MOLULA-QHOOA October 2012 | Bobolu—Bo Atile Hakae?

Bobolu bo bakoa ke’ng? Lihlooho tsena li totobatsa lintho tse bo bakang le ho bontša kamoo bo ka felisoang kateng.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bobolu—Bo Atile Hakae?

Litholoana tsa bobolu li bonahala hohle lefatšeng ebile lia utloahala, ’me ka linako tse ling li baka mathata a tebileng.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobane’ng ha Bobolu bo Ntse bo ja Setsi?

Bibele e senola litšusumetso tse mpe tse 3 tse bakileng mahlomola a tšabehang le mesarelo.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?

Kamoo batho ba babeli ba ithutileng melemo ea ho tšepahala le ho phela ka melao-motheo ea Bibele.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bobolu bo Tla Fela!

Haufinyane Molimo o tla nka bohato ba ho felisa bobolu lefatšeng la rōna. O tla etsa seo joang?

PALE EA BOPHELO

Matla a Lentsoe la Molimo Lelapeng la Mahindu

Ke hobane’ng ha lelapa la Mahindu le ile la fumana khotso le tšepo ha le ithuta Bibele?

PUISANO LE MOAHISANI

Na Molimo o Otla Batho Mollong oa Lihele?

Ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Molimo o na le toka, esita le ha a otla batho ba khopo.

Re U Lome Tsebe?

Na Bakreste ba ile ba baleha Judea pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.? “Bara ba baprofeta” e ne e le bo-mang?

ITHUTE LENTSOENG LA MOLIMO

Na U ka Phela ka ho sa Feleng?

Mohloli oa bophelong, e leng Jehova Molimo, a ka fa ba bang bophelo bo sa feleng, ebile o tšepisitse ho etsa joalo.

ATAMELA HO MOLIMO

“Moholo-holo oa Matsatsi a Lula Fatše”

Moholo-holo oa Matsatsi ke mang, hona pono ea Daniele e bolela’ng?

ETSISA TUMELO EA BONA

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Ruthe mosali oa Momoabe e ne e le molata ea futsanehileng naheng ea Iseraele. Ke hobane’ng ha a ne a bitsoa “mosali ea khabane ka ho fetisisa”?

BABALI BA BATLA HO TSEBA

Na Lenyalo ke Lona le Etsang Hore Motho a Thabe?

Na Bakreste ba masoha ba ka thaba? Bible e re thusa ho talima lenyalo ka tsela e loketseng ebile e re fa mohlala o phethahetseng oa bosoha.

Bibele e Fetola Batho

Ho tlile joang hore batho ba babeli ba khaotse mekhoa e mebe, e kopanyelletsang bokhoba ba tahi le lithethefatsi ’me ba fetohe batho ba thabileng e le kannete?

LINTHO TSE KA ETSOANG HO ITHUTA BIBELE

Hlokomela ho Rata Maemo!

Mora oa boraro oa Morena Davida, e leng Absalome, o ne a batla ho inkela puso ka mahahapa, empa o ile a lahleheloa ke ntho ea bohlokoa ka lebaka la ho rata maemo.