Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Tsa Bacha

Hlokomela ho Rata Maemo!

Hlokomela ho Rata Maemo!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u teng moo u shebeletse sena ha se ntse se etsahala. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Davida, Absalome, Joabe

Kakaretso: Absalome o leka ho inkela borena ba ntate oa hae.

NAHANISISA KA LIKETSAHALO TSENA.—BALA 2 SAMUELE 14:25-33; 15:1-17; 18:9-17, 30-33.

U nahana hore Absalome o ne a shebahala joang? (Bala 2 Samuele 14:25, 26 hape.)

U nahana hore Absalome o ne a etsa’ng a bile a bua joang ha a leka ho hapa lipelo tsa ba neng ba isa linyeoe tsa bona ho morena? (Bala 2 Samuele 15:2-6 hape.)

U ithuta eng ka botho ba Absalome tlalehong e ho 2 Samuele 14:28-30?

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Absalome o ne a lokiselitse ho hapa borena joang? (Ntlha e thusang: Bala 2 Samuele 13:28, 29. Amnone e ne e le mora e moholo oa Davida, kahoo e le eena mojalefa boreneng.)

Ho sa tsotellehe ho rata maemo ha Absalome le boiteko ba hae ba ho iphahamisa, mokhoa oo a patiloeng ka oona o bontša hore ha e le hantle batho ba ne ba mo nka joang? (Bala 2 Samuele 18:17 hape.)

U nahana hore ke eng e ileng ea etsa hore Absalome a rate maemo? (E le ho bapisa, bala se boletsoeng ka Diotrefe ho 3 Johanne 9, 10.)

 Liketso tsa Absalome li ile tsa ama Davida joang? (Ntlha e thusang: Bala Pesaleme ea 3, eo Davida a e ngotseng nakong ea bofetoheli ba Absalome.)

SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Kotsi ea ho rata maemo.

Bohloko boo motho a ka bo bakelang batho ba bang haesita le batsoali ba hae ka lebaka la liketso tsa hae.

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Ke joang u ka iphumanang u se u rata maemo?

U ka qoba ho ikhantša ho sa hlokahale joang?

U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

Tlhahiso: Nahana tsela e ’ngoe eo tlaleho ena e ka beng e feletse ka eona. Ho ka be ho etsahetse’ng hoja Absalome a ne a ile a ikokobetsa ho e-na le ho rata maemo?—Liproverbia 18:12.