Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo

Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo

Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo

“A qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela . . . litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—LUKA 8:1.

RE RATA ho bua ka lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa, tseo re li ratang haholo. Joalokaha Jesu ka boeena a boletse, “molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Ha re nahana ka lintho tseo Jesu a neng a bua ka tsona tšebeletsong ea hae, re ka etsa qeto ea hore o ne a nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa haholo.

’Muso oa Molimo ke eng? ’Muso ke puso e tsamaisoang ke morena. Kahoo, ’Muso oa Molimo ke puso e thehiloeng ke Molimo. Jesu o ile a bua haholo ka ’Muso oa Molimo, e ne e le sehlooho sa molaetsa oa hae. Likosepele tse ’nè li bua ka ’Muso oo ka makhetlo a fetang 110. Empa Jesu o ne a sa rute ka mantsoe feela. Liketso tsa hae le tsona li ne li ruta ho hongata ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsa.

Morena ke mang? Morena oa ’Muso oa Molimo ha aa khethoa ke batho. Ho e-na le hoo, ’Musi enoa o khethiloe ke Molimo ka boeena. Ha Jesu a ntse a ruta, o ile a senola hore ke eena ea khethiloeng ke Molimo hore e be Morena.

Jesu o ne a tseba hore boprofeta ba Bibele bo ne bo boletse esale pele hore Mesia ea tšepisitsoeng o ne a tla busa ’Musong o ke keng oa fela. (2 Samuele 7:12-14; Daniele 7:13, 14; Matheu 26:63, 64) Hopola hore Jesu o ile a bolela pepenene hore ke eena Mesia ea boletsoeng esale pele. Ka tsela eo, Jesu o ne a bontša hore ke eena Morena ea khethiloeng ke Molimo. (Johanne 4:25, 26) Kahoo, hoa utloahala hore ebe ka makhetlo a mangata Jesu o ile a bua mantsoe a reng “’muso oa ka.”—Johanne 18:36.

Jesu o ile a boela a ruta hore ho ne ho tla ba le ba bang ba neng ba tla busa le eena ’Musong oo. (Luka 22:28-30) O ile a bitsa batho bana ba tla busa le eena “mohlatsoana,” kaha e ne e tla ba ba fokolang ka palo. O ile a re ho bona: “Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Buka ea ho qetela ea Bibele e bontša hore e tla ba ba 144 000 ba tla ba le tokelo ea ho busa le Kreste.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1.

’Muso oo o hokae? Jesu o ile a re ho ’musi oa Moroma, Ponse Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) ’Muso oa Molimo oo Kreste a tla busa ho oona o ke ke oa sebelisa mekhatlo ea batho ho busa. Ka makhetlo Jesu o ile a bua ka ’Muso oa Molimo e le “’muso oa maholimo.” * (Matheu 4:17; 5:3, 10, 19, 20) Ka hona, ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo.

Jesu o ne a lebeletse ho khutlela leholimong ka mor’a hore a phethe thōmo ea hae lefatšeng. O ile a re ha a fihla teng o tla ‘lokisa sebaka,’ e le hore ba il’o busa le eena ba ka ea moo a leng hona teng.—Johanne 14:2, 3.

’Muso oa Molimo o finyella eng? Jesu o ile a ruta bamameli ba hae hore ba rapele Molimo, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Leholimong ho etsoa thato ea Molimo. ’Muso ke oona o phethahatsang morero oa Molimo ka lefatše. E le hore o finyelle seo, ’Muso oo o tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng.

’Muso oa Molimo o tla etsa’ng lefatšeng? Jesu o ile a ruta hore ’Muso oa Molimo o tla felisa bokhopo ka ho timetsa ba ikemiselitseng ho bo etsa. (Matheu 25:31-34, 46) Seo se tla felisa bobolu bohle le bokhopo bohle. Jesu o ile a ruta hore lefatše le tla tlala batho ba “maikutlo a bonolo,” ba lokileng, ba mohau, “ba lipelo li hloekileng” le ba nang le khotso.—Matheu 5:5-9.

Na batho bao ba tšepahalang ba tla phela lefatšeng le silafetseng? Le letho! Jesu o tšepisitse hore tlas’a ’Muso oa Molimo, ho tla ba le liphetoho tse babatsehang lefatšeng. Monna ea ileng a bolaoa a bapile le Jesu o ile a re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Ha Jesu a mo araba o ile a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:42, 43) ’Muso oa Molimo o tla fetola lefatše lena kaofela paradeise—e tla tšoana le e neng e le teng serapeng sa Edene.

Lintho tse ling hape tseo ’Muso oo o tla li etsetsa batho ke life? Jesu ha aa ka a tšepisa feela hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng. O ile a ba a bontša hore na o tla etsa’ng. Jesu o ile a folisa ba bangata ka mohlolo ’me ka tsela eo a bontša ka tekanyo e nyenyane hore na o tla etsa’ng lefatšeng lohle nakong e tlang ha e se e le Morena oa ’Muso oo. Tlaleho ea Kosepele e ngotsoeng ka tšusumetso ea Molimo e re ka Jesu: “A potoloha ho pholletsa le Galilea eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa bona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso le ho phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong har’a batho.”—Matheu 4:23.

Jesu o ile a phekola mafu a mangata. O ile a “bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse.” (Johanne 9:1-7, 32, 33) Ka lerato Jesu o ile a ama monna ea neng a tšoeroe ke lefu le tšabehang la lepera, eaba oa mo folisa. (Mareka 1:40-42) Ha “monna ea sa utloeng litsebeng le ea nang le leleme le rarahaneng” a tlisoa ho eena, Jesu o ile a bontša hore a ka khona ho “etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”—Mareka 7:31-37.

Esita le lefu le ne le ke ke la hlōla Morena enoa ea khethiloeng ke Molimo. Tlaleho e bontša hore ka makhetlo a mararo Jesu o ile a tsosa bafu. O ile a tsosa mora ea mong oa mohlolohali, ngoanana ea lilemo li 12 le motsoalle oa hae eo a neng a mo rata, Lazaro.—Luka 7:11-15; 8:41-55; Johanne 11:38-44.

Ha Jesu a hlalosa bokamoso bo tsotehang bo letetseng bafo ba ’Muso oa Molimo, o ile a sebelisa moapostola Johanne hore a ngole boprofeta bona: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 1:1; 21:3, 4) Ak’u nahane feela—lefatše leo ho lona ho seng motho ea tla lla ka lebaka la ho sareloa, ho seng ea tla utloa bohloko le leo ho lona lefu le tla be le le sieo! Ka nako eo, thapelo ea hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, e tla be e arabetsoe ka ho feletseng.

’Muso oa Molimo o tla tla neng? Jesu o rutile hore bobusi ba hae bo tla qala nakong e khethehileng eo a ileng a e bitsa “ho ba teng” ha hae. Jesu o ile a fana ka boprofeta bo qaqileng bo bontšang hore na ho ba teng ha hae e le morena ea matla ho ne ho tla qala neng. Nako ena e ne e tla bonahala ka mathata a aparetseng lefatše, a akarelletsang lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le ho eketseha ha tlōlo ea molao. (Matheu 24:3, 7-12; Luka 21:10, 11) Lipontšo tsena hammoho le tse ling tseo Jesu a buileng ka tsona li ’nile tsa qala ho bonahala ka ho khetheha ho tloha ka 1914, e leng selemo seo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma ka sona. Ka hona, hona joale Jesu ke Morena ea busang. Haufinyane ho tla fihla nako ea hore ’Muso oo o tle ’me thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. *

Ho tla ha ’Muso oa Molimo ho tla u ama joang ka ho toba? Ho tla itšetleha ka hore na u khetha ho etsa’ng ha u utloa molaetsa oa Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Polelo e reng “’muso oa maholimo” e hlaha ka makhetlo a ka bang 30 Kosepeleng ea Matheu.

^ ser. 17 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ba hore na re tseba joang hore ’Muso oa Molimo o haufi, sheba khaolo ea 9 e nang le sehlooho se reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela,’?” bukeng e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.