Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 97

Jesu o Tla Joaloka Morena

Jesu o Tla Joaloka Morena

NAKOANA ka mor’a hore Jesu a phekole lifofu tse peli tsa mekōpa-kōpa, o fihla motsaneng o haufi le Jerusalema. O re ho barutuoa ba hae ba babeli: ‘Kenang motseng ’me le tla fumana petsana ea esele. Le e lokolle e be le ntlisetsa eona.’

Ha esele eo e fihla, Jesu oa e palama. O e kalla ho ea Jerusalema e sebakana le moo. Ha a atamela motseng, batho ba bangata ba tla ho tla mo khahlanyetsa. Ba bangata ba bona ba hlobola liaparo tsa bona ’me ba li ala tseleng. Ba bang ba kha makala lifateng tsa palema. Le bona ba a ala tseleng, ’me ba hooa ba re: ‘Molimo a hlohonolofatse morena ea tlang ka lebitso la Jehova!’

Mehleng ea boholo-holo marena a macha a Iseraele a ne a kena Jerusalema a kaletse petsana ea esele ho iponahatsa ho sechaba. Sena ke sona seo Jesu a se etsang. Batho bana ba bontša hore ba batla hore Jesu e be morena oa bona. Empa hase batho bohle ba mo ratang. Re bona sena ka se etsahalang ha Jesu a leba tempeleng.

Ha Jesu a le tempeleng o phekola batho ba foufetseng le ba holofetseng. Ha bana ba banyenyane ba bona seo, ba rorisa Jesu. Empa sena se halefisa baprista, ’me ba re ho Jesu: ‘Na u utloa seo bana baa ba se buang?’

Jesu o re: ‘E, kea utloa. Na le kile la bala ka Bibeleng moo ho thoeng: “Molimo o tla ntša thoriso ho tsoa melomong ea bana ba banyenyane?”’ Kahoo bana ba tsoela pele ho rorisa morena ea khethiloeng ke Molimo.

Akere le rōna re batla ho tšoana le bana bao? Batho ba bang ba ka ’na ba leka ho re thibela ho bua ka ’muso oa Molimo. Empa re tla tsoela pele ho bolella ba bang lintho tse ntle tseo Jesu a tlang ho li etsetsa batho.

E ne e e-s’o be nako ea hore Jesu a qale ho busa e le morena ha a le lefatšeng. Nako eo e tla tla neng? Barutuoa ba Jesu ba batla ho tseba seo. Re tla bala ka seo khaolong e latelang.