Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE’NG e susumelitseng motho ea neng a rata ho becha ebile e le lesholu le thuhang matlong hore a se hlole a phela joalo? Bala u utloe hore na o re’ng.

“Ke ne ke Rata Mojaho oa Lipere ka Pelo Eohle ea ka.”—RICHARD STEWART

SELEMO SA TSOALO: 1965

NAHA EA HESO: JAMAICA

PELE: KE NE KE RATA HO BECHA KE BILE KE LE SENOKOANE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng o futsanehileng, o nang le batho ba bangata oa Kingston, motse-moholo oa Jamaica. Batho ba bangata ba ne ba sa sebetse ’me bonokoane bo tletse hohle. Lihlopha tsa linokoane li ne li etsa hore batho ba lule ba tšohile. Lithunya li ne li lula li lla hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng.

’Mè oa ka ea neng a sebetsa ka thata o ile a itella ’na le banab’eso. O ile a leka ka hohle hore re rutehe. Ke ne ke sa tsotelle sekolo hakaalo, empa ke ne ke rata mojaho oa lipere ka pelo eohle ea ka. Ke ne ke tloaetse ho lofa sekolo ebe ke ea lebaleng la mejaho. Ke ne ke bile ke palama lipere.

Ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke keneletse haholo ho becheng lipere. Ke ne ke itšoere hampe, ke robala le basali ba bangata. Ke ne ke tsuba matekoane ke bile ke utsoa e le hore ke tsoele pele ka tsela eo ke phelang ka eona. Ke ne ke boetse ke e-na le lithunya tse ngata, empa ke leboha feela hore ebe ha ho na motho ea ileng a bolaoa liketsong tse ngata tsa bonokoane tseo ke ileng ka kenella ho tsona.

Qetellong, mapolesa a ile a ntšoara eaba ke kenngoa chankaneng ka lebaka la bonokoane ba ka. Ha ke lokolloa, ke ile ka itsoella pele feela ka bophelo ba ka joalokaha eka ha hoa etsahala letho. Ha e le hantle ke ile ka ba mobe le ho feta. Le hoja ke ne ke shebahala eka ke konyana, ke ne ke le manganga, ke le sefela-peloana ke bile ke le pelo-mpe. Ho ne ho se na motho eo ke mo tsotellang ntle le ’na.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Nakong ena eo ho neng ho tletse likhathatso feela bophelong ba ka, ’mè oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele ea e-ba Paki ea Jehova. Ke ile ka bona botho ba hae bo fetoha bo e-ba botle eaba ke ba le thahasello. Ke ne ke batla ho tseba hore na ke eng e entseng hore ’mè oa ka a fetohe, ka hona ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki.

Ke ile ka fumana hore lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li li rutang li fapane le tse rutoang ke malumeli a mang eaba ke hlokomela hore Lipaki li tšehetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e buang ka Bibele. Ke bona bolumeli feela boo ke neng ke tseba hore bo ruta ka ntlo le ntlo, joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Matheu 28:19; Liketso 20:20) Ke ile ka kholiseha hore ke fumane bolumeli ba ’nete ha ke bona lerato la sebele leo li neng li le bontšana.—Johanne 13:35.

Ho latela lintho tseo ke ileng ka ithuta tsona Bibeleng, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke etse liphetoho tse khōlō bophelong ba ka. Ke ile ka hlokomela hore Jehova Molimo o hloile bohlola le hore haeba ke batla ho mo thabisa, ke tla lokela ho tlohela lintho tse silafatsang ’mele oa ka. (2 Bakorinthe 7:1; Baheberu 13:4) Ke ile ka ameha haholo ha ke ithuta hore Jehova o na le maikutlo le hore liketso tsa ka li ka mo utloisa bohloko kapa tsa mo thabisa. (Liproverbia 27:11) Ka hona ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela ho tsuba matekoane le ho ba le lithunya e le hore ke leke ho ntlafatsa botho ba ka. Lintho tse ling tseo ho neng ho le thata ka ho fetisisa hore ke li tlohele e ne e le bophelo ba ka ba boitšoaro bo bobe le ho becha.

Qalong ke ne ke sa batle hore metsoalle ea ka e tsebe hore ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Empa maikutlo ao a ile a fetoha ha ke qeta ho bala Matheu 10:33, moo ho tlalehiloeng mantsoe ana a Jesu: “Mang kapa mang ea ntatolang ka pel’a batho, le ’na ke tla mo latola ka pel’a Ntate ea maholimong.” Mantsoe ao a ile a ntšusumelletsa hore ke bolelle metsoalle ea ka hore ke ithuta le Lipaki. Ba ile ba makala haholo. Ba ne ba sa lumele hore motho ea tšoanang le ’na tjena a ka batla ho ba Mokreste. Empa ke ile ka ba bolella hore ho hang ha ke sa batla ho khutlela bophelong ba ka ba nakong e fetileng.

MELEMO EO KE E FUMANENG: ’Mè oa ka o ile a thaba haholo ha a bona ke qala ho phela ka melao-motheo ea Bibele. Hona joale ha a sa tšoenyeha ka hore na ke ntse ke etsa lintho life tse mpe. Re buisana ka ntho e re kopanyang—lerato leo re ratang Jehova ka lona. Ka linako tse ling ha ke hetla morao ke sheba hore na ke ne ke le motho oa mofuta ofe, ke sitoa ho lumela hore ke khonne ho etsa liphetoho tse kana ka thuso ea Molimo. Ha ke sa labalabela boitšoaro bo litšila le ho batla maruo joaloka nakong e fetileng.

Hoja ha kea ka ka mamela molaetsa oa Bibele, nka be ke shoele kapa ke le chankaneng. Leha ho le joalo, hona joale ke na le lelapa le letle le thabileng. Ke thabisoa haholo ke ho sebeletsa Jehova Molimo hammoho le mosali oa ka ea ntšehelitseng le morali oa ka ea itšoereng hantle. Ke leboha Jehova haholo ka ho mpha monyetla oa ho ba karolo ea mokhatlo oa bara ba motho o lerato oa Bakreste. Ke ananela haholo hore ebe ho ile ha e-ba le motho ea ikemisetsang ho nthuta linnete tsa Bibele. Ke bile ke ananela menyetla eo ke nang le eona ea ho thusa ba bang hore ba ithute Bibele. Ke leboha Jehova Molimo haholo ka mosa oa hae o lerato oo a mpontšitseng oona ka ho nkatametsa haufi le eena.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

‘Ke ithutile hore Jehova o na le maikutlo le hore liketso tsa ka li ka mo utloisa bohloko kapa tsa mo thabisa’

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke ile ka bona botho ba ’mè oa ka bo fetoha bo e-ba botle

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

’Na le mosali oa ka le morali