Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Re’ng?

U ka Re’ng?

Na Bibele e ka u thusa hore u be motsoalle oa Molimo?

BATHO BA BANG BA LUMELA . . .

hore ba ke ke ba khona ho ba metsoalle ea Molimo hobane ke baetsalibe. Ba bang bona ba re Molimo ha a re tsotelle. Uena u ka re’ng?

BIBELE EONA E RE’NG?

Molimo o na le “kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Re ka ba metsoalle ea Molimo ha re mo mamela.

BIBELE E RE’NG HAPE?

  • Molimo o batla ho ba motsoalle oa rona.—Jakobo 4:8.

  • Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela.—Pesaleme ea 86:5.

  • Metsoalle ea Molimo e lokela ho rata lintho tseo a li ratang le ho hloea lintho tseo a li hloileng.—Baroma 12:9.