Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Forgiveness can put out the flames of a conflict

BAKENG SA BANYALANI

4 Ho Tšoarelana

4 Ho Tšoarelana

HO BOLELA’NG?

Ho tšoarela motho ha ho bolele hore ha aa etsa phoso, empa ke ho mo leballa eona ebile u sa mo jare ka pelo.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.

“Ha u rata motho ha u shebe liphoso tsa hae, empa u sheba lintho tse ntle tseo a li etsang.”—Aaron.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Ho jara molekane oa hao ka pelo ho ka etsa hore u kule, u imeloe kelellong ho be ho senye lenyalo la lona.

“Ka nako e ’ngoe mohatsa oa ka o ile a etsa ntho e ileng ea nkutloisa bohloko haholo eaba o kopa tšoarelo. Ho bua ’nete, ho ne ho se bonolo ho mo tšoarela ka nako eo. Ke ile ka qetella ke mo tšoaretse le hoja ke ikoatetse hore na ke liehetse’ng, hobane ke bakile mathata ho sa hlokahale.”—Julia.

U KA ETSA’NG?

ITLHAHLOBE

Nakong e tlang ha molekane oa hao a u utloisitse bohloko, ipotse lipotso tse latelang:

  • ‘Na ke se-fela-peloana?’

  • ‘Na o nketselitse phoso e kholo hakaalo hoo ke hlokang hore a be a kope tšoarelo, kapa nka iphapanyetsa eona?’

BUISANA LE MOLEKANE OA HAO

  • Ho re nka nako e kae hore re tšoarelane ha re koatelane?

  • Re ka etsa’ng hore re se ke ra lieha ho tšoarelana?

LIKELETSO

  • Ha molekane oa hao a entse phoso, u se ke oa nahana hore o e entse hobane a batla ho u utloisa bohloko.

  • Itloaetse ho tšoarela molekane oa hao hobane “kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.

“Ho bonolo ho tšoarela molekane oa hao ha u tseba hore le uena u phoso. Empa ho thata ho mo tšoarela ha e le eena feela ea entseng phoso. Ho hlokahala boikokobetso e le hore u tšoarele batho ba bang.”—Kimberly.

 

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lokisa litaba kapele.”—Matheu 5:25.

Ho jara molekane oa hao ka pelo ho ka etsa hore u kule, u imeloe kelellong ho be ho senye lenyalo la lona