Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha banyalani ba sebelisana ’moho, ho tšoana le ha eka bobeli ba bona ba fofisa sefofane ho se isa nģa e le ’ngoe

BAKENG SA BANYALANI

2 Ho Sebelisana ’Moho

2 Ho Sebelisana ’Moho

HO BOLELA’NG?

Ha banyalani ba sebelisana ’moho, ho tšoana le ha eka bobeli ba bona ba fofisa sefofane ho se isa nģa e le ’ngoe. Leha mathata a hlaha, ba tla nahanelana ho e-na le ho inahana bobona.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe.”—Matheu 19:6.

“Banyalani ba lokela ho sebetsa ’moho e le hore lenyalo la bona le atlehe.”—Christopher.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Ka linako tse ling banyalani baa qabana. Haeba ba sa sebelisane ’moho, ba tla tšoaeana liphoso ho e-na le ho nahana ka hore na ba ka etsa’ng ho rarolla bothata. Ba ka qetella ba entse hore le lintho tse sa reng letho e be lintho tse kholo.

“Ho bohlokoa haholo hore banyalani ba sebelisane ’moho. Hoja ebe ’na le molekane oa ka ha re sebelisane ’moho, ho ka be ho tšoana le ha eka re batho ba babeli ba mpang ba lula ’moho. Boemong boo, ho ba thata hore batho bana ba babeli ba lumellane ha ba etsa liqeto.”—Alexandra.

U KA ETSA’NG?

ITLHAHLOBE

  • Na ke nka hore chelete eo ke e kholang ke ea ka ke le mong?

  • Na ke ee ke utloe ke pholile ka kelellong ha molekane oa ka a le sieo?

  • Na ke ee ke utloe ke sa thahaselle ba habo molekane oa ka le hoja eena a ba rata?

BUISANA LE MOLEKANE OA HAO

  • Ke lintho life tseo re li etsang tse bontšang hore re sebelisana ’moho?

  • Ke lintho life tseo re ka ntlafatsang ho tsona e le hore re sebelisane ’moho?

  • Ke lintho life tseo re ka li etsang ho sebelisana ’moho?

LIKELETSO

  • Uena le molekane oa hao ha lea lokela ho hlolisana joalokaha eka ho thoe le libapali tsa tenese. Empa u lokela ho ba ka lehlakoreng le le leng le eena e le hore le khone ho hlola mathata.

  • Ho e-na le ho nahana ka hore na u ka etsa’ng ho hlola mathata, u ka nahana haholo ka hore na le ka etsa’ng le le babeli ho hlola mathata.

“U se ke oa itšoarisa hlooho ka hore na ke mang ea molato le hore na ke mang ea seng molato. Taba ea bohlokoa haholo ke hore uena le molekane oa hao le thabe le be le momahane.”—Ethan.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: ‘Le se hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomele lithahasello tsa ba bang.’—Bafilipi 2:3, 4.