Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Tšebeletso ea Hao e Tšoana le Phoka?

Na Tšebeletso ea Hao e Tšoana le Phoka?

TŠEBELETSO ea rōna ke ea bohlokoa. Empa hase bohle bao re ba pakelang ba utloisisang sena. Le hoja batho ba bang ba thahasella Lentsoe la Molimo, hase kamehla ba thabelang ho ithuta lona le rōna.

Ka mohlala, Gavin o ne a ea libokeng Holong ea ’Muso, empa a sa batle ho ithuta Bibele. O re o ne a sa tsebe Bibele hakaalo ’me a sa batle hore batho ba tsebe. O ne a tšaba hore ho tla thoe a kene bolumeling bo itseng ’me a sa batle ho thetsoa. U nahana joang? Na ho ne ho ka khoneha hore Gavin a thusoe? Nahana ka liphello tse ntle tse ka tlisoang ke ho ithuta Bibele. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Polelo ea ka e tla qhitsa joaloka phoka, joaloka pula e nang hasesaane holim’a joang.” (Deuteronoma 31:19, 30; 32:2) A re ke re hlahlobeng lintlha tse seng kae ka phoka ’me re li bapise le tšebeletso ea rōna e le hore re tle re thuse “batho ba mefuta eohle.”—1 Timothea 2:3, 4.

KE JOANG TŠEBELETSO EA RŌNA E KA TŠOANTŠOANG LE PHOKA?

Phoka e nolofatsa limela. Mouoane o fetoha phoka butle butle. Ke joang mantsoe a Jehova a neng a “qhitsa joaloka phoka”? O ne a bua le batho ba hae ka bonolo le ka mosa. Re etsisa Molimo ha re hlompha seo ba bang ba se lumelang. Re ba khothalletsa ho nahanisisa lintho le ho iketsetsa liqeto. Ha re thahasella batho, ba tla mamela molaetsa oa rōna ’me seo se tla etsa hore re atlehe tšebeletsong ea rōna.

Phoka ea khatholla. Tšebeletso ea rōna e tla khatholla ba bang haeba re nahana ka litsela tse fapaneng tseo ka tsona re ka ba thusang ho ithuta ’nete. Mor’abo rōna Chris o ne a khothalletsa Gavin hore a ithute Bibele, empa a sa mo qobelle. Ho e-na le hoo, o ile a leka litsela tse sa tšoaneng ho etsa hore Gavin a phutholohe ho buisana le eena ka Bibele. Chris o ile a bolella Gavin hore Bibele e na le molaetsa oa bohlokoa le hore o tla nolofalloa ho utloisisa se buuoang libokeng ha a ka ithuta eona. Chris o ile a boela a mo hlalosetsa hore boprofeta ba Bibele bo mo kholisitse hore se ka Bibeleng ke ’nete. Ka mor’a moo, ba ile ba buisana ka lintlha tse ngata tsa kamoo boprofeta bo phethahetseng kateng. Gavin o ile a thabela seo, ’me qetellong a lumela ho ithuta Bibele.

Phoka e phelisa limela. Nakong ea komello ha ho chesa Iseraele, ho feta likhoeli pula e sa ne. Kaha ha ho be le phoka, limela lia omella ebe lia shoa. Jehova o boletse esale pele hore mehleng ena ea rōna ho tla ba le komello, kaha batho ba tla nyoreloa “ho utloa mantsoe a Jehova.” (Amose 8:11) O tšepisitse hore batlotsuoa ba tla “ba joaloka phoka e tsoang ho Jehova” ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ba tšehelitsoe ke “linku tse ling.” (Mikea 5:7; Johanne 10:16) Molaetsa oo re o phatlalatsang ke tsela e ’ngoe eo Jehova a e sebelisang ho fa ba nyoretsoeng ’nete bophelo. Na rea o ananela?

Phoka ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. (Deuteronoma 33:13) Molaetsa oo re o phatlalatsang e ka ba tlhohonolofatso ho ba o amohelang. Ho ithuta Bibele e bile tlhohonolofatso ho Gavin, kaha ho ile ha mo thusa hore a fumane likarabo tsa lipotso tsohle tsa hae. O ile a hatela pele a ba a kolobetsoa, ’me hona joale o thabela ho bolela litaba tse molemo le mosali oa hae, e leng Joyce.

Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle

ANANELA TŠEBELETSO EA HAO

Ho bapisa mosebetsi oa boboleli oo re o etsang le phoka, ho ka boela ha re thusa ho utloisisa karolo eo ka bo-mong re e phethang. Ka tsela efe? Lerotholi la phoka ha le etse letho le lekaalo, empa ha le kopana le a mang le kolobisa lefatše. Ka ho tšoanang, ka bo-mong re ka ’na ra se ke ra finyella batho ba bangata tšebeletsong. Empa ka lebaka la boiteko bo etsoang ke bahlanka ba Jehova ba limilione, hona joale bopaki bo fanoa ‘lichabeng tsohle.’ (Matheu 24:14) Na ba bang ba nka hore tšebeletso ea rōna ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova? Ba tla nka hore ke tlhohonolofatso, haeba re le mosa, re ba khatholla ebile re ba hlasimolla joaloka phoka!