Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 54

Monna ea Matlahali

Monna ea Matlahali

NA U tseba lebitso la monna ea matlahali ea kileng a phela? Ke moahloli ea bitsoang Samsone. Jehova ke eena ea fang Samsone matla. Esita le pele Samsone a hlaha, Jehova o re ho ’mè oa hae: ‘U tla tloha u ba le mora. O tla etella pele ho pholosa Iseraele ho Bafilista.’

Bafilista ke batho ba babe ba lulang Kanana. Ba na le banna ba bangata ba ntoa, ’me ehlile ba hatella Baiseraele. Ka nako e ’ngoe ha Samsone a ea moo Bafilista ba lulang teng, tau e khōlō e tla ho eena e rora. Empa Samsone o bolaea tau eo ka matsoho feela. Hape o bolaea Bafilista ba babe ba makholo.

Hamorao Samsone o ratana le mosali ea bitsoang Delila. Baeta-pele ba Bafilista ba tšepisa hore e mong le e mong oa bona o tla fa Delila likotoana tsa silevera tse 1 100 ha a ka ba bolella hore na ke eng e etsang hore Samsone a be matla hakana. Delila o batla chelete eo kaofela. Hase motsoalle oa ’nete oa Samsone, kapa oa batho ba Molimo. Kahoo o lula a botsa Samsone hore na ke eng e etsang hore a be matla hakana.

Qetellong, Samsone o bolella Delila lekunutu la matla a hae. O re: ‘Moriri oa ka ha o e-s’o ka o kutoa. Ho tloha mohla ke hlahang, Molimo o ile a nkhetha hore ke be mohlanka oa hae ea khethehileng ea bitsoang Monazari. Ha nka kutoa moriri, matla a ka a tla fela.’

Ha Delila a utloa sena, o robatsa Samsone liropeng ho eena. Joale o bitsa monna e mong hore a kene a mo kute moriri. Ha Samsone a tsoha, ha a sa na matla. Joale Bafilista baa kena ’me baa mo tšoara. Ba mo ntša mahlo ka bobeli ’me ba mo etsa lekhoba la bona.

Ka letsatsi le leng Bafilista ba etsa mokete o moholo oa ho rapela Dagone molimo oa bona, ’me ba ntša Samsone teronkong ho tla mo tšeha. Nakong ena, moriri oa Samsone o se o hōlile hape. Samsone o re ho moshemane ea mo tsamaisang: ‘E-re ke itšoarelletse ka litšiea tse tšehelitseng mohaho.’ Joale Samsone o rapela Jehova hore a mo fe matla, ’me o tšoara litšiea. Oa hoeletsa o re: ‘E-re ke shoe le Bafilista.’ Moketeng oo ho na le Bafilista ba 3 000, ’me ha Samsone a sutumetsa litšiea, mohaho oa heleha ’me o bolaea batho bana ba babe kaofela.