Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Thabile le Hoja ke Holofetse Hampe

Ke Thabile le Hoja ke Holofetse Hampe

Ke Thabile le Hoja ke Holofetse Hampe

Joalokaha ho boletse José Godofredo Várguez

Ke hlahile ke phela hantle ka ba ka hōla joaloka bana ba bang. Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka qala ho etsa mosebetsi oa ho cheselletsa litšepe. Lilemo tse peli hamorao, ke ne ke ntse ke cheselletsa litšepe sethaleng se haufi le lithapo tse nang le motlakase o mongata, ha pula e qala ho na. Ka tšohanyetso, ke ile ka otloa ke motlakase hoo ke ileng ka oela fatše, botlaaseng ba limithara tse 14, ’me ka akheha. Ke ile ka qeta likhoeli tse tharo ke akhehile. Ha ke tsoha, ke ne ke khona ho tsamaisa hlooho feela. Ke ne ke holofetse ’me ke sithabetse!

QALONG, ke ne ke halefetse Molimo, ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha a ntloheletse hore ke phele. Ke ne ke bile ke nahana ho ipolaea. Ke ile ka batla matšeliso malumeling a ’maloa, empa ha ho le bo bong bo ileng ba mpha matšeliso a sebele kapa ba khotsofatsa seo ke neng ke se hloka moeeng. Ha e le hantle, a ne a bile a sa khothalletse batho hore ba phele ka lithuto le melao ea Bibele! Ha ’Mè a hlokahala ka 1981, ke ile ka qala ho noa le ho becha. Ke ne ke nahana hore ka lebaka la boemo ba ka, Molimo o tla nkutloela bohloko ’me a ntšoarele ha ke tahiloe. Ke ile ka boela ka qala ho phela bophelo ba boitšoaro bo litšila, ka lula le mosali eo re neng re sa nyalana le eena.

Phetoho e Khōlō Tseleng eo ke Nahanang ka Eona

Ke qalile ho kopana le Lipaki Tsa Jehova ha ke le lilemo li 37. Kaha ’Mè o ne a khotsoe litaba tsa bo-ba re, o ne a atisa ho re ke bolumeli bo fosahetseng ho feta ’ohle. Leha ho le joalo, ke ile ka li amohela lapeng la ka—ka sepheo sa ho li bontša hore li fositse, kaha ke ne ke nahana hore ke tseba Bibele haholo. Empa ke ile ka makala ha ke hlokomela hore ha ke e tsebe hakaalo! Ho feta moo, baeti ba ka ba ile ba ’makatsa ka hore ba arabe lipotso tsohle tsa ka ka Bibele. Ka potlako ke ile ka elelloa hore ke fumane ’nete.

Ka masoabi, mosali eo ke neng ke lula le eena ha aa ka a amohela tumelo ea ka e ncha ’me re ile ra arohana. Ke ile ka tsoela pele ho hloekisa bophelo ba ka ’me ka fetola boikutlo ba ka le tsela eo ke nahanang ka eona e le hore e lumellane le lithuto tsa Bibele. Ka thuso ea Molimo, ke ile ka boela ka khona ho fetola tsela eo ke nahanang le eo ke ikutloang ka eona ka kotsi e ntlhahetseng—hoo lilemong tse 20 tse fetileng, ke khotsofaletseng ho ba moevangeli oa nako e tletseng. Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke khona ho etsa lintho joang empa ke holofetse. Bonneteng ha ke mong. Ke lula le moen’a ka, Ubaldo, ea nang le lefu la Down syndrome. Ubaldo le eena o amohetse linnete tsa Bibele, ’me re sebeletsa Jehova hammoho.

Re thusana haholo. Ha re le tšebeletsong, Ubaldo o nkhanna ka setulo sa likooa ebe oa kokota ha re fihla malapeng, ’me ha ke buisana le beng ba matlo o nthusa ho phetla Bibele le ho ba bontša lingoliloeng tse loketseng. O boetse o nthusa ka lintho tse ling. ’Me ’na ke tlatsetsa ka ho rekisa litlolo e le hore re be le chelete. Ho phaella moo, litho tsa phutheho ea habo rōna ea Lipaki Tsa Jehova li re thusa ho pheha, ho etsa mesebetsi ea lapeng le ho ea ngakeng—’me ’na le Ubaldo re ananela seo haholo!

Ka phuthehong ea Bokreste, ke na le tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo ’me barab’eso ba moea ba ithaopela ho nthusa ho batlisisa lihlooho tsa Bibele. Ke khona ho sehella lintlha tsa bohlokoa lingoliloeng tse ithutoang ka hore ke mome pentšele.

Ha batho ba mpotsa hore na ke thabile, ha ke qeaqee ho re e! Ha ke na lebaka la ho se thabe. Ke fumane morero oa sebele bophelong, ’me ke lebeletse ka thabo ho phethahala ha tšepiso e babatsehang eo Molimo a e tšepisitseng barapeli ba hae ba tšepahalang—e leng ea ho phela ba phethahetse Paradeiseng e tlang lefatšeng.—Esaia 35:5, 6; Luka 23:43.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

José ha a le lilemo li 18, selemo pele a hlaheloa ke kotsi

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le moen’a ka, Ubaldo, rea thusana ha re le tšebeletsong, Mexico

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Paki e ’ngoe e mphetlela Bibele ha ke fana ka puo Holong ea ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Litho tsa phutheho ea habo rōna li re thusa ho pheha le ho etsa mesebetsi ea lapeng