futsanehile Empa re Ruile Moeeng

Ntate le Ntate-moholo ba ne ba lula ntlong e neng e sa fela Cotiujeni, e leng motse oa lihoai o karolong e ka leboea ea sebaka se bitsoang Moldova hona joale. Ke ile ka hlahela moo ka December 1939. Ntate le Ntate-moholo e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova mathoasong a bo-1930. ʼMè eena e ile ea e-ba Paki ka mor’a ho hlokomela hore Ntate-moholo o tseba Bibele ho feta moprista oa motseng moo.

Ha ke le lilemo li tharo, Ntate, Rangoane le Ntate-moholo ba ile ba isoa kampong ea mosebetsi o boima ka lebaka la hobane e le Bakreste ʼme ba sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Ke Ntate feela ea ileng a tsoa a phela. Ka 1947, ka mor’a hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e lale, o ile a khutlela hae a robehile mokokotlo. Le hoja a ne a sohlokehile ’meleng, o ile a lula a tiile tumelong.

LIPHETOHO TSE KHŌLŌ BOPHELONG BA RŌNA

Ha ke le lilemo li robong, lelapa leso le a mang a makholo a Lipaki tsa Moldova le ile la isoa botlamuoeng Siberia. Ka la 6 July, 1949, re ile ra laeloa ka makarecheng a likhomo. Ka mor’a leeto la lik’hilomithara tse fetang 6 400 le nkileng matsatsi a 12, terene e ile ea emisa seteisheneng sa Lebyazhe. Ba boholong sebakeng seo ba ne ba re emetse. Re ile ra aroloa ka lihlopha tse nyenyane ʼme ka potlako ra isoa libakeng tse fapa-fapaneng. Sehlopha sa rōna se ile sa behoa sekolong se senyenyane se sa sebetseng. Re ne re shoele ke mokhathala ʼme re nyahame habohloko. Nkhono e mong ea neng a e-na le rōna o ile a binela ka marameng pina eo Lipaki li neng li e qapile nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ka ho panya ha leihlo bohle re ile ra bina le eena mantsoe a latelang:

“Banab’eso ba bangata ba ile ba isoa botlamuoeng hōle haholo.

Ba isoa leboea le bochaba-tsatsi.

Ba ahloleloa mahlomola ka lebaka la mosebetsi oa Molimo, ha ba le moo ba mamella liteko tse isang lefung.”

Ka mor’a nako, re ile ra khona ho ea libokeng tsa Bibele Sontaha se seng le se seng sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 13 ho tloha moo re lulang teng. Hangata re ne re tloha hoseng haholo, re tsamaea har’a lehloa le lengata ʼme ho bata hoo serame se neng se fihla likhatong tse 40 tsa Celsius tlas’a ntlha ea khoamo. Re ne re ka ba 50 kapa ho feta ʼme re petetsana ka kamoreng ea lisekoere-mithara tse 19. Re ne re qala ka pina e le ʼngoe, tse peli kapa tse tharo. Ho ne ho etsoa thapelo e tsoang pelong, ebe ho tšohloa lipotso tsa Bibele. Re ne re nka hora kapa ho feta re etsa sena. Re ne re bina lipina tse ling, ebe re tsoela pele ka ho tšohla lipotso tse eketsehileng tsa Bibele. Nako eo e ne e re matlafatsa hakaakang tumelong!

RE THULANA LE MATHATA A MACHA

Ke seteisheneng sa terene Dzhankoy, hoo e ka bang ka 1974

Lipaki tse botlamuoeng li ile tsa fuoa bolokolohi bo eketsehileng ka 1960. Le hoja re ne re futsanehile, ke ile ka khona ho etela Moldova, moo ke ileng ka kopana le Nina, eo batsoali ba hae le batsoali ba ʼmè oa hae  e neng e le Lipaki. Ka mor’a nako e khutšoanyane feela re ile ra nyalana ʼme ra khutlela Siberia, moo morali oa rōna Dina, a ileng a hlahela teng ka 1964 le mora oa rōna Viktor, ka 1966. Lilemo tse peli hamorao, re ile ra fallela Ukraine ʼme ra lula ntlong e nyenyane toropong ea Dzhankoy, e lik’hilomithara tse ka bang 160 ho tloha Yalta, Hloahloeng ea Crimea.

Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Crimea, feela joalokaha o ne o thibetsoe hohle Soviet Union. Empa mosebetsi oa rōna o ne o sa thibeloa ka thata-thata ebile re ne re sa hlorisoe ka matla. Ka lebaka lena, ba bang ba rōna ha baa ka ba hlola ba chesehela ʼnete. Ba ile ba ikemela ka hore kaha ba ile tsa hlorisoa haholo Siberia, e ne e le nako ea hore joale ba sebetse ka thata ho fumana bophelo bo mabothobotho.

LIPHETOHO TSE THABISANG

Ka la 27 March, 1991, re ile ra fuoa tumello ea molao ea ho etsa mesebetsi ea rōna ea Bokreste Soviet Union. Hang-hang ho ile ha etsoa litokisetso tsa likopano tse supileng tse khethehileng tsa matsatsi a mabeli bakeng sa naha kaofela. Rōna re ne re lokela ho ea kopanong ea Odessa, Ukraine, e neng e tla qala ka la 24 August. Ke ile ka fihla khoeli pele e le hore ke e’o thusa ha ho lokisoa lebala la bolo ea maoto le leholo bakeng sa kopano.

Kaha re ne re sebetsa ho fihlela bosiu, hangata re ne re robala libencheng tsa lebala la lipapali. Basali ba bangata ba Lipaki, ba ile ba hloekisa sebaka se potolohileng lebala. Ho ile ha lahloa lithōle tse ka etsang lithane tse 70. Batho ba sebetsang lefapheng la kamohelo ea baeti ba ile ba batla libaka tsa ho robala hohle motseng, kaha ho ne ho lebeletsoe baeti ba 15 000. Ka tšohanyetso feela re ile ra bolelloa litaba tse bohloko!

Ka la 19 August—matsatsi a mahlano feela pele kopano ea rōna e qala, Mikhail Gorbachev, eo e neng e le mopresidente oa USSR ka nako eo, o ile a tšoaroa a le phomolong haufi le Yalta, pel’a moo re neng re tla tšoarela kopano teng. Tumello ea hore re tšoare kopano e ile ea hlakoloa. Baeti ba neng ba tla kopanong ba ile ba qala ho founela ofisi ea kopano ba botsa, “Re etse joang ka libese le literene tseo re li hirileng?” Ka mor’a lithapelo tse matla, ba ikarabellang bakeng sa ho hlophisa kopano ba ile ba re ho bona, “Lōna tloong!”

Litokisetso le lithapelo li ile tsa tsoela pele. Lefapha la lipalangoang le ile la qala ho amohela baeti ba neng ba tsoa likarolong tse ngata tsa Soviet Union ʼme la ba isa libakeng tseo ba neng ba lokela ho fihlela ho tsona. Hoseng ho hong le ho hong, litho tsa Komiti ea Kopano li ne li tloha ofising ea tsona ho ea kopana le ba boholong. Mantsiboea a mang le a mang ba ne ba khutla ho se letho le molemo leo ba le tšepisitsoeng.

LITHAPELO TSA RŌNA LIA ARAJOA

Ka Labone la la 22 August, matsatsi a mabeli pele ho leo re neng re lebeletse ho qala ka lona, litho tsa Komiti ea Kopano li ile tsa tla le litaba tse monate tsa hore re lumeletsoe ho tšoara kopano. Nakong ea pina le thapelo e qalang, re ne re sa khone ho ithiba ke thabo. Ha lenaneo le fela ka Moqebelo, re ile ra tloha e se e le bosiu re tšoeroe ke moqoqo le ho thabela ho ba le metsoalle ea khale. Re ne re e-na le Bakreste ba nang le tumelo e matla hoo ba ileng ba mamella liteko tse boima ka ho fetisisa.

Kopano ea Odessa ka 1991

Ho bile le tsoelo-pele e khōlō ea moea lilemong tse fetang 22 ka mor’a kopano eo. Ho hahiloe Liholo Tsa ʼMuso hohle Ukraine ʼme palo ea bahoeletsi ba ʼMuso e eketsehile ho tloha ho 25 000 ka 1991 ho ea ho ba fetang 150 000 hona joale!

RE NTSE RE RUILE MOEENG

Lelapa la rōna le ntse le lula ntlong eona eane Dzhankoy, motse oo hona joale o nang le baahi ba ka bang 40 000. Le hoja malapa a Lipaki a ne a le ’maloa ha re khutla Siberia ka 1968, hona joale ho na le liphutheho tse tšeletseng Dzhankoy.

Lelapa la ka le lona le hōlile. Hona joale meloko e mene e ntse e phela ʼme e sebeletsa Jehova, e leng rōna, bana ba rōna, litloholo le litloholoana.