Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Bibelkring

Bibelkring

HO ELELLA qetellong ea bo-1930, ho ile ha e-ba le sehlopha se secha sa bolumeli Lake Toba e North Sumatra, se bitsoang Bibelkring (e leng lebitso la Sedache le bolelang “Sehlopha sa Batho ba Ithutang Bibele.”) Sehlopha seo se ile sa thehoa ka mor’a hore matichere a ’maloa a fumane lingoliloeng tsa rōna. Mohlomong a ile a li fumana ho Eric Ewins oa pula-maliboho, ea ileng a bolela litaba tse molemo ha a ne a etetse Lake Toba ka 1936. Matichere ao a ile a susumetsoa ke seo a se balileng hoo a ileng a tlohela Kereke ea Maprostanta ea Batak, ’me a theha lihlotšoana tsa ho ithuta Bibele. Lihlotšoana tseo li ile tsa eketseha ho fihlela li se li e-na le litho tse makholo. *

Dame Simbolon, eo e seng e le Mokreste

Lingoliloeng tseo li ile tsa thusa litho tsa Bibelkring hore li utloisise linnete tse ling tsa Bibele. Dame Simbolon eo e neng e le setho sa Bibelkring, ’me ea e-ba Paki ka 1972 o re: “Re ne re sa hlomphe folakha re bile re sa keteke Keresemese le matsatsi a tsoalo. Ba bang ba rōna ba ne ba ruta batho Bibele ka ntlo le ntlo.” Empa kaha sehlopha seo se ne se sa tataisoe ke mokhatlo oa Molimo, batho ba ile ba qala ho ipehela melao ea bona. Limeria Nadap-Dap, eo le eena e seng e le Paki o re: “Basali ba ne ba sa lumelloe ho itlotsa ka litlōlo, ho roala masale le mekhabiso, ho apara mese ea morao-rao kapa hona ho roala lieta. Litho tsa sona li ne li boetse li sa lumelloa ho ba le libukana tsa boitsebiso, e leng se neng se halefisa ba pusong haholo.”

Bibelkring e ile ea aroha likoto, ’me ea qetella e se e e-na le methoaela feela. Hamorao ha bo-pula-maliboho ba khutlela Lake Toba, batho ba bangata bao e neng e le litho tsa Bibelkring, e ile ea e-ba Lipaki.

^ par. 3 Mehloli e meng e hakanya hore Bibelkring e ne e se e e-na le litho tse likete.