Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Sebelisa Chelete ka Bohlale Joang?

Nka Sebelisa Chelete ka Bohlale Joang?

Pono ea Bibele

Nka Sebelisa Chelete ka Bohlale Joang?

“Le hoja ke fumana chelete e nyenyane, lintho tseo ke lokelang ho li lefella tsona li ntse li eketseha. Hangata kea hlobaela bosiu, ke ipotsa hore na ke tla hlokomela ba lelapa la ka joang.”—James.

“E ne eka ke qabeletsoe ’me ho se na moo ke tsoang le teng.”—Sheri.

BATHO ba atisa ho bua lipolelo tseo, nakong ea ha moruo o sa tsitsa. Ha a bua ka ho putlama ha moruo ho sa tsoa etsahala lefatšeng ka bophara, Juan Somavia, e leng motsamaisi-kakaretso oa Ofisi ea Machaba ea Basebetsi, o re: “Bothata bona hase ba Wall Street feela, empa ke ba lefatše ka bophara.”

Ho felloa ke mosebetsi ka tšohanyetso kapa ho haelloa ke chelete ea hore motho a hlokomele litlhoko tsa motheo tsa lelapa ho ka etsa hore a ngongorehe haholo a be a nyahame. Mongoli oa Bibele, e leng Davida o kile a ikutloa joalo ka nako e ’ngoe bophelong ba hae. O ile a rapela, a re: “Mahlomola a pelo ea ka a atile; u ’ntše likhatellong tse holim’a ka.” (Pesaleme ea 25:17) Bibele e re’ng ka mehla ea rōna, hona na keletso ea eona e bohlale le e bululetsoeng e ka ntlafatsa tšireletso ea rōna le ho re fa khotso e eketsehileng?

E-ba Bohlale Linakong Tse Mahlonoko

Bibele e ile ea bolela esale pele hore ‘matsatsi a ho qetela’ a lefatše la kajeno a tla tšoauoa ka “bohloko ba mahlomola” le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1; Matheu 24:8) Ka sebele mantsoe ao aa phethahala! Le hoja re phela linakong tse mahlonoko, re ka ba le tšepo. Ka Bibeleng e Halalelang, Molimo o re fa keletso e bohlale e ka re thusang ho sebetsana le linako tsena tse sa tsitsang moruong.

Ka mohlala, Bibele e re thusa hore re be le pono e loketseng ka chelete. Moeklesia 7:12 e re: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” Ke ’nete hore chelete e ka fana ka tšireletso e itseng, empa ke bohlale bo tsoang ho Molimo feela, bo fumanehang ka Bibeleng, bo ka re sireletsang e le kannete ka linako tsohle. Nahana ka mehlala e meng.

Ho Sebetsana le Linako Tse Thata Moruong

E-ba sekhothali. “Ea botsoa o iponahatsa a lakatsa, empa moea oa hae ha o na letho. Leha ho le joalo, moea oa ba khothetseng o tla nona.” (Liproverbia 13:4) Re ithuta’ng ho see? Hore re iketsetse botumo ba ho ba basebetsi ba tšepahalang, ba sebetsang ka thata. Bahiri ba nka batho ba sebetsang ka thata e le ba bohlokoa ’me e ka ’na ea e-ba bona ba hiroang pele le ba felloang ke mosebetsing qetellong.—Baefese 4:28.

Nahana ka litšenyehelo pele u reka. Jesu o ile a re: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Le hoja Jesu a ne a bontša hore motho o lokela ho bala litšenyehelo tsa ho ba molateli oa hae, ho hlakile hore mantsoe a hae ke ’nete le ka tsela ea sebele. Kahoo, iketsetse moralo oa tšebeliso ea chelete, u thathamise lintho tseo u li hlokang le hore na ke bokae.

U se ke ua senya chelete ka mekhoa e mebe. Lintho tse kang ho becha, ho tsuba, ho sebelisa tahi le lithethefatsi hampe li fosahetse mahlong a Molimo.—Liproverbia 23:20, 21; Esaia 65:11; 2 Bakorinthe 7:1.

Qoba “lerato la chelete.” (Baheberu 13:5) Batho ba ratang chelete ba felloa ke thabo ’me baa ferekana, kahoo ‘ba itlhaba hohle ka bohloko bo boholo.’ (1 Timothea 6:9, 10) Ho feta moo, ba ba meharo, hobane ho sa tsotellehe hore na ba na le lintho tse ngata hakae, ha ho mohla li lekaneng.—Moeklesia 5:10.

Ithute ho khotsofala. “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:7, 8) Batho ba khotsofallang ho ba le lintho tse seng kae ha ba atise ho tšoenyeha ka ho feteletseng ha moruo o putlama. Kahoo ithute ho khotsofalla seo u nang le sona bophelong.—Sheba lebokose le ka ho le letona.

Ha ho le ea mong oa rōna ea tsebang hore na ho tla etsahala’ng ka moso. Moeklesia 9:11 e re: “Bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Kahoo, batho ba bohlale ha ‘ba behe tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e beha ho Molimo,’ ea tšepisang bahlanka ba hae ba tšepahalang hore: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—1 Timothea 6:17; Baheberu 13:5.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Bibele e hlalosa mehla ea rōna joang?2 Timothea 3:1-5.

● Tataiso e tšepahalang e ka fumanoa hokae kajeno?—Pesaleme ea 19:7.

● Nka lokisetsa lelapa la ka bokamoso bo sireletsehileng joang?—Moeklesia 7:12.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]

MEKHOA EA HO BABALLA CHELETE

Ha u il’o reka: Etsa lethathamo la lintho tseo u li batlang. Qoba ho reka lintho tseo u neng u sa rera ho li reka. Sheba lintho tse theko e tlaase. Sebelisa litlankane tse fanang ka phokoletso le linyehlisetso. Reka lintho tseo u li hlokang nakong eo li theotsoeng le tseo e seng nako ea tsona selemong. Ha ho khoneha, reka lintho ka bongata.

Litšenyehelo tsa lapeng: Lefa likoloto ka nako e le hore u qobe ho lefisoa phaello. Pheha lijo le ho ritela lino lapeng ’me u je lijo le ho noa joala ka mokhoa o itekanetseng. Tima mabone le thepa ea motlakase ha u sa li sebelise. Ha ho khoneha, sebelisa thepa e baballang motlakase. Kenya lintho tse thibelang serame ntlong ea hao. Nahana ka ho lula ntlong e nyenyane.

Sepalangoang: Haeba u lokela ho ba le koloi, reka e ke keng ea robeha kapele, e baballang mafura. Ha ho hlokahale hore e be e ncha. Phetha mabaka a mangata ka nako e le ’ngoe ’me ha ho khoneha u tsamaee le ba bang ka koloi. Ho seng joalo, u tsamaee ka lipalangoang tsa sechaba, ka maoto kapa ka baesekele. E-ea phomolong nakong eo litheko li leng tlaase, mohlomong u ee sebakeng se haufi le hae.

Lifono le boithabiso: Na u lokela ho ba le fono ea ka tlung hammoho le selefouno? Haeba bana ba hao ba na le liselefouno, na ba li sebelisa ka ho baballa, kapa na ba hlile baa li hloka? Haeba u lefella tšebeletso e itseng ea mananeo a thelevishene, na u ka fokotsa litšenyehelo ka hore u fokotse palo ea liteishene tseo u li shebellang? * Ho e-na le ho reka libuka le lifilimi, li alime laebraring.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 26 Ho fumana litlhahiso tse eketsehileng, sheba sehlooho se reng, “Sebelisa Chelete ka Bohlale,” se hlahang Tsoheng! ea March 2009 le se reng, “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?” se hlahang Tsoheng! ea June 2006.