Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E ROBELI

O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”

O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”

1, 2. Hlalosa leeto leo Maria a ileng a le nka le hore na ke hobane’ng ha le ne le le boima?

MARIA o ne a utloile ke ho palama esele. E ne e se joale a e palame. Josefa o ne a tsamaea butle a mo eteletse pele tseleng e eang hōle Bethlehema. Maria o ile a boela a utloa ngoana a sisinyeha ka mpeng ea hae.

2 Maria o ne a se a le haufi le ho ba le ngoana; Bibele e hlalosa sena ka mantsoe a reng o ne a “hōletsoe.” (Luka 2:5) Ha ba ntse ba feta masimo ka ho latellana, mohlomong balemi ba bang ba ne ba ema tlekelele! ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mosali ea seng a hōletsoe hakaalo a le leetong. Ke hobane’ng ha Maria a ile a nka leeto le lelelele hakaale ho tloha ha habo Nazaretha?

3. Maria o ile a fuoa boikarabelo bofe, hona re tla ithuta eng ka eena?

3 Litaba li qalile likhoeli tse itseng pele ho moo, ha mosali enoa e mocha oa Mojuda a fuoa boikarabelo boo ho seng motho ea kileng a bo fuoa. O ne a tla beleha ngoana eo e neng e tla ba Mesia, Mora oa Molimo! (Luka 1:35) Ha nako ea hore a be le ngoana e atamela, ho ile ha hlokahala hore ba nke leeto lena. Leetong lena Maria o ile a tobana le lintho tse ngata tse ileng tsa leka tumelo ea hae. A re ke re boneng hore na o ile a thusoa ke eng hore tumelo ea hae e lule e le matla.

Leeto la ho ea Bethlehema

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba ne ba e-ea Bethlehema? (b) Taelo ea Cesare e ile ea phethahatsa boprofeta bofe?

4 Hase Josefa le Maria feela ba neng ba le leetong. Cesare Augustase o ne a sa tsoa ntša taelo ea hore batho ba ngolisoe ’me ba ne ba lokela ho ea ngolisetsoa metseng eo ba hlahetseng ho eona. Josefa o ile a etsa joang? Bibele e re: “Ka ho hlakileng, Josefa le eena o ile a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a kena Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida.”—Luka 2:1-4.

5 Ha ho makatse hore ebe Cesare o ile a ntša taelo ena ka nako eo. Boprofeta bo ngotsoeng lilemong tse ka bang 700 pele ho moo bo ne bo boletse hore Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema. Ho ne ho e-na le motse o bitsoang Bethlehema lik’hilomithara tse ka bang 11 feela ho tloha Nazaretha. Leha ho le joalo, boprofeta boo bo ne bo boletse ka ho toba hore Mesia o tla tsoalloa “Bethlehema Efratha.” (Bala Mikea 5:2.) E le hore ba fihle motseng ona o monyenyane ho tloha Nazaretha, batsamai ba ne ba lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 130 tseleng e maralla ba feta Samaria. Motse ona ke oona Bethlehema eo Josefa a ileng a lokela ho ea ho eona, moo leloko la habo Morena Davida le neng le le hona teng—e leng leloko la Josefa le Maria.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba leeto le eang Bethlehema le ne le le thata ho Maria? (b) Ho ba mosali oa Josefa ho ile ha susumetsa liqeto tsa Maria joang? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

6 Na Maria o ne a tla tšehetsa qeto ea Josefa ea hore ba nke leeto leo? ’Nete ke hore leeto lena le ne le tla ba boima haholo ho Maria. Ho ka etsahala hore e ne e le mathoasong a hoetla, kahoo ho ne ho ka na lipula tsa melupe ha nako ea komello e ntse e fela. Ho feta moo, Bethlehema e ne e le qhooeng e bophahamo ba limithara tse fetang 760—ho ea teng ho ne ho nyolosetsa ’me e le leeto le boima la matsatsi a ’maloa. Mohlomong le ne le tla nka matsatsi a mangata ho feta moo hobane ho ne ho ka ’na ha hlokahala hore Maria a tsamaee a phomola ka lebaka la boemo ba hae. Nakong eo, ho feta leha e le neng, ho ka etsahala hore mosali e mocha a batle ho ba haufi le hae, haufi le ba lelapa le metsoalle e neng e tla ba malala-a-laotsoe hore e mo thuse ha mahlaba a pelehi a qala. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hlokahala sebete hore a nke leeto lena.

Ho ne ho le boima ho nka leeto le eang Bethlehema

7 Leha ho le joalo, Luka o re Josefa o ile a tloha e le “hore a ngolisoe le Maria.” Hape o re Maria o ne a “nehiloe [Josefa] hore a mo nyale joalokaha ho ne ho tšepisitsoe.” (Luka 2:4, 5) Kaha e ne e se e le mosali oa Josefa, sena se ile sa susumetsa liqeto tsa Maria haholo. O ne a nka monna oa hae e le hlooho ea hae litabeng tsa borapeli ’me a amohetse karolo eo Molimo a mo fileng eona ea ho ba mothusi oa hae ka hore a tšehetse liqeto tsa hae. * Kahoo, ka hore a mamele monna oa hae feela, o ile a hlōla se neng se ka leka tumelo ea hae.

8. (a) Ke eng hape eo e ka ’nang eaba e ile ea susumelletsa Maria hore a ee Bethlehema le Josefa? (b) Ke joang mohlala oa Maria e leng oa bohlokoa ho batho ba tšepahalang?

8 Ke eng hape eo e ka ’nang eaba e ile ea susumelletsa Maria hore a mamele? Na o ne a tseba boprofeta bo bolelang hore Mesia o tla tsoalloa Bethlehema? Bibele ha e bolele. Ho ka etsahala hore ebe o ne a tseba boprofeta bona, kaha bo ne bo tsejoa ke baeta-pele ba bolumeli esita le batho ka kakaretso. (Mat. 2:1-7; Joh. 7:40-42) Maria o ne a tseba Mangolo hantle. (Luka 1:46-55) Leha ho le joalo, ebang Maria o ile a etsa qeto ea ho nka leeto lena hobane a batla ho mamela monna oa hae, ho mamela taelo ea morena kapa boprofeta ba Jehova—kapa ka mabaka a itseng—o ile a beha mohlala o babatsehang. Jehova o thaba haholo ha banna le basali ba bontša boikokobetso ’me ba mamela. Mehleng ea kajeno, eo ho ikokobetsa ho nkeloang fatše, mohlala oa Maria ke oa bohlokoa ho batho ba tšepahalang ba libakeng tsohle.

Kreste oa Tsoaloa

9, 10. (a) E ka ’na eaba Maria le Josefa ba ile ba hopola’ng ha ba ntse ba atamela Bethlehema? (b) Maria le Josefa ba ile ba robala hokae hona hobane’ng?

9 E tlameha ebe ho ile ha re nk’hu! ho Maria ha a bona Bethlehema. Ha ba ntse ba e-hloa mekoalaba, ba feta masimo a mohloaare—ba bona lijalo tsa ho qetela tse emetseng kotulo—ho ka etsahala hore ebe Maria le Josefa ba ile ba hopola litaba tsa motse ona. Joalokaha moprofeta Mikea a ne a boletse, e ne e le motse o monyenyane hoo o neng o sa balelloe har’a metse ea Juda; empa ke moo Boaze, Naomi ’me hamorao le Davida, ba hlahetseng teng lilemo tse fetang tse sekete pejana.

10 Maria le Josefa ba ile ba fumana e se ka motho e le tloo u tl’o bona motseng oo. Ho na le ba neng ba fihlile pele ho bona ho tla ingolisa, kahoo ho ne ho se na sebaka tlung ea baeti. * Ba ile ba lokela ho ea robala setaleng. Re ka inahanela hore Josefa o ile a tšoenyeha hakae ha a bona mosali oa hae a meneka ka lebaka la lehlaba leo ho seng mohla a kileng a le utloa ’me le bile le ipha matla. Har’a libaka tsohle, mahlaba a hae a pelehi a ile a qala mona setaleng, e leng sebaka se seng maemong a matle.

11. (a) Ke hobane’ng ha basali bohle ba ka utloisisa kamoo Maria a neng a ikutloa kateng? (b) Jesu e ne e le “letsibolo” ka litsela life?

11 Basali bohle ba ka utloisisa kamoo Maria a neng a ikutloa kateng. Lilemong tse ka bang 4 000 pele ho moo, Jehova o ile a bolela hore ka lebaka la ho futsa sebe, basali ba ne ba tla utloa bohloko ha ba beleha. (Gen. 3:16) Ha ho na bopaki bo bontšang hore Maria ha aa ka a bo utloa. Luka ha aa ka a bua ka bohloko boo Maria a ileng a bo utloa, empa o ile a re: “A tsoala mora oa hae, letsibolo.” (Luka 2:7) O ile a ba le “letsibolo”—ngoana oa pele baneng ba hae ba bangata, bao e ka ’nang eaba e ne e le ba supileng. (Mar. 6:3) Leha ho le joalo, ngoana enoa e ne e tla ba ea sa tšoaneng le ba bang. E ne e se feela letsibolo la Maria, empa e ne e boetse e le “letsibolo la pōpo eohle” ea Jehova, mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo!—Bakol. 1:15.

12. Maria o ile a beha ngoana hokae, hona litšoantšiso le litšoantšo tse takiloeng li hlalosa karolo ena ea tsoalo ea Jesu ka tsela e fapaneng joang le se ileng sa etsahala e le kannete?

12 Joale Luka o hlahisa ntlha e tsebahalang, o re: “Eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong.” (Luka 2:7) Lefatšeng ka bophara, litšoantšiso le litšoantšo tse takiloeng li hlalosa karolo ena ea tsoalo ea Jesu ka tsela eo e seng eona. Leha ho le joalo, ak’u nahane ka se ileng sa etsahala e le kannete. Sejelo ke moo liphoofolo li fepeloang teng. U hopole hore lelapa lena le ne le robetse setaleng, e leng sebaka se neng se se na moea o hloekileng se bile se le litšila—le kajeno e ntse e le sebaka se joalo. Ka sebele, ha ho na batsoali ba ka khethang hore ngoana oa bona a tsoalloe sebakeng se joalo haeba ho e-na le se seng se molemo. Batsoali ba bangata ba batlela bana ba bona lintho tse molemohali. Ruri, e tlameha ebe Maria le Josefa ba ne ba batla ho fa Mora oa Molimo se molemo le ho feta!

13. (a) Maria le Josefa ba ile ba bontša joang hore ba khotsofalla seo ba neng ba e-na le sona? (b) Kajeno batsoali ba bohlale ba ka etsisa Josefa le Maria joang?

13 Leha ho le joalo, ha baa ka ba ameha ka maemo a bona a sa thabiseng; ba ile ba mpa ba khotsofalla sohle seo ba neng ba e-na le sona. Ka mohlala, ela hloko hore Maria ke eena ea ileng a hlokomela lesea, a le thatela ka masela eaba o le beha ka hloko ka sejelong hore le robale, a etsa bonnete ba hore le futhumetse ebile le sireletsehile. Ho hang Maria ha aa ka a lumella hore ho tšoenyeha ka lebaka la boemo boo a leng ho bona, ho mo sitise hore a hlokomele ngoana oa hae ka hohle kamoo a ka khonang. Hape, eena le Josefa ba ne ba tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ba neng ba lokela ho e etsa, ke hore ba rute ngoana eo ho rata Jehova. (Bala Deuteronoma 6:6-8.) Kajeno batsoali ba bohlale ba etsa se tšoanang ha ba hōlisa bana ba bona lefatšeng lena le sa nkeng ho sebeletsa Molimo e le ntho ea bohlokoa.

Ba Khothatsoa ke Baeti

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha balisa ba ne ba labalabela ho bona ngoana? (b) Balisa ba ile ba etsa’ng ka mor’a hore ba bone ngoana setaleng?

14 Ba sa ntse ba re ba iketlile, ho ile ha fihla batho. Balisa ba ile ba mathela ka setaleng, ba labalabela ho bona lelapa lena, haholo-holo ngoana. Banna bana ba ne ba thabile haholo. Ba ne ba tlohile ka potlako lithabeng moo ba neng ba lula teng le mehlape ea bona. * Ba ile ba bolella batsoali ba Jesu ba neng ba maketse, ka ntho e sa tloaelehang e neng e sa tsoa ba etsahalla. Ha ba le thabeng har’a mp’a bosiu, lengeloi le ile la hlaha ho bona ka tšohanyetso. Khanya ea Jehova ea ba pota-pota, eaba lengeloi le ba bolella hore Kreste kapa Mesia o tsoetsoe Bethlehema. Le ile la re ba tla fumana lesea leo le robetse ka sejelong, le thatetsoe ka masela. Ka mor’a moo ha etsahala ntho e hlollang le ho feta—ha hlaha sehlopha se seholo sa mangeloi a neng a bina a rorisa Molimo!—Luka 2:8-14.

15 Hase feela banna bana ba ikokobelitseng ba ileng ba potlakela Bethlehema! E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba bona lesea leo le robetse moo lengeloi le itseng ba tla le fumana teng. Ba ile ba tsebisa ba bang litaba tseo tse monate. “Ba tsebahatsa polelo eo . . . Bohle ba ileng ba utloa ba hlolloa ke lintho tseo ba li bolelloang ke balisa bao.” (Luka 2:17, 18) Ho bonahala eka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba ne ba khella balisa fatše. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jehova o ne a nka banna bana ba ikokobelitseng le ba tšepahalang, e le ba bohlokoa. Maria eena o ile a ikutloa joang ha balisa baa ba fihla?

Ho hlakile hore Jehova o ne a nka balisa ba ikokobelitseng le ba tšepahalang, e le ba bohlokoa

16. Maria o ile a bontša joang hore o ne a nka lintho ka botebo, hona ke ntho efe ea bohlokoa e ileng ea etsa hore a be le tumelo?

16 Ha ho pelaelo hore Maria o ne a khathalitsoe ke pelehi, leha ho le joalo, o ile a ba mamela ka hloko. Ha a ka a etsa seo feela: “Maria a qala ho boloka lipolelo tsena kaofela, a li nahanisisa ka pelong ea hae.” (Luka 2:19) Ka sebele mosali enoa e mocha o ne a nka lintho ka ho teba. O ne a tseba hore molaetsa oo oa mangeloi ke oa bohlokoa. Molimo oa hae, e leng Jehova, o ne a batla hore a tsebe a be a utloisise hore na mora oa hae ke mang le hore na ke oa bohlokoa hakae. Kahoo, ha aa ka a mamela feela. O ile a boloka mantsoe ao ka pelong ea hae e le hore a ka lula a nahanisisa ka ’ona, ha likhoeli le lilemo li ntse li feta. Ke eona ntho ea bohlokoa e ileng ea thusa Maria ho ba le tumelo e matla bophelo bohle ba hae.—Bala Baheberu. 11:1.

Maria o ile a mamela balisa ka hloko ’me a boloka mantsoe a bona ka pelong ea hae

17. Re ka latela mohlala oa Maria joang tabeng ea ho ithuta linnete tsa bohlokoa?

17 Na u tla latela mohlala oa Maria? Jehova o ngotse linnete tsa bohlokoa ka Lentsoeng la hae. Leha ho le joalo, linnete tseo li ke ke tsa re tsoela molemo o mokaalo haeba re sa li ele hloko. Re li ela hloko ka hore re bale Bibele kamehla—re sa e bale joaloka buka feela empa re e bala joaloka Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Tim. 3:16) Joaloka Maria, re lokela ho boloka linnete tseo ka lipelong tsa rōna ’me re nahanisise ka tsona. Haeba re nahanisisa ka seo re se balang ka Bibeleng, re nahana ka litsela tseo ka tsona re ka sebelisang keletso ea Jehova haholoanyane, re tla matlafatsa tumelo ea rōna ’me e tla hōla.

Lipolelo Tse Eketsehileng Tseo ho Neng ho Hlokahala Hore a li Boloke

18. (a) Maria le Josefa ba ile ba mamela Molao oa Moshe joang ha Jesu a sa tsoa hlaha? (b) Nyehelo eo Josefa le Maria ba ileng ba e etsa tempeleng e ile ea senola eng ka boemo ba bona ba lichelete?

18 Ha ngoana a e-na le matsatsi a robeli a hlahile, Maria le Josefa ba ile ba mo bolotsa joalokaha Molao oa Moshe o ne o laela ’me ba mo reha lebitso la Jesu joalokaha ba ne ba laetsoe. (Luka 1:31) Eare ka letsatsi la bo40 a hlahile, ba mo tlosa Bethlehema ba mo isa tempeleng e Jerusalema, e lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha moo, eaba ba nyehela mahlabelo a ho itlhoekisa ao Molao o neng o laetse hore a ka nyeheloa ke batho ba futsanehileng—e leng maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli. Haeba ba ile ba ikutloa ba le basesaane ha ba hlōleha ho nyehela pheleu le leebana-khoroana joaloka batsoali ba bang, ba ile ba qhelela maikutlo ao ka thōko. Leha ho le joalo, ba ile ba khothatsoa haholo ha ba le moo.—Luka 2:21-24.

19. (a) Simeone o ile a bolella Maria lipolelo life tse eketsehileng tseo a neng a lokela ho li boloka ka pelong? (b) Anna o ile a etsa’ng ha a bona Jesu?

19 Monna ea hōlileng ea bitsoang Simeone o ile a tla ho bona eaba o bolella Maria lipolelo tse eketsehileng tseo a neng a lokela ho li boloka ka pelong. O ne a tšepisitsoe hore o tla bona Mesia pele a shoa ’me moea o halalelang oa Jehova o ne o mo bontšitse hore Jesu e monyenyane ke eena Mopholosi eo ho ileng ha profetoa ka eena. Hape Simeone o ile a lemosa Maria hore o tla utloa bohloko ka letsatsi le leng. A mo bolella hore e tla ka o hlabiloe ka sabole e telele. (Luka 2:25-35) Le hoja mantsoe ana a ne a lemosa Maria ka ntho e bohloko e neng e tla etsahala, a ile a mo thusa hore a mamelle ha nako eo e fihla lilemo tse fetang mashome a mararo hamorao. Ha Simeone a qeta ho bua sena, moprofeta oa mosali ea bitsoang Anna o ile a bona Jesu e monyenyane eaba o bua ka eena ho bohle ba neng ba e-na le tšepo ea hore Jerusalema e tla lopolloa.—Bala Luka 2:36-38.

Maria le Josefa ba ile ba khothatsoa haholo ha ba le tempeleng ea Jehova e Jerusalema

20. Ke joang ho isa Jesu tempeleng e Jerusalema e ileng ea e-ba qeto e molemo?

20 Josefa le Maria ba ne ba entse qeto e molemo hakaakang ha ba tlisa lesea la bona tempeleng ea Jehova e Jerusalema! Ena e ile ea e-ba qalo ea tsela eo mora oa bona a neng a tla e tsamaea bophelo bohle ba hae, e leng ho tšepahalla ho ea tempeleng ea Jehova kamehla. Ha ba le moo, ba ile ba fa Jehova sohle seo ba ka se khonang ’me ba fuoa litaelo le khothatso. Ha ho pelaelo hore Maria o ile a tloha tempeleng moo a matlafetse tumelong, pelo ea hae e tletse lipolelo tseo ho neng ho hlokahala hore a nahanisise ka tsona a be a li bolelle ba bang.

21. Re ka etsa joang ho tiisa hore tumelo ea rōna e-ba matla le ho feta joaloka ea Maria??

21 Ke ntho e ntle kajeno ho bona batsoali ba latela mohlala oo. Ka botšepehi, batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba tla le bana ba bona libokeng tsa Bokreste. Batsoali bana ba etsa sohle seo ba ka se khonang tšebeletsong ea Molimo ’me ba khothatsa balumeli-’moho le bona. Ha ba tloha libokeng tseo, ba tsamaea ba matlafetse, ba thabile ’me ho e-na le lintho tse ngata tseo ba tla li bolella ba bang. Ruri hoa thabisa ho ba hammoho le bona! Le rōna ha re ba libokeng, tumelo ea rōna e tla matlafala le ho feta joaloka ea Maria.

^ ser. 7 Hlokomela phapang e temaneng ena le temana e buang ka leeto leo Maria a ileng a le nka pejana, moo ho thoeng: “Maria a tloha . . . ho ea” etela Elizabetha. (Luka 1:39) Ka nako eo, kaha Maria o ne a lebelelitsoe empa a sa nyaloa, mohlomong o ile a tsamaea a sa kōpa tumello ea Josefa. Ha ba se ba nyalane, le hoja ba ile ba tsamaea ba le babeli, ho boleloa hore ke Josefa ea ileng a nka leeto, eseng Maria.

^ ser. 10 Mehleng eo, ho ne ho tloaelehile hore motseng ho be le ntlo eo baeti kapa batho ba fetelang metseng e meng ba ka phomolang ho eona.

^ ser. 14 Taba ea hore ka nako eo balisa ba ne ba lula naheng le mehlape ea bona e netefatsa se bontšoang ke tatellano ea linako tsa Bibele, ho re: Kreste ha aa ka a tsoaloa ka December nakong ea ha mehlape e ne e tla be e koalletsoe, empa o tsoetsoe neng-neng mathoasong a October.