Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LE ENTSOE?

Letlalo le Monyang Metsi la ’Mankhoshepe o Meutloa

Letlalo le Monyang Metsi la ’Mankhoshepe o Meutloa

’MANKHOSHEPE oa Australia ea meutloa (o boetse o bitsoa Moloch horridus) o monya metsi libakeng tse mongobo. O tsamaisa metsi hore a fihle ka lehanong la oona. O etsa see joang? Re ka ithuta sena letlalong la oona.

Methapo e kopanyang karolo e ka holimo le e ka tlaase ea letlalo la oona, e etsa hore metsi a tsamaee holim’a letlalo ho ea fihla ka lehanong la oona

Nahana ka sena: Letlalo la ’mankhoshepe ona le na le makhekhebu. Bo-rasaense ba bang ba re metsi ao ’mankhoshepe ona o a bokeletseng holim’a letlalo la oona, a tsamaea lipakeng tsa makhekhebu ho ea fihla lehanong la oona.

Leha ho le joalo, ’mankhoshepe oo o khona ho hula metsi joang hore a tsamaee maotong a oona, ebe a feta ’meleng a be a fihle ka lehanong la oona ntle le hore a sitisoe ke matla a khoheli? Hape, o monya metsi joang ha a hohla mpa moo ho leng mongobo?

Ha e le hantle, bafuputsi ba hlokometse hore na o etsa sena joang. O na le methapo e kopanyang karolo e ka holimo le e ka tlaase ea letlalo la oona. Methapo ena e etsa hore metsi a khone ho feta lipakeng tsa makhekhebu a oona ntle le tšitiso ea matla a khoheli. Kahoo, letlalo la oona le monya metsi joaloka seponche.

Janine Benyus, e leng mookameli oa Biomimicry Institute (Setsi seo ho sona ho qaptjoang lintho ka ho etsisa pōpo), o re ho kopitsa tsela eo ’mankhoshepe a monyang metsi ka eona ho ka thusa lienjiniere hore li qape mokhoa oa ho monya mongobo o ka ntle e le hore mehaho e phole le hore ho be le metsi a nooang.

U nahana joang? Na letlalo le monyang metsi la ’mankhoshepe ea meutloa le bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na le entsoe?