Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na Jesu o ne a amana le ba bang ba baapostola ba hae ba 12?

Mangolo ha a fane ka karabo e tobileng ea potso ena. Leha ho le joalo, ho latela boitsebiso bo bong le ho latela neano, ho bonahala ba bang ba baapostola bao ba 12 ba ne ba amana le Jesu.

Bangoli ba Kosepele ba fana ka mabitso a basali ba neng ba shebeletse ha Jesu a ne a shoa thupeng ea tlhokofatso. Johanne 19:25 e khetholla ba bane ba bona: “’M’ae [Maria] le morali’abo ’m’ae; Maria mosali oa Clopase, le Maria Magdalena.” Ha ho bapisoa temana ena le tlhaloso ea Matheu le ea Mareka ka ketsahalo eona ena, ho ka fihleloa qeto ea hore morali’abo ’mè oa Jesu e ne e le Salome. Kamoo ho bonahalang kateng, Salome eena e ne e le ’mè oa bara ba Zebedea. (Matheu 27:55, 56; Mareka 15:40) Ka hona, bara ba hae, bao litemaneng tse ling ba boletsoeng e le Jakobo le Johanne, e ne e le bo-motsoal’a Jesu. Jesu o ile a mema bara bana ba motho, bao e neng e le batšoasi ba litlhapi, hore e be barutuoa ba hae.—Matheu 4:21, 22.

Neano e ’ngoe e fumanoeng tlalehong eo e seng ea Bibele e bolela hore Clopase, kapa Alfiase, e leng monna oa mosali e mong ea boletsoeng ho Johanne 19:25, e ne e le mor’abo Josefa, ntate oa Jesu. Haeba neano eo e le ’nete, joale ho bolela hore Jakobo mora oa Alfiase, e leng e mong oa baapostola ba 12, le eena e ne e le motsoala oa Jesu.—Matheu 10:3.

Jesu le Johanne Mokolobetsi ba ne ba amana joang?

Ba bang ba lumela hore batsoali ba batho bana ba babeli e ne e le bo-motsoala. Sena se bakiloe ke ho fetolela lengolo la Luka 1:36 ka tsela e fosahetseng. Ka mohlala, ho latela Bibele ea Sesotho, temana eo e re Elizabetha, ’mè oa Johanne, le Maria ’mè oa Jesu, e ne e le bo-motsoala.

Leha ho le joalo, ha e le hantle, lentsoe le sebelisitsoeng Segerikeng sa pele temaneng ena ha lea toba. Le bontša feela hore basali bao ba babeli ba ne ba amana, eseng hakaalo-kaalo hore e ne e le bo-motsoala. Joalokaha The Interpreter’s Dictionary of the Bible e hlalosa, “lentsoe le sebelisitsoeng moo le pharaletse haholo hoo ho seng bonolo ho tseba hore na ba ne ba amana joang.” Joale taba ea hore Jesu le Johanne e ne e le bo-motsoala e tsoa hokae? The Catholic Encyclopedia ea araba: “Boitsebiso bohle ba rōna mabapi le . . . batsoali ba Maria . . . bo nkiloe mangolong a neano ao e seng karolo ea Bibele.”

Ka hona, Jesu le Johanne ba ne ba amana ka malapa, eseng hakaalo-kaalo hore batsoali e ne e le bo-motsoala.