Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba thahasella litlaleho tsa meloko ea bona hakaale?

Litlaleho tsa meloko e ne e le tsa bohlokoa e le hore ho ka tsejoa hore na motho ke oa leloko lefe le oa lelapa lefe. Hape li ne li hlokahala e le hore batho ba tsebe ho abeloa naha le mafa hantle. Lesika la bohlokoa haholo e ne e le la Mesia ea tšepisitsoeng. Bajuda ba ne ba tseba hantle hore Mesia o tlameha ho hlaha lesikeng la Davida, molokong oa Juda.—Johanne 7:42.

Ho ekelletsa moo, setsebi Joachim Jeremias, o re: “Kaha ho ba moprista le ho ba Molevi ho ne ho jeoa lefa . . . e ne e le habohlokoa haholo hore lesika le lule le hloekile le se na sekoli.” Basali ba Baiseraele ba neng ba nyaloa malapeng a baprista ba ne ba lokela ho fana ka bopaki bo bontšang hore ke ba lesika lefe e le hore boprista bo lule bo “hloekile bo se na sekoli.” Mehleng ea Nehemia, malapa ’ohle a Balevi a ile a nkoa a sa tšoanelehe hobane ho ile hoa batloa “tlaleho ea bona ea ngoliso, ho tiisa leloko la bona phatlalatsa, ’me ha ea ka ea fumanoa.”—Nehemia 7:61-65.

Ho feta moo, Molao oa Moshe o ile oa bolela hore “ho se ke ha e-ba le mora oa matšeo” kapa “Moammone kapa Momoabe ea ka kenang phuthehong ea Jehova.” (Deuteronoma 23:2, 3) Ke ka lona lebaka lena, Jeremias a phaellang ka ho re, “e le hore motho a khone ho sebelisa litokelo tsa hae joaloka moahi o ne a lokela ho fana ka bopaki ba hore ke oa lesika lefe ’me sena se etsa hore re lumele hore . . . esita le Moiseraele feela oa maemo a tlaase o ne a tseba hore baholo-holo ba hae ke bo-mang le hore ke oa moloko ofe har’a meloko e 12.”

Bajuda ba ne ba bokella le ho boloka litlaleho tsa meloko ea bona joang?

Bangoli ba Likosepele, Matheu le Luka, ba ile ba fana ka tlaleho e qaqileng ea lesika la baholo-holo ba Jesu. (Matheu 1:1-16; Luka 3:23-38) Ho na le litlaleho tsa meloko e meng tseo le tsona li ileng tsa bolokoa. Ka mohlala, ha buka ea Bajuda e hlalosang Bibele e bua ka Hillel, e leng rabi ea phetseng mehleng ea Jesu, e re: “Ho ile ha fumanoa moqolo oa tlaleho ea masika Jerusalema, o neng o ngotse hore Hillel o tsoa lesikeng la Davida.” Bukeng ea hae e bitsoang The Life, rahistori oa lekholo la pele la lilemo, Flavius Josephus, o bolela hore baholo-holo ba hae e ne e le baprista ’me eena ke oa “lesika la borena” ka lehlakoreng la ’mè oa hae. O ile a bolela hore o fumane boitsebiso bona “litlalehong tsa sechaba.”

Bukeng ea hae ea Against Apion, Josephus o bolela hore sechaba sa habo se ne se fa “batho ba phahameng sechabeng” boikarabelo ba ho hlokomela litlaleho tsa malapa a baprista. The Jewish Encyclopedia e re: “Ho bonahala hore litlaleho tsena li ile tsa behoa tlhokomelong ea ofisiri e khethehileng ’me ho ile ha thehoa lekhotla le etsang lipatlisiso Jerusalema mabapi le meloko.” Bajuda bao e neng e se baprista ba ne ba lokela ho ingolisa metseng ea bo-ntat’a bona. (Luka 2:1-5) Ho bonahala bangoli ba Likosepele ba ile ba fumana boitsebiso moo litlaleho tsa sechaba li neng li bolokiloe teng. Hape ho bonahala eka malapa ka bomong le ’ona a ne a ipolokela litlaleho tsa ’ona.