Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bibele e sa na le Thuso?

Na Bibele e sa na le Thuso?

BATHO BA BANG BA LUMELA HORE HA E SA NA THUSO. Ngaka e ’ngoe e kile ea re ho mamela keletso ea Bibele ho tšoana le ha tichere e ruta bana ka buka ea 1920 mehleng ena. Batho ba bang ba re ho tšoana le ha u botsa motho ea tsebang fono ea mehleng ea khale feela hore na u ka sebelisa ea mehleng ena joang. Batho bana kaofela ba lumela hore keletso ea Bibele ha e sa na thuso.

Mehleng ena ho se ho e-na le batho ba bangata ba ka re eletsang hore na re etse’ng hore re phele hamonate. Ba ngola likeletso tsena letsatsi le leng le le leng, ebang ke libukeng kapa inthaneteng. Ho bile ho na le ba hlahang thelevisheneng ba fana ka likeletso. Ba bang ba bona ba bile ba etse sekolong ho ithutela ho eletsa batho. Joale na le mehleng ee keletso ea Bibele e ntse e ka re tsoela molemo?

Letsatsi le chabang le le likelang ho hlaha likeletso tse ncha tsa hore na re ka etsa’ng hore re thabe. Na joale re sa hloka buka ee e seng e qetile lilemo tse ka bang 2 000 e le teng? Ebe na batho baa ba lumelang hore Bibele ha e sa na thuso ba nepile? Ho bua ’nete, batho ba nahanang joalo ba fositse haholo. Likeletso tsa batho li lula li fetoha ha ba ntse ba ithuta lintho tse ncha, empa lintho tseo batho ba li hlokang ha li e-s’o fetohe. Motho e mong le e mong o batla ho phela hamonate, ho ba le lelapa le thabileng le ho ba le metsoalle ea sebele.

Le hoja Bibele e ngotsoe khale haholo, e na le likeletso tse ka thusang batho hore ba phele hamonate. Ha e itlhalosa e re e ngotsoe ke Molimo ea re bopileng. E tšepisa ho tataisa batho, ho ba thusa hore ba thabele bophelo le hore ba khone ho rarolla mathata. (2 Timothea 3:16, 17) Ha e felle moo. E boetse e tšepisa ho fana ka keletso eo batho ba e hlokang. Likeletso tse ka ho eona ha li siuoe ke nako. E re: “Lentsoe la Molimo lea phela.”—Baheberu 4:12.

Na e bua ’nete? Na likeletso tse ka ho eona li ka hla tsa re tsoela molemo? Molula-Qhooa ona o ngolletsoe ho u thusa ho tseba likarabo tsa lipotso tsena. Ho na le e meng e tla latela ka mor’a ona eo le eona e tla re thusa haholo tabeng ena.