Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Ho Iphetola ha Lintho

Ho Iphetola ha Lintho

Batho ba bang ba re bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Ba bang ba re Molimo o ile a bōpa lintho tse seng kae eaba ka mor’a moo o tlohela hore lintho li iphetole. Bibele e re’ng?

Na tlaleho ea Bibele e buang ka pōpo ha e lumellane le khopolo ea hore ho bile le ho phatloha ho hoholo ho ileng ha hlahisa bokahohle?

Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Ha e bolele hore na ha e le hantle Molimo o bōpile lintho tsohle joang. Kahoo, esita le haeba ho phatloha ho ile ha hlahisa bokahohle, seo se ne se ke ke sa hanana le seo Bibele e se buang. Ho e-na le hoo, Genese 1:1 e ne e tla araba potso ea hore na ke mang ea bakileng ho phatloha ho hoholo.

Ho hlakile hore bo-rasaense ba lumela hore ho phatloha hoo e bile ketsahalo e sa reroang, e neng e sa laoloe ke motho e ileng ea fella ka hore ka mor’a nako likotoana tsa lintho li fetohe linaleli le lipolanete. Bibele ha e lumellane le seo, empa e re Molimo ke eena eo ka ho toba a ileng a etsa hore bokahohle bo be teng, ho sa tsotellehe hore na o entse seo ka ho phatloha ho itseng kapa ka ho bōpa.

“Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”Genese 1:1.

Na tlaleho ea Bibele e lumellana le hore ka mor’a nako lintho tse phelang lia fetoha?

E. Bibele e re Molimo o ile a bōpa lintho tse phelang “ho ea ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:11, 12, 21, 24, 25) Na mofuta o itseng oa ntho e phelang o ka fetoha? E. Leha ho le joalo, na seo se bolela hore mofuta o itseng o ka iphetola hore e be o mong o mocha? Che.

Nahana ka mohlala ona: Lilemong tsa bo-1970, bafuputsi ba ile ba ithuta ka lithaha tsa lihlekehlekeng tsa Galápagos. Ba ile ba hlokomela hore ka mor’a selemo se seng sa komello, lithaha tse nang le melomo e meholoanyane li ile tsa pholoha habobebe ho feta tse melomo e menyenyane. Batho ba bang ba re sena ke bopaki ba ho iphetola ha lintho. Empa na seo ke bopaki ba ho iphetola ha lintho kapa e bile ho ikamahanya le maemo? Lilemo hamorao, lithaha tse nang le melomo e menyenyane li ile tsa boela tsa ba ngata ho feta tse melemo e moholoanyane. Teko ena e ile ea thusa Jeffrey H. Schwartz, e leng moprofesa oa thuto mabapi le batho, hore a fihlele qeto ea hore ho ikamahanya le maemo ho thusa phoofolo ho phela tlas’a maemo a ntseng a fetoha, “ha ho hlahise letho le lecha.”

Na Bibele e ka lumellana le khopolo ea ho iphetola ha lintho?

Bibele e re ‘[Molimo] o bōpile lintho tsohle.’ (Tšenolo 4:11) Ha aa ka a “phomola” ho fihlela a qetile mosebetsi oa hae. (Genese 2:2) Moelelo o hlakile: Molimo ha aa ka a bōpa ntho e le ’ngoe e phelang ’me a phomola, ebe ka lilemo tse limilione ntho eo e phelang e ntse e iphetola hore e be mefuta e fapaneng ea litlhapi, liapi kapa batho. * Khopolo eo e bitsoa ho iphetola ho hoholo ha lintho ’me e hanana le mosebetsi oa ’Mōpi, eo Bibele e reng o ile a “etsa maholimo le lefatše, leoatle le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho tsona.”—Exoda 20:11; Tšenolo 10:6.

“Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle.”Tšenolo 4:11.

Ithute ho eketsehileng: Bibele e re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.” (Baroma 1:20) Ho ithuta ka Molimo ho ka etsa hore bophelo ba hao bo be le morero, hobane morero oa hae o akarelletsa bohle ba mo batlang ka tieo. (Moeklesia 12:13; Baheberu 11:6) Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, kena ho www.jw.org/st kapa u buisane le Lipaki Tsa Jehova. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.

^ ser. 12 Bibele ha e lumellane le khopolo ea hore Molimo o bōpile lefatše ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 joalokaha batho ba bang ba lumela joalo. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 24-27 bukaneng ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? Bukana ena e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ’me u ka e kopitsa mahala ho www.jw.org/st.