Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Pesaleme ea 102:26 e bolela hore lefatše le maholimo “li tla timela.” Na polelo eo e bolela hore polanete ee e bitsoang Lefatše e tla timela?

Mopesaleme o ile a rapela Jehova a re: “U ile ua rala metheo ea lefatše khale, maholimo ke mosebetsi oa matsoho a hao. Li tla timela, empa u tla ’ne u eme; li tla tsofala kaofela ha tsona feela joaloka seaparo. Feela joaloka liaparo u tla beha ho hong sebakeng sa tsona, ’me li tla qeta nako ea tsona.” (Pesaleme ea 102:25, 26) Taba e potolohileng e bontša hore litemana tsena ha li bue ka ho timetsoa ha lefatše, empa li bua ka hore Molimo o hlola ka ho sa feleng. Taba e potolohileng e boetse e bontša hore na ke hobane’ng ha ’nete eo ea bohlokoa e le matšeliso ho bahlanka ba Molimo.

Mopesaleme, eo mohlomong a neng a le kholehong Babylona, o qala ka ho hlalosa mahlomola a hae. O lla ka hore bophelo ba hae bo fela “joaloka mosi.” ’Mele oa hae o kula ke ho tšoenyeha, e leng ho etsang hore masapo a hae “a chese haholo feela joaloka leifo.” O khathetse, o “omeletse joaloka limela,” ’me o hlorile, “joaloka nonyana e ’notši holim’a marulelo.” Liteko li mo hlokisa takatso ea lijo, ’me matsatsi a hae a tletse masoabi. (Pesaleme ea 102:3-11) Leha ho le joalo, mopesaleme ha aa felloa ke tšepo. Ka lebaka lefe? Ka lebaka la seo Jehova a tšepisitseng hore o tla se etsa ka Sione, kapa Jerusalema.

Le hoja Sione e sentsoe, Jehova o tšepisitse hore e tla tsosolosoa. (Esaia 66:8) Kahoo, ka tšepo mopesaleme o re ho Jehova: “U tla hauhela Sione, etsoe ke nako ea ho e bontša mohau, kaha nako e behiloeng e fihlile. Etsoe ka sebele Jehova o tla haha Sione.” (Pesaleme ea 102:13, 16) Joale, mopesaleme o boetse o bua ka mahlomola a hae. Kamoo a nahanang kateng, haeba Jerusalema e entsoeng lesupi e ka tsosolosoa ka matla a Molimo, ka sebele Jehova a ka mo pholosa mahlomoleng a hae. (Pesaleme ea 102:17, 20, 23) Ho na le se seng hape se susumelletsang mopesaleme hore a tšepe Jehova ka ho feletseng. O susumetsoa ke eng? Ke ’nete ea hore Molimo o hlola ka ho sa feleng.

Ho hlola ha Jehova ka ho sa feleng, ho fapane ka ho totobetseng le bophelo bo bokhutšoanyane ba mopesaleme. O re ho Jehova: “Lilemo tsa hao li teng ho pholletsa le meloko eohle.” (Pesaleme ea 102:24) Ka mor’a moo mopesaleme o re: “U ile ua rala metheo ea lefatše khale, maholimo ke mosebetsi oa matsoho a hao.”—Pesaleme ea 102:25.

Leha ho le joalo, le hoja e le khale haholo lefatše le maholimo li le teng, li ke ke tsa bapisoa le hore Jehova o hlola ka ho sa feleng. Mopesaleme o eketsa ka ho re: “[Lefatše le maholimo] li tla timela, empa u tla ’ne u eme.” (Pesaleme ea 102:26) Lefatše le maholimo li ka timela. Ke ’nete hore libakeng tse ling Jehova o ile a bolela hore li tla ema ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 119:90; Moeklesia 1:4) Empa li ka senngoa haeba seo e ne e le morero oa Molimo. Ho fapana le tsona, Molimo a ke ke a shoa. Lintho tse bōpiloeng li “eme ka ho sa feleng” hobane feela Molimo a li hlokometse. (Pesaleme ea 148:6) Haeba Jehova a ka tlohela ho nchafatsa lintho tse bōpiloeng, “li tla tsofala kaofela ha tsona feela joaloka seaparo.” (Pesaleme ea 102:26) Feela joalokaha liaparo tsa motho li tsofala, eena a sala, pōpo ea Jehova le eona e ka tsofala eaba eena oa sala, haeba a khetha ho etsa joalo. Leha ho le joalo, mangolo a mang a re bolella hore seo hase thato ea hae. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o rerile hore lefatše le maholimo li tla ema ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 104:5.

Hoa tšelisa ho tseba hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae kamehla. Ho sa tsotellehe hore na re ka hlaheloa ke liteko life, ha re kōpa thuso ho eena, re ka kholiseha hore “ka sebele o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a se ke a nyelisa thapelo ea bona.” (Pesaleme ea 102:17) Ha ho pelaelo hore tšepiso ea Jehova e ho Pesaleme ea 102 ea hore o tla re thusa e tiile ho feta lefatše leo re emang holim’a lona.