Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli

Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli

Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli

Seo Boitsebiso bo Matlapeng bo Hlileng bo se Bontšang

Sehlooho sena ke sa bobeli sa lihlooho tse latellanang tsa Molula-Qhooa tse tšohlang lipotso tsa litsebi mabapi le nako eo Jerusalema ea boholo-holo e timelitsoeng ka eona. Lihlooho tsena tse peli li tšohla likarabo tse batlisisitsoeng hantle le tse thehiloeng Bibeleng tse ’nileng tsa emisa babali ba bang lihlooho.

Sehlooho sa Pele se Tšohlile Lintlha Tse Latelang:

▪ Libuka tsa histori li re Jerusalema e ile ea timetsoa ka 587 B.C.E. *

▪ Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e bontša hore Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E.

▪ Libuka tsa histori li entse qeto ea tsona li itšetlehile ka lingoliloeng tsa bo-rahistori ba khale le buka ea Ptolemy.

▪ Lingoliloeng tse ling tsa bo-rahistori ba khale li na le liphoso tse totobetseng ’me kae-kae ha li lumellane le litlaleho tse matlapeng a letsopa. *

BIBELE e re batlamuoa ba Bajuda ba ne ba tla ba kholehong Babylona “ho fihlela lilemo tse mashome a supileng li fela ho phethahatsa lentsoe la MORENA ka molomo oa Jeremia.” Ba ile ba lokolloa neng? Ka “selemo sa pele [sa puso] sa morena Cyruse oa Persia.” (2 Likronike 36:21, 22, New International Version) Tlaleho ea Bibele le litlaleho tsa lefatše tsa histori lia lumela hore ho holehoa ha Bajuda Babylona ho ile ha fela ka mor’a hore Cyruse a hape Babylona ’me a lokolle Bajuda, ba ileng ba khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. Kaha Bibele e bontša ka ho hlaka hore Bajuda ba bile kholehong lilemo tse 70, e tlameha ebe ba ile ba ea moo ka 607 B.C.E.

Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li re Jerusalema e timelitsoe ka 587 B.C.E. Sena se bolela hore lilemo tsa kholeho e bile tse 50 feela. Ke hobane’ng ha ba bolela joalo? Ba itšetlehile ka litokomane tsa khale tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform tse fanang ka boitsebiso ba Nebukadnezare II hammoho le bahlahlami ba hae.1 Bongata ba litokomane tsena li ngotsoe ke batho ba phetseng nakong ea ha Jerusalema e timetsoa kapa nakong e haufi le eo. Empa tsela eo ba fumaneng selemo sa 587 B.C.E. ka eona e utloahala hakae? Litokomane tsee ha e le hantle li bontša’ng?

E le ho araba lipotso tsena, nahana ka mefuta e meraro ea litokomane tseo hangata litsebi li itšetlehang ka tsona: (1) Tlaleho ea histori ea Babylona, (2) matlapa a khoebo le (3) matlapa a bolepi ba linaleli.

Tlaleho ea histori ea Babylona.

Ke eng? Tlaleho ea histori ea Babylona ke matlapa a mangata a tlalehileng liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahetseng historing ea Babylona.2

Litsebi tsona li re’ng? R. H. Sack, ea ikarabellang ka litokomane tsa mongolo oa cuneiform o re ho na le liketsahalo tsa bohlokoa tse sa boleloang tlalehong eo ea histori. * O ngotse hore bo-rahistori ba lokela ho hlahloba “mehloli e meng . . . ka tšepo ea hore ba tla fumana se hlileng se etsahetseng.”

Litokomane li bontša’ng? Ho na le likheo tlalehong ea histori ea Babylona.3 (Sheba  lebokose le tlaase mona.) Ka hona, ke ntho e utloahalang hore motho a botse, Ho ka tšeptjoa hakae hore selemo se fanoang ho itšetlehiloe ka tlaleho ee e sa fellang se nepahetse?

Matlapa a khoebo.

Ke eng? Boholo ba matlapa a khoebo a mehleng ea ’Muso o Mocha oa Babylona ke lirasiti tsa molao. Matlapa ao a ne a ngoloa letsatsi, khoeli le selemo sa morena ea teroneng. Ka mohlala, letlapa le leng le re ho ile ha ba le khoebo e ileng ea etsoa “ka la 27 Nisane, selemong sa bo11 sa Nebukadrezare [eo hape a tsejoang e le Nebukadnezare II], morena oa Babylona.”4

Ha morena a e-shoa kapa a tlosoa ’me ho behoa morena e mong, likhoeli tse setseng tsa selemo seo sa puso li ne li oela selemong seo morena e mocha a qalileng ho busa ka sona. *5 Ka mantsoe a mang, ka selemo se le seng sa k’halendara ea Babylona ho ne ho ka theoha morena e mong ha lula e mong teroneng. Kahoo, matlapa a morena e mocha a selemo seo a qalileng ho busa ka sona a ne a lokela ho ngoloa likhoeli tsa ka mor’a khoeli eo morena oa pele a theohileng ka eona teroneng.

Litsebi tsona li re’ng? R. H. Sack o ile a hlahloba matlapa a khoebo a mangata a mehleng ea ’Muso o Mocha oa Babylona. Ka 1972, Sack o ile a ngola hore litokomane tse ncha tsa Musiamo oa Brithani tse neng li e-s’o lokolleloe sechaba, tse neng li le tlas’a tlhokomelo ea hae “li bua se fapaneng ka ho feletseng” le se ileng sa boleloa pele mabapi le ho theoha ha Nebukadnezare II teroneng ebe ho lula mora oa hae Amel-Marduk (eo hape a tsejoang e le Evil-merodach).Joang? Sack o ne a tseba hore matlapa ao a ne a bontša hore Nebukadnezare II o ne a ntse a busa khoeling ea botšelela ea selemo sa hae sa ho qetela (sa bo43). Empa matlapa ana a macha a mehleng ea ha ho ne ho lula morena ea latelang teroneng, e leng Amel-Marduk, a ne a ngotsoe khoeli ea bone le ea bohlano ea selemo sona seo.7 Ho hlakile hore ho ne ho e-na le ho se lumellane ho itseng.

Litokomane li bontša’ng? Ho na le moo li ntseng li sa lumellane tabeng ea ho suthelana ha marena. Ka mohlala, litokomane tsena li bontša hore Nebukadnezare II o ne a ntse a busa khoeling ea leshome—likhoeli tse tšeletseng ka mor’a nako eo ho nkoang hore mohlahlami oa hae o qalile ho busa ka eona.8 Li ntse li sa lumellane ka tsela e tšoanang le tabeng ea ho suthelana ha Amel-Marduk le mohlahlami oa hae, Neriglissar.9

Ke hobane’ng ha ho se lumellane hoo e le habohlokoa? Joalokaha ho boletsoe pejana, likheo tse fumanoang historing e ngotsoeng tlalehong ea histori ea Babylona li bontša hore e ka ’na eaba ha ho na tlaleho e feletseng ea ho latellana ha liketsahalo.10 Na ho ka etsahala hore ebe ho na le marena a ileng a busa lipakeng tsa aa? Haeba ho joalo, ho tla lokela ho eketsoe lilemo tsa mehla ea ’Muso o Mocha oa Babylona. Ka hona, tlaleho ea histori ea Babylona hammoho le matlapa a khoebo ha li fane ka lebaka le utloahalang le bontšang hore ka sebele Jerusalema e ile ea timetsoa ka 587 B.C.E. *

Matlapa a bolepi ba linaleli.

Ke eng? Ke matlapa a mongolo oa cuneiform a nang le tlhaloso ea hore na letsatsi, khoeli, lipolanete le linaleli li lutse joang, hammoho le boitsebiso ba histori bo kang ba hore na morena ka mong o lutse neng teroneng. Ka mohlala, tlaleho ea bolepi ba linaleli e bontšitsoeng ka tlaase mona e tlaleha ketsahalo ea ha khoeli e ne e fifala khoeling ea pele ea selemo sa pele sa ho busa ha Morena Mukin-zeri.11

Litsebi tsona li re’ng? Litsebi lia lumela hore Bababylona ba ne ba sebelisa lichate tse tsoetseng pele le mekhoa e meng ho noha hore na khoeli e ka ’na ea fifala neng.12

Empa na Bababylona ba ne ba ka khona ho bala ba khutlela morao ho fumana hore na khoeli e ile ea fifala neng nakong e fetileng? Moprofesa John Steele o re: “Ho ka etsahala hore ebe tse ling tsa linako tseo ba ileng ba li hakanya ba ile ba li sebetsa ka ho bala ba khutlela morao ha ba ntse ba bokella boitsebiso.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)13 Moprofesa David Brown, ea lumelang hore lichate tsa bolepi ba linaleli li ne li akarelletsa ho hakanya ho etsoang nakoana pele ho liketsahalo tse tlalehiloeng, o lumela hore ho ka etsahala hore ebe tse ling tsa likhakanyo tsena li entsoe “ho baloa ho khutleloa morao ke bangoli ba lekholong la bo4 la lilemo BC le ba ka mor’a moo.”14 Haeba litlaleho tsena li entsoe ho baloa ho khutleloa morao, na ho ka nkoa hore lia tšepahala ntle le haeba ho e-na le bopaki bo bong bo li tšehetsang?

Esita le haeba ho fifala ha khoeli ho bile teng ka deiti e itseng, na see se bolela hore tlaleho ea histori e ngotsoeng letlapeng eo ho thoeng e etsahetse ka nako eo e nepahetse? Ha ho joalo. Setsebi R. J. van der Spek, o re: “Batho ba ngotseng matlapa ao e ne e le balepi ba linaleli, e ne e se bo-rahistori.” O hlalosa hore karolo ea matlapa ao e tlalehileng histori e ne e “ingolloa feela tjee,” ’me o lemosa hore batho ba lokela ho ba “hlokolosi ha ba sebelisa” boitsebiso boo.15

Litokomane li bontša’ng? Nahana ka mohlala oa letlapa la VAT 4956. Mola o qalang oa letlapa lena o re: “Selemo sa bo37 sa Nebukadnezare, morena oa Babylona.”16 Ka mor’a moo, le hlalosa ka ho keneletseng hore na khoeli le lipolanete tse ling li ne li eme hokae ha li bapisoa le linaleli tse fapa-fapaneng le lihlopha tsa tsona. Hape ho tlalehiloe ketsahalo e le ’ngoe ea ho fifala ha khoeli. Litsebi li re lintho tsena kaofela li etsahetse ka 568/567 B.C.E., ho bolelang hore selemo sa bo18 sa ho busa ha Nebukadnezare II e ne e le 587 B.C.E., ha a ne a timetsa Jerusalema. Empa na liketsahalo tsee tse tlalehiloeng li etsahetse feela ka 568/567 B.C.E.?

Letlapa leo le bua ka ho fifala ha khoeli hoo ho thoeng ho ile ha etsahala letsatsing la bo15 la khoeli ea Simanu, e leng ea boraro ea Babylona. Ke ’nete hore ho fifala ha khoeli ho etsahetse ka la 4 July (ho latela k’halendara ea Julian) khoeling eona eo, ka 568 B.C.E. Leha ho le joalo, ho ne ho ile ha e-ba le ho fifala ho hong ha khoeli lilemo tse 20 pele ho moo, ka la 15 July, 588 B.C.E.17

Haeba 588 B.C.E. ke selemo sa bo37 sa ho busa ha Nebukadnezare II, joale selemo sa bo18 sa ho busa ha hae e tla ba 607 B.C.E.—e leng sona selemo seo Bibele e tlalehang hore ke sona seo Jerusalema e timelitsoeng ka sona ho latela tatellano ea liketsahalo! (Sheba  chate ea lilemo e tlaase mona.) Empa na letlapa la VAT 4956 le fana ka bopaki bo eketsehileng bo lumellanang le selemo sa 607 B.C.E.?

Ho phaella ketsahalong ea ho fifala ha khoeli ho boletsoeng pejana, letlapa leo le boetse le na le litlaleho tse 13 tse amanang le khoeli le tse 15 tse amanang le lipolanete. Tsona li hlalosa moo khoeli kapa lipolanete li neng li le hona teng ha li bapisoa le linaleli tse itseng kapa lihlopha tsa linaleli.18 Ho boetse ho na le linako tse robeli tse sa tšoaneng pakeng tsa ha letsatsi le khoeli li hlaha le ha li likela.18a

Kaha moo khoeli e bang teng ka nako e itseng ha ho feto-fetohe, bafuputsi ba hlahlobile ka hloko litlaleho tsena tse 13 tsa moo khoeli e neng e le teng tse tlalehiloeng letlapeng la VAT 4956. Ba hlahlobile boitsebiso boo ba sebelisa lenaneo la k’homphieutha le khonang ho bontša moo lihloliloeng tsa leholimo li neng li le hona teng nakong e fetileng.19 Ba fumane eng? Le hoja e se litlaleho tsena kaofela tse lumellanang le selemo sa 568/567 B.C.E., litlaleho tsena tse 13 kaofela li lumellana le se etsahetseng lilemo tse 20 pejana, ka 588/587 B.C.E.

Letlapa le bontšitsoeng sehloohong sena le na le karolo eo ho eona ho hlahang tlaleho ea ho fifala ha khoeli e lumellanang haholo le 588 B.C.E. ho feta 568 B.C.E. Moleng oa 3 oa letlapa leo, ho bontšitsoe hore khoeli e ne e le sebakeng se itseng “bosiung ba la 9 [Nisanu].” Leha ho le joalo, litsebi tse ileng tsa re ketsahalo eo e etsahetse ka 568 B.C.E. (ho ea ka balepi ba linaleli -567) lia lumela hore ka 568 B.C.E., khoeli e ne e le sebakeng seo ka “la 8 Nisanu eseng ka la 9.” E le ho tšehetsa selemo seo li se buellang sa 568 B.C.E., li re bangoli ba ile ba etsa phoso ea ho ngola “9” bakeng sa “8.”20 Empa sebaka seo khoeli e neng e le ho sona se bontšitsoeng moleng oa 3 se lumellana hantle le sa la 9 Nisanu, 588 B.C.E.21

Ho hlakile hore boitsebiso bo bongata ba balepi ba linaleli bo hlahang ho VAT 4956 bo lumellana le selemo sa 588 B.C.E. e le sa bo37 sa Nebukadnezare II. Ka hona, sena se tšehetsa taba ea hore selemo sa 607 B.C.E. ke seo Jerusalema e timelitsoeng ka sona—joalo feela kaha Bibele e bontša.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšepa Bibele?

Hona joale libuka tse ngata tsa bo-rahistori li bontša hore Jerusalema e timelitsoe ka 587 B.C.E. Leha ho le joalo, bangoli ba Bibele, e leng Jeremia le Daniele, ba bontšitse ka ho hlaka hore Bajuda ba bile kholehong lilemo tse 70, eseng tse 50. (Jeremia 25:1, 2, 11; 29:10; Daniele 9:2) Seo ba se buileng se bontša ka ho hlaka hore Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E. Joalokaha bopaki bo ka holimo bo bontša, qeto ea hore ho hlile ho joalo e tšehetsoa ke lintho tse ling tse ngotsoeng ke batho.

Litsebi li ’nile tsa belaella ho nepahala ha Bibele ka makhetlo a mangata. Leha ho le joalo, ha ho sibolloa bopaki bo eketsehileng, nako le nako Bibele e ipaka e le eona e nepileng. * Ba tšepang Bibele ba na le lebaka le utloahalang la ho etsa joalo. Ba e tšepa hobane ba na le bopaki ba hore Bibele e nepahetse litabeng tsa histori, tsa saense le tsa boprofeta. Bopaki boo bo etsa hore ba lumele seo Bibele e se buang ha e re ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho hlahloba bopaki boo? U ka ’na ua fihlela qeto e tšoanang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ho na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho hlalosa linako. Sehloohong sena, B.C.E. e bolela “Pele ho Mehla e Tloaelehileng.”

^ ser. 14 Hlokomela: Ha ho setsebi se qotsitsoeng sehloohong sena se lumelang hore Jerusalema e timelitsoe ka 607 B.C.E.

^ ser. 18 Ha ho buuoa ka selemo seo morena e mocha a qalileng ho busa ka sona, ho ne ho boleloa likhoeli tse setseng tseo a tšoereng molepo ka tsona ho fihlela a behoa teroneng ka molao, empa likhoeli tseo li ne li sa balelloe lilemong tsohle tsa puso ea hae.

^ ser. 21 Ho na le matlapa a khoebo a lilemo tsohle tseo ho nkoang hore e bile tsa ’Muso o Mocha oa Babylona. Ha lilemo tseo marena ana a busitseng ka tsona li kopanngoa ’me ho baloa lilemo ho khutleloa ho morena oa ho qetela oa ’muso oo, e leng Nabonidase, ho ile ha fihleloa qeto ea hore Jerusalema e timelitsoe ka 587 B.C.E. Leha ho le joalo, mokhoa ona oa ho bala nako o nepahala feela haeba morena a latela e mong ka selemo se tšoanang, ho se na likheo lipakeng.

^ ser. 36 E le ho fumana mehlala e tobileng, sheba khaolo ea 4 le ea 5 bukeng e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Chate e leqepheng la 23]

 (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

TLALEHO EA BABYLONA—HISTORI E NANG LE LIKHEO

Tlaleho ea histori ea Babylona e bua ka lilemo tse 35 feela tseo ’Muso o Mocha oa Babylona o busitseng ka tsona, oo ho lumeloang hore o nkile lilemo tse ka bang 88.

SELEMO SE SE NANG TLALEHO EA HISTORI

SELEMO SE NANG LE TLALEHO EA HISTORI

BM 21901 BM 21946 BM 35382

↓ ↓ ↓ ↓

MEHLA EA ’MUSO O MOCHA OA BABYLONA BAPERSIA

Nabopolassar Nebukadnezare II Amel-Marduk Nabonidase

Neriglissar Labashi-Marduk

↑ ↑ ↑

BM 25127 BM 22047 BM 25124

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

BM 21901 and BM 35382: Photograph taken by courtesy of the British Museum; BM 21946: Copyright British Museum; BM 22047, 25124, 25127: © The Trustees of the British Museum

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Tlaleho Ea Bolepi Ba Linaleli Ea Bm 32238

Letlapa lena le na le tlaleho ea liketsahalo tsa ho fifala ha khoeli, empa le qalile ho ngoloa ka mor’a ketsahalo ea ho qetela ea ho fifala ha khoeli ho etsahetseng lilemo tse ka bang 400 ka mor’a ea pele. Kaha mongoli ha aa ka a bona liketsahalo tseo kaofela ha tsona, ho ka etsahala hore ebe o ile a sebelisa lipalo hore a fumane hore na tsa pele ho moo li etsahetse neng. Ntle le haeba ho na le bopaki bo bong bo tšehetsang seo a se ngotseng, tlaleho eo e ke ke ea nkoa e le e ka tšeptjoang bakeng sa boitsebiso ba tatellano ea liketsahalo tsa histori.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© The Trustees of the British Museum

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 26, 27]

HA E LE HANTLE VAT 4956 E RE’NG?

Ke hobane’ng ha e le taba ea bohlokoa? Mola oa boraro letlapeng lena o re “bosiung ba la 9” khoeling ea pele (Nisanu/Nisane), “khoeli e ne e le setsoe se le seng feela ka pel’a ß Virginis.” Leha ho le joalo, ka 1915 Neugebauer le Weidner ba ile ba ngola hore ka 568 B.C.E. (e leng ho neng ho tla bontša hore Jerusalema e timelitsoe ka 587 B.C.E.) “khoeli e ne e le setsoe se le seng feela ka pel’a naleli ena ka la 8 Nisane, eseng ka la 9 Nisane.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Leha ho le joalo, khoeli e ile ea ema ka tsela e joalo hantle ka 588 B.C.E., ka la 9 Nisane, e leng se lebisang ho 607 B.C.E.

E lokela ho ba la 9 kapa la 8?

(1) Joalokaha ho bontšitsoe fotong, letšoao la Akkad le emelang 9 le bonahala ka ho hlaka.

(2) Ha ba fetolela mongolo ona oa cuneiform, Neugebauer le Weidner ba ile ba fetola “9” ba e etsa “8.”

(3) Mongolo o botlaaseng ba leqephe ke oona feela o bontšang hore e ne e le “9” pele.

(4) Le ha ba fetolela ka Sejeremane ba ile ba ngola “8.”

(5) Ka 1988, Sachs le Hunger ba ile ba hatisa mongolo joalokaha o ne o ngotsoe qalong, ba ngola “9.”

(6) Leha ho le joalo phetolelong ea bona ea Senyesemane ba ile ba ’na ba siea karolo eo e neng e fetotsoe, ba re “la 9” ke “phoso bakeng sa: la 8.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

bpk/Vorderasiatisches Museum, SMB/Olaf M. Teßmer

[Lebokose le leqepheng la 28]

Lintlha Tsa Sehlooho se Reng “Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli”

1. Cuneiform ke mokhoa o mong oa ho ngola ka ntho e bohale ntlheng e bōpehileng joaloka chesele. Mongoli o ne a hatisa matšoao a sa tšoaneng letlapeng la letsopa le e-s’o ome a sebelisa eona ntho eo.

2. Assyrian and Babylonian Chronicles, ea A. K. Grayson, e hatisitsoeng pele ka 1975, eaba e hatisoa hape ka 2000, leqepheng la 8.

3. Mehla ea ’Muso o Mocha oa Babylona e qalile lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., ha marena a Bakalde a ne a busa ’Muso oa Babylona. ’Musi oa pele e bile Nabopolassar, ntate oa Nebukadnezare II. Mehla eo e ile ea fela ha morena oa ho qetela, Nabonidus, a ne a ketoloa ke Morena Cyruse oa Persia ka 539 B.C.E.

4. Neo-Babylonian Business and Administrative Documents, ea Ellen Whitley Moore, e hatisitsoeng ka 1935, leqepheng la 33.

5. Archimedes, Volume 4, New Studies in the History and Philosophy of Science and Technology, “Observations and Predictions of Eclipse Times by Early Astronomers,” ea John M. Steele, e hatisitsoeng ka 2000, leqepheng la 36.

6. Amel-Marduk 562-560 B.C.—A Study Based on Cuneiform, Old Testament, Greek, Latin and Rabbinical Sources. With Plates, ea Ronald H. Sack, e hatisitsoeng ka 1972, leqepheng la 3.

7. Letlapa la BM 80920 le la BM 58872 a ngotsoe khoeli ea bone le ea bohlano ea selemo sa pele sa ho busa ha Evil-merodach. Boitsebiso bona bo hatisitsoe ke Sack bukeng ea Amel-Marduk 562-560 B.C.—A Study Based on Cuneiform, Old Testament, Greek, Latin and Rabbinical Sources. With Plates, leqepheng la 3, 90, 106.

8. Letlapa le Musiamong oa Brithani (BM 55806) le ngotsoe khoeli ea leshome, selemong sa bo43.

9. Letlapa la BM 75106 le la BM 61325 a ngotsoe khoeli ea bosupa le ea leshome ea selemo seo ho nkoang hore e ne e le sa ho qetela (sa bobeli) sa morena Evil-merodach ea neng a busa ka nako eo. Leha ho le joalo, letlapa la BM 75489 le ngotsoe khoeli ea bobeli ea selemo seo mohlahlami oa hae, Neriglissar, a qalileng ho busa ka sona.—Catalogue of the Babylonian Tablets in the British Museum, Volume VIII, (Tablets From Sippar 3) ea Erle Leichty, J. J. Finkelstein, le C.B.F. Walker, e hatisitsoeng ka 1988, leqepheng la 25, 35.

Catalogue of the Babylonian Tablets in the British Museum, Volume VII, (Tablets From Sippar 2) ea Erle Leichty le A. K. Grayson, e hatisitsoeng ka 1987, leqepheng la 36.

Neriglissar—King of Babylon, ea Ronald H. Sack, e hatisitsoeng ka 1994, leqepheng la 232. Khoeli e hlahang letlapeng leo ke ea Ajaru (khoeli ea bobeli).

10. Nahana ka mohlala oa Neriglissar. Tlhaloso ea borena e ngotsoeng ka eena e re e ne e le “mora oa Bêl-shum-ishkun,” “morena oa Babylona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Mongolo o mong oona o bitsa Bêl-shum-ishkun “khosana e bohlale.” Rubû, e leng lentsoe leo “khosana” e fetoletsoeng ho tsoa ho lona ke tlotla eo hape e ka bolelang “morena, ’musi.” Kaha ho na le sekheo pakeng tsa ho busa ha Neriglissar le mohlahlami oa hae, Amel-Marduk, na ho ka etsahala hore ebe “morena oa Babylona,” e leng Bêl-shum-ishkun, o ile a busa nakong eo e lipakeng? Moprofesa R. P. Dougherty o ile a lumela hore “bopaki ba Neriglissar ba hore o tsoa lelokong la borena bo ke ke ba hlokomolohuoa.”—Nabonidus and Belshazzar—A Study of the Closing Events of the Neo-Babylonian Empire, ea Raymond P. Dougherty, e hatisitsoeng ka 1929, leqepheng la 61.

11. Astronomical Diaries and Related Texts From Babylonia, Volume V, e hlophisitsoeng ke Hermann Hunger, e hatisitsoeng ka 2001, leqepheng la 2-3.

12. Journal of Cuneiform Studies, Volume 2, No. 4, 1948, “A Classification of the Babylonian Astronomical Tablets of the Seleucid Period,” ea A. Sachs, leqepheng la 282-283.

13. Astronomical Diaries and Related Texts From Babylonia, Volume V, leqepheng la 391.

14. Mesopotamian Planetary Astronomy-Astrology, ea David Brown, e hatisitsoeng ka 2000, leqepheng la 164, 201-202.

15. Bibliotheca Orientalis, L N° 1/2, Januari-Maart, 1993, “The Astronomical Diaries as a Source for Achaemenid and Seleucid History,” ea R. J. van der Spek, leqepheng la 94, 102.

16. Astronomical Diaries and Related Texts From Babylonia, Volume I, ea Abraham J. Sachs, e ileng ea qeteloa le ho hlophisoa ke Hermann Hunger, e hatisitsoeng ka 1988, leqepheng la 47.

17. Babylonian Eclipse Observations From 750 BC to 1 BC, ea Peter J. Huber le Salvo De Meis, e hatisitsoeng ka 2004, leqepheng la 186. Ho latela letlapa la VAT 4956, ho fifala hona ha khoeli ho etsahetse ka li 15 tsa khoeli ea boraro ea Bababylona, e leng ho bolelang hore khoeli ea Simanu e qalile matsatsi a 15 pele ho moo. Haeba ho fifala ha khoeli ho bile teng ka July 15, 588 B.C.E. ho latela k’halendara ea rōna ea Julian, joale letsatsi la pele la khoeli ea Simanu e ne e tla ba la 30 June/la 1 July, 588 B.C.E. Ka hona, khoeli ea pele ea Bababylona (Nisanu) e ne e tla be e qalile selemo se secha likhoeli tse peli pele ho moo, ka la 2/3 May. Le hoja ka tloaelo selemo seo ho fifala hona ho etsahetseng ka sona se ne se tlameha ho qala ka la 3/4 April, letlapa la VAT 4956, moleng oa bo6, le bontša hore khoeli e eketsehileng e ile ea kenngoa ka mor’a khoeli ea bo12 (ea ho qetela), e leng (Addaru) ea selemo se fetileng. (Letlapa leo le re: “La 8 khoeling ea XII2.”) Ka hona, sena se etsa hore selemo se secha se se ke sa qala ho fihlela ka la 2/3 May. Ka hona, letsatsi leo ho fifala hona ho etsahetseng ka lona ka 588 B.C.E. le lumellana hantle le le boletsoeng letlapeng.

18. Ho latela Berichte über die Verhandlungen der Königl. Sächsischen Gesellschaft der Wissenschaften zu Leipzig (Litlaleho Tsa Lipuisano Tsa Mokhatlo oa Saense oa Majeremane a Boholo-holo a Boreneng, Leipzig); Volume 67; la 1 May, 1915; sehloohong se reng “Ein astronomischer Beobachtungstext aus dem 37. Jahre Nebukadnezars II” (Buka ea Molepi oa Linaleli oa Selemong sa bo37 sa ho busa ha Nebuchadnezzar II), ea Paul V. Neugebauer le Ernst F. Weidner, leqepheng la 67-76, ho na le litlaleho tse 13 tse amanang le khoeli tseo ho tsona ho hlalosoang moo e neng e le hona teng ha e bapisoa le naleli e itseng kapa sehlopha sa linaleli. Ho boetse ho na le litlaleho tse 15 tse amanang le lipolanete. (leqepheng la 72-76) Le hoja matšoao a cuneiform bakeng sa khoeli a hlakile a bile a sa ferekanye, a mang a matšoao a mabitso a lipolanete le moo li leng hona teng ha aa hlaka. (Mesopotamian Planetary Astronomy—Astrology, ea David Brown, e hatisitsoeng ka 2000, leqepheng la 53-57) Ka lebaka la sena, ho ka ba le maikutlo a fapa-fapaneng le litlhaloso tse sa tšoaneng ka lipolanete tseo. Kaha ho bonolo ho tseba moo khoeli e neng e le hona teng nakong e fetileng, lipolanete hammoho le lihloliloeng tse ling tsa leholimo tse boletsoeng letlapeng la VAT 4956 ho ipapisitsoe le khoeli li ka qolloa ka nepo ha ba ha tsejoa hore na li ne li le hokae ka deiti efe.

18a. Linako tsena tse sa tšoaneng (“lunar threes”) ke mokhoa oo nako e baloang ka oona, ka mohlala, ho tloha ha letsatsi le hlaha ho fihlela ha khoeli e hlaha letsatsing la pele la khoeli le ka makhetlo a mang a mabeli hamorao khoeling. Litsebi li ile tsa sebelisa mokhoa ona oa ho fumana nako ho rala matsatsi a k’halendara. (“The Earliest Datable Observation of the Aurora Borealis,” ea F. R. Stephenson le David M. Willis, ho Under One Sky—Astronomy and Mathematics in the Ancient Near East, e hlophisitsoeng ke John M. Steele le Annette Imhausen, e hatisitsoeng ka 2002, leqepheng la 420-428) Bahlahlobi ba boholo-holo ba ne ba hloka ntho e kang oache ho fumana nako ena. Mokhoa oo oa bona oa ho fumana linako o ne o sa tšepahale. (Archimedes, Volume 4, New Studies in the History and Philosophy of Science and Technology, “Observations and Predictions of Eclipse Times by Early Astronomers,” ea John M. Steele, e hatisitsoeng ka 2000, leqepheng la 65-66) Ka lehlakoreng le leng, ho fumana hore na khoeli e ne e le hokae ho ipapisitsoe le lihloliloeng tse ling tsa leholimo ho entsoe ka tsela e ka tšeptjoang.

19. Boitsebiso bona bo hlahlobiloe ka lenaneo la k’homphieutha la bolepi ba linaleli le bitsoang TheSky6™. Ho phaella moo, bo ile ba netefatsoa ka lenaneo la k’homphieutha la mahala le tsoetseng pele haholo le bitsoang Cartes du Ciel/Sky Charts (CDC) le ntho e fumanang matsatsi e fanoeng ke U.S. Naval Observatory. Kaha ho ka ba le maikutlo a fapa-fapaneng le litlhaloso tse sa tšoaneng ka matšoao a mongolong oa cuneiform mabapi le moo lipolanete li neng li le hona teng, lipatlisisong tsena ha hoa ka ha sebelisoa boitsebiso bona ho fumana selemo se neng se boleloa bukeng ena ea balepi ba linaleli.

20. Berichte über die Verhandlungen der Königl. Sächsischen Gesellschaft der Wissenschaften zu Leipzig (Litlaleho Tsa Lipuisano Tsa Mokhatlo oa Saense oa Majeremane a Boholo-holo a Boreneng, Leipzig); Volume 67; la 1 May, 1915; “Ein astronomischer Beobachtungstext aus dem 37. Jahre Nebukadnezars II, (-567/66)” (Buka ea Molepi oa Linaleli oa Selemong sa bo37 sa ho busa ha Nebuchadnezzar II), ea Paul V. Neugebauer le Ernst F. Weidner, leqepheng la 41.

21. Letlapa la VAT 4956 le baleha tjena moleng oa boraro: “Khoeli e ne e eme setsoe se le seng [kapa 2 degrees] ka pel’a ß Virginis.” Boitsebiso bo boletsoeng pejana bo bontša hore ka la 9 Nisanu, khoeli e ne e le 2°04ʹ ka pel’a naleli ea ß Virginis le 0° ka tlas’a eona. Ho ile ha nkoa e le lona letsatsi le tšoanang hantle le le boletsoeng letlapeng leo.

[Chate e leqepheng la 25]

 (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LETLAPA LA VAT 4956 LE RE JERUSALEMA E TIMELITSOE—KA 587 B.C.E. KAPA KA 607 B.C.E.?

▪ Letlapa lena le na le tlaleho ea bolepi ba linaleli ba liketsahalo tsa selemo sa bo37 sa ho busa ha Morena Nebukadnezare II.

▪ Nebukadnezare II o ile a timetsa Jerusalema selemong sa bo18 sa ho busa ha hae.—Jeremia 32:1.

Haeba selemo sa bo37

sa ho busa ha

Nebukadnezare II e ne e le

568 B.C.E., ho bolela

hore Jerusalema e

587 ← ← timelitsoe ka 587 B.C.E.

610 B.C.E. 600 590 580 570 560

607 ← ← Haeba selemo sa hae sa bo37

e ne e le 588 B.C.E., ho

bolela hore Jerusalema e

timelitsoe ka 607 B.C.E.,

e leng sona selemo seo Bibele

e reng e timelitsoe ka sona.

▪ Letlapa la VAT 4956 le tšehetsa selemo sa 607 B.C.E. haholo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

Photograph taken by courtesy of the British Museum