Etsisa Tumelo ea Bona

Re ka rua molemo joang hona joale ha re ithuta ka banna le basali ba ileng ba bontša tumelo bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng?

Tatellano ea Liketsahalo

Tatellano ea liketsahalo le limmapa li tla u thusa hore u tsebe hore na batho bana ba tšepahalang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba phetse hokae le hore na neng.

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Sehlopha se Busang se khothalletsa batho bohle hore ba rue molemo ka botlalo ka hore ba ipalle buka ena kapa ba e bale le ba malapa a bona.

Selelekela

Bibele e na le lipale tse ngata tse buang ka banna le basali ba tšepahalang. Mohlala oa bona o ka re ruisa molemo joang?

ABELE

“Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”

Re ka ithuta’ng ka Abele le tumelo ea hae le hoja Bibele e sa bue hakaalo ka eena?

NOE

“O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”

Noe le mosali oa hae ba ile ba tobana le mathata afe ha ba ne ba hōlisa bana ba bona? Ba ile ba bontša tumelo joang ha ba ne ba haha areka?

ABRAHAM

‘’Ntate oa Bohle ba Nang le Tumelo’

Abrahama o ile a bontša tumelo joang? U ka rata ho etsisa tumelo ea Abrahama ka litsela life?

RUTHE

“Ke Tla ea Moo U Eang Teng”

Ke hobane’ng ha Ruthe a ne a ikemiselitse ho siea ba lelapa labo le naha ea habo? Ke litšobotsi life tseo a ileng a li bonahatsa tse ileng tsa mo etsa motho oa bohlokoa ho Jehova?

RUTHE

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Ke hobane’ng ha lenyalo la Ruthe le Boaze e ne e le la bohlokoa? Re ka ithuta’ng ho Ruthe le Naomi mabapi le lelapa?

ANNA

O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela

Tumelo ea Anna e ile ea mo thusa hore a mamelle bothata bo neng bo bonahala e ka ha bo na tharollo.

SAMUELE

O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”

Ke’ng e neng e sa tloaeleha ka tsela eo Samuele a hōtseng ka eona? Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a be le tumelo e matla ha a ne a le tabernakeleng?

SAMUELE

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

Kaofela ha rōna re re tobana le mathata le lintho tse re nyahamisang tse lekang tumelo ea rōna. Re ka ithuta’ng tseleng eo Samuele a ileng a mamella ka eona?

ABIGAILE

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

Re ka ithuta eng maemong a boima a lenyalo la Abigaile?

ELIA

O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete

Re ka etsisa Elia joang ha re sebetsana le batho ba hanyetsang seo Bibele e se rutang?

ELIJAH

O Ile a Shebella ’me a Leta

Moprofeta Elia o ile a tšoarella thapelong joang ha a ntse a letetse hore Jehova a phethahatse tšepiso ea hae?

ELIA

O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae

Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore Elia a nyahame haholo, hoo a ileng a lakatsa ho shoa?

JONASE

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

Na u ka utloela Jonase bohloko ha a ile a tšaba ho amohela kabelo? Pale ea hae e re ruta thuto ea bohlokoa ka mamello ea Jehova le mohau oa hae.

JONASE

O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau

Ke joang tlaleho ea Jonase e re thusang hore re itlhahlobe ka botšepehi?

ESTHERE

O Ile a Emela Batho ba Molimo

Ho bontša lerato la boitelo joaloka Esthere ho hloka hore motho a be le tumelo le sebete.

ESTHERE

O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse

Esthere o ile a etsa lintho ka ho hloka boithati bakeng sa Jehova le sechaba sa hae?

MARIA

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

Tsela eo Maria a ileng a arabela ka eona ho lengeloi Gabriele e senola eng ka tumelo ea hae? Ke litšobotsi life tse ling tsa bohlokoa tseo a ileng a li bontša?

MARIA

O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”

Lintho tse ileng tsa etsahalla Maria Bethlehema li ile tsa etsa hore a tšepe litšepiso tsa Jehova le ho feta.

JOSEFA

O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa

Josefa o ile a sireletsa lelapa la hae ka litsela life? Ke hobane’ng ha a ile a isa Maria le Jesu Egepeta?

MARETHA

“Ke Lumetse”

Maretha o ile a bontša tumelo joang esita le nakong eo a neng a utloile bohloko?

PETROSE

O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo

Pelaelo e ka ba chefo e timetsang. Empa Petrose o ile a hlōla tšabo le lipelaelo mabapi le ho latela Jesu.

PETROSE

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

Tumelo ea Petrose le botšepehi ba hae li ile tsa mo thusa joang hore a amohele khalemelo ea Jesu?

PETROSE

O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae

Jesu o ile a ruta Petrose eng mabapi le tšoarelo? Jesu o ile a bontša hore o tšoaretse Petrose?