Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Tlaleho ea Molao

Tlaleho ea Molao

Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste a re: “Lulang le hopotse ba litlamong tsa chankana joalokaha eka le tlamiloe le bona.” (Baheb. 13:3) Re le bahlanka ba Jehova, re lula re hopola bara le barali babo rōna ba tšepahalang ’me re rapella “bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng.”—1 Tim. 2:1, 2; Baef. 6:18.

Linyeoe tse latelang ke tse ling tseo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa sebetsana le tsona selemong se fetileng:

Barab’abo rōna ba Russia ba tsoela pele “ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo” ho sa tsotellehe ’momori oa Kereke ea Orthodox le batho ba bang ba boholong oa ho thibela mosebetsi oa rōna. (Lik. 5:42)  ’Muso oa Russia o tsoela pele ho thibela lingoliloeng tsa rōna le mosebetsi oa barab’abo rōna, o sebelisa molao o sa utloahaleng oo o iketselitseng oona oa ho thibela bokhukhuni. Kahoo, makhotla a Russia a phatlalalitse hore lingoliloeng tsa rōna tse ka bang 70 li na le puo ea “lingangele” ’me ba boholong ’musong ba kentse lingoliloeng tsena lethathamong la naha la lingoliloeng tse thibetsoeng tsa lingangele. Ka lebaka la monahano ona oa hore lingoliloeng tsa rōna li kotsi, ba bang ba boholong ba hlasela Liholo Tsa ’Muso le mahae a barab’abo rōna ka morero oa ho fumana lingoliloeng tsena. Ha Lipaki li le tšimong mapolesa aa li tšoara, a li nke litšoantšo a be a hatise menoana ea tsona. Hangata a leka ho tšosa barab’abo rōna ha ba le setokising.

Ho tloha ka May 2013, bara le barali babo rōna ba 16 ba  motseng oa Taganrog ba ile ba qosoa ka ho hlophisa liboka, ho kopanela ho tsona le ho bolela litaba tse molemo. Haesale Soviet Union e oa, lena ke lekhetlo la pele leo ka lona Lipaki li ileng tsa qosoa ka tlōlo ea molao ha li etsa mesebetsi e amanang le borapeli. Libakeng tse ling tsa Russia ba boholong ba leka ho susumelletsa makhotla hore a phatlalatse hore lingoliloeng tsa rōna ke tsa “lingangele” le hore a qose barab’abo rōna ka hore ke batlōli ba molao ba molato oa lehloeo la bolumeli.

Boemo ba bara le barali babo rōna ba Eritrea ha bo e-s’o fetohe. Ka July 2013, ho ne ho ntse ho e-na le ba 52 ba koaletsoeng teronkong, ho akarelletsa le barab’abo rōna ba robeli ba ka bang lilemo li 70, hammoho le baralib’abo rōna ba tšeletseng. Barab’abo rōna ba bararo, e leng Paulos Eyassu, Isaac Mogos le Negede Teklemariam, ba bile teronkong ho tloha ka la 24 September, 1994, ka lebaka la ho se tšehetse sesole.

Ba ka holimo ho halofo ba koaletsoe teronkong ea Meiter e lehoatateng le ka leboea ho motse-moholo, Asmara. Ho tloha ka October 2011 ho fihlela ka August 2012, ba boholong ba ile ba hlokofatsa barab’abo rōna ba 25 ka ho ba kenya ka mok’huk’hung oa masenke o tsetetsoeng fatše. Nakong ea lehlabula, balebeli ba ne ba ntša batšoaruoa motšehare e le hore ba se ke ba bolaoa ke mocheso oa mok’huk’hu. Kaha ba ne ba fuoa lijo tse nyenyane le metsi a manyenyane, ba ile ba fokolloa ke bophelo. Ka masoabi, Mor’abo rōna ea lilemo li 68 ea bitsoang Yohannes Haile, o ile a hlokahala ka August 2012 ka lebaka la ho tšoaroa hampe, feela joalokaha Mor’abo rōna Misghina Gebretinsae a ile a hlokahala ka 2011.