Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E Nepahetse Saenseng

E Nepahetse Saenseng

E Nepahetse Saenseng

“Na ha kea u ngolla nakong e fetileng ka likeletso le tsebo, e le hore u bontše bonnete ba lipolelo tsa ’nete, e le hore u khutlisetse lipolelo tsa ’nete?”—LIPROVERBIA 22:20, 21.

BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Hangata libuka tsa boholo-holo li fana ka likhopolo tse sa utloahaleng le tse kotsi tse ’nileng tsa pakoa ka ho feletseng ke saense ea morao-rao hore hase ’nete. Le mehleng ena, lingoli li ile tsa lokela ho ntlafatsa boitsebiso ba libuka e le hore bo lumellane le lintho tse ncha tse ntseng li fumanoa. Empa Bibele e bolela hore e ngotsoe ke ’Mōpi le hore Lentsoe la hae “le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.

MOHLALA: Molao oa Moshe o ile oa laela Baiseraele hore ba lokela ho cheka sekoti ha ba ithusa “ka ntle ho liahelo” ebe ba koahela mantle. (Deuteronoma 23:12, 13) Haeba ba ne ba ka tšoara setopo sa motho kapa sa phoofolo, Baiseraele ba ne ba lokela ho hlapa. (Levitike 11:27, 28; Numere 19:14-16) Mehleng eo, batho ba tšoeroeng ke lepera ba ne ba lokela ho aroloa ho batho ba bang ho fihlela ho fumanoe hore ba ke ke ba hlola ba tšoaetsa ba bang.—Levitike 13:1-8.

SEO LINGAKA LI SE HLOKOMETSENG KAJENO: Tsamaiso e hantle ea likhoerekhoere, ho hlapa matsoho le ho arola batho ba tšoeroeng ke mafu a tšoaetsanoang e ntse e le tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho loantša maloetse. Haeba ho se na matloana a chekiloeng fatše kapa mokhoa oa ho tsamaisa likhoerekhoere o haufi, Litsi Tsa Taolo le Thibelo ea Mafu, United States (CDC [U.S. Centers for Disease Control and Prevention]), li re: “Motho o lokela ho ithusa bonyane limithara tse 30 ho tloha kae kapa kae moo ho nang le metsi ebe o koahela mantle a hae.” Ho latela se builoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ha batho ba motse ba lahla mantle ka tsela e sireletsehileng, ba fokotsa lefu la letšollo ka liphesente tse 36. Lilemo tse ka tlaase ho 200 tse fetileng, lingaka li ile tsa fumana hore li ne li tšoaetsa bakuli ba bangata ha li sa hlape matsoho ka mor’a hore li tšoare litopo. Mokhatlo oa CDC o ntse o bolela hore ho hlapa matsoho ke “mokhoa o ntseng o atleha ka ho fetisisa oa ho thibela mafu.” Ho thoe’ng ka ho arola batho ba tšoeroeng ke lepera kapa ke mafu a mang? Morao tjena, Saudi Medical Journal e ile ea re: “Ha lefu la seoa le qala, ho arola bakuli le ho ba behella moo ba sa kopaneng le batho ba bang e ka ba oona feela mokhoa o atlehang oa ho laola lefu le tšoaetsanoang.”

U NAHANA JOANG? Na u ka lebella hore buka leha e le efe ea boholo-holo e nkoang e halalela e lumellane le saense ea mehleng ee? Kapa Bibele ea ikhetha?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke ho hlollang haholo ho bala ka lintho tse neng li etsoa mehleng ea Moshe ho thibela maloetse.”—MANUAL OF TROPICAL MEDICINE, EA DR. ALDO CASTELLANI LE DR. ALBERT J. CHALMERS