Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Brazil: Valdira o khantšitse kerese ha a ntse a khanneloa thuto ea Bibele ka selefouno

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Linaha Tsa Amerika

Linaha Tsa Amerika
  • PALO EA LINAHA 57

  • PALO EA BAAHI 982 501 976

  • PALO EA BAHOELETSI 4 102 272

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 4 345 532

O Ithutela Hlatheng a Khantšitse Kerese

Banyalani ba bang ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho libakeng tse mahaeng tsa Brazil ba ile ba utloela ka Valdira, e leng ausi e mong ea kileng a ithuta Bibele lilemong tse 13 tse fetileng. Ka mor’a hore bo-pula-maliboho bao ba tsamaee tseleng e lepoqo le ho tšela linōka tse kotsi, ba ile ba qetella ba fumane Valdira, ea neng a labalabela ho ithuta Bibele hape. Kaha o ne a lula hōle haholo, ba ile ba tlameha hore ba etse litokisetso tse khethehileng hore a tsoele pele a ithuta. Le hoja Valdira a ne a e-na le selefouno, o ne a lokela ho ea hlatheng e hōle le lapeng e le hore e utloahale hantle. Ho feta moo, o ne a khona ho ithuta feela ka mor’a hora ea borobong bosiu. Ak’u nahane feela: Ausi ea lutseng hlatheng a le mong bosiu a khantšitse kerese ha a ntse a khanneloa thuto ea Bibele ka selefouno.

Valdira o boetse o mamela liboka tsa Sontaha ka selefouno. O ea hlatheng a nkile Bibele, Molula-Qhooa le buka ea lipina ebe o mamela liboka. Ha pula e na, o nka le sekhele.

Ka March, Valdira o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea sebokeng se khethehileng Holong ea ’Muso, moo ho ileng ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng ea Sepotoketsi. O ile a thaba ha a fumana Bibele eo e ncha. Ha batho ba babatsa Valdira ka boiteko boo a bo etsang e le hore a ithute Bibele, o ile a re: “Ha ho thata hakaalo!”

“Ke ne ke Tseba Hore ka le Leng le Tla Tla”

Mayukpa ke Maindia a Amerika a lulang Colombia. Pele Frank eo e leng pula-maliboho ea khethehileng a ea motseng o mong oa bona, batho ba ile ba mo bolella hore morena oa moo, e leng John Jairo, o ile a tebela batho ba bang ba likereke. Ka letsatsi le leng, ha John a utloa hore moruti e mong o ntse a kōpa batho karolo ea leshome, o ile a mo tšosa ka hore a thunyetse holimo eaba moruti eo oa baleha.

Colombia: Frank, eo e leng pula-maliboho ea khethehileng, o ithuta Bibele le sehlopha sa Myukpa

Frank o re: “Ha re fihla motseng oo, motho oa pele eo re ileng ra bua le eena ke morali e mong oa John Jairo! Ka mor’a hore re mo bontše buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? hang-hang o ile a re, ‘Bona ke bolumeli boo ke batlang ho ba ho bona!’ Eaba oa matha o il’o bolella ntate oa hae ka rōna. Ntate oa hae o ile a re bitsa. Re ile ra ea re tšohile. Le pele re ka bua, o ile a re: ‘Kea tseba hore bolumeli ba lōna ke ba ’nete. Lilemong tse robeli tse fetileng ha ke le Becerril, ke ile ka thola buka e tšoanang le eo le e fileng morali’aka moo ho lahleloang lithōle. Ke ile ka e bala, ’me ho tloha ka nako eo, haesale ke emetse hore le tle mona. Ke ne ke tseba hore ka le leng le tla tla. Ke batla hore le nthute Bibele, le rute ba lelapa la ka hammoho le sechaba sena. Le ka re etela ka nako leha e le efe.’

“Mantsoe ao a ile a etsa hore re seke meokho. Sechaba sohle se ile sa bokana ho tla mamela molaetsa oa rōna ’me John Jairo a fetolela seo re se buang ka puo ea bona. Ha re tsamaea o ile a re alima esele e le hore e nke meroalo ea rōna. Hona joale re khanna lithuto tsa Bibele tse 47 le Mayukpa a 120, ho akarelletsa John Jairo le morali oa hae.”

Monna ea Neng a Hlorisa Lipaki oa Fetoha

José, ea lulang Ecuador e ne e le Mok’hatholike ea chesehang. O re: “Ke ne ke hloile Lipaki Tsa Jehova ka pelo ea ka eohle. Ke ile ka li hlorisa ka lilemo tse leshome. Ke ne ke hlophisa batho hore ba li hlasele, ke li hlekefetsa ke bile ke li qosa ka hore ke masholu. Ha li se li tšoeroe, ke ne ke batla hore e be ’na ea notlelang sele eo li koaletsoeng ho eona. Ka le leng re ile ra senya koloi ea Paki e ’ngoe. Ka lekhetlo le leng ra lihela sethuthuthu sa Paki e ’ngoe ka khohlong.

“Ka 2010, ke ile ka tšoaroa ke swine flu. Ngaka e ile ea re ke tlohe moo ke lulang teng, e leng sebakeng se lithaba sa Andes ke ee moo ho futhumetseng e le hore ke hlaphoheloe. Ke ile ka ea polasing e nyenyane ea mong ka ’na e mong e haufi le leoatle ’me ka qetella ke se ke lula ke le mong moo. Kaha ke ne ke le mong, ke ne ke lakatsa ho bua le motho leha e le ofe. Ke bo-mang ba ileng ba tla polasing? Ke Lipaki Tsa Jehova! Ke ile ka bua le tsona kaha ke ne ke jeoa ke bolutu, ’me ka hlolloa ke tsela eo li rutang Bibele ka eona. Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le tsona hobane ke ne ke batla hore li ’ne li khutle. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke ithuta le Lipaki, ke ile ka ea libokeng ka lekhetlo la pele. Ka khahloa ke tsela e lerato eo li ileng tsa ntšoara ka eona, hoo ke ileng ka re, ‘E tlameha ebe batho bana ke bahlanka ba ’nete ba Molimo!’ Ke ile ka hatela pele ’me ka kolobetsoa ka April 2014.

“Ruri kea ikoahlaea hore ebe ke hlorisitse Lipaki. Empa Jehova o mphile monyetla oa hore ke lokise lintho. Kopanong ea potoloho e ileng ea tšoaroa ka la 4 October, 2014, mor’abo rōna o ile a re ke hlalose tsela eo ke neng ke phela ka eona pele, eaba o re: ‘Haeba u ne u ka fumana monyetla oa ho kōpa tšoarelo ho batho bao u ileng oa ba hlorisa, u ne u ka khetha mang?’ Ke ile ka re nka khetha mor’abo rōna Edmundo le hoja ke sa tsebe hore na ke tla mo fumana hokae. Ke ne ke sa tsebe hore molebeli oa potoloho o tlile le eena. Bamameli ba ile ba lla ha ’na le Edmundo re hakana ’me re lla hammoho moo sethaleng.”

“Ka Kōpo Jehova, Etsa Hore Lipaki li Mphumane”

Paraguay: Mosali ea ileng a botsa baralib’abo rōna hore na ke Lipaki Tsa Jehova

Letsatsi le ne le chesa haholo Asunción, Paraguay, ha baralib’abo rōna ba qeta tšimo eo ba neng ba e abetsoe. Leha ho le joalo, ba ile ba etsa qeto ea ho tsoela pele ba kena matlong a seng makae. Mohoeletsi e mong o ile a re, “Mohlomong ho na le motho ea ntseng a rapela.” Ha ba kena ntlong e ’ngoe, mong’a moo o ile a ba lumelisa a bososela, ’me a ba botsa hore na ke Lipaki Tsa Jehova. Mosali eo o ile a ba bolella hore o ne a lula Bolivia ’me o tlile Paraguay ka mosebetsi le hore ho se ho fetile khoeli a le moo. O ne a ithuta Bibele le Lipaki ha a ntse a le Bolivia. O ile a botsa baahisani ba hae hore na a ka fumana Lipaki hokae, empa ba ne ba sa tsebe, eaba oa rapela o re, “Ka kōpo Jehova, etsa hore Lipaki li mphumane.” Hona letsatsing leo, baralib’abo rōna ba ile ba tla ha hae ’me ba lokisetsa hore ba ithute Bibele le eena.